Feta

BATJHA BA A BOTSA

Nka Robala ka ho Lekaneng Jwang?

Nka Robala ka ho Lekaneng Jwang?

 Haeba o feila mmetse, o kanna wa nahana hore o lokela ho ithuta ona ka ho eketsehileng. Haeba ha o ipabole hakaalo dipapading, o kanna wa nahana hore o lokela ho ikwetlisa ka ho eketsehileng. Ha e le hantle, maemong ana a mabedi ntho eo o hlileng o e hlokang ke ho robala ka ho lekaneng. Ha re bone hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa.

 Ke hobaneng ha o lokela ho robala ka ho lekaneng?

 Ditsebi di re batjha ba bangata ba hloka ho robala dihora tse ka bang robedi ho isa ho tse leshome bosiu. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re robale ka ho lekaneng?

  •   Ho robala ho etsa hore o kgone ho nahana hantle. Boroko bo bitswa “dijo tsa kelello.” Bo ka o thusa hore o sebetse hantle dithutong tsa hao tsa sekolo, dipapading, hape di ka o thusa hore o rarolle mathata.

  •   Boroko bo ka ntlafatsa tsela eo o ikutlwang ka yona. Batho ba sa robaleng ka ho lekaneng hangata ha ba ikutlwe hantle, ba ka ikutlwa ba sa thaba kapa eka ba na le kgatello ya maikutlo, ebile hangata ha ba sebedisane le batho ba bang hantle.

  •   Ho robala hantle ho etsa hore o kganne ka tsela e sireletsehileng. Thuto e nngwe ya United States e bontsha hore bakganni ba dilemong tsa bo 16 ho isa ho 24 ba fumana kotsi ya koloi ka lebaka la hore ba ne ba tshwere ke boroko haholo ha ba bapiswa le bakganni ba dilemong tsa bo 40 ho isa ho 59.

  •   Boroko bo etsa hore motho a phele hantle mmeleng. Ho robala hantle ho thusa di cell tsa hao tsa mmele le methapo ya hao ya madi hore e sebetse hantle le hore e lokisehe ha e senyehile. Ho robala hantle ho ka o thusa hore o se ke wa nona, wa tshwarwa ke lefu la tswekere le setorouku.

Jwalo ka ha founu e lokela ho tlatswa hore e nne e tswele pele e sebetsa, le rona ka ho tshwanang re lokela ho tswela pele ho robala ka ho lekaneng e le hore re nne re tswele pele ho etsa mesebetsi ya rona

 Keng e etsang hore o seke wa robala hantle?

 Ho sa tsotellehe melemo ya ho robala, batjha ba bangata ha ba robale ka ho lekaneng. Ka mohlala, Elaine ya dilemo di 16 o re:

 “Titjhere ya ka e ile ya re botsa ka tlelaseng hore na re robala ka nako mang. Bana ba bangata ba ile ba re ba robala ka 2:00 ya mesong. Ba bang ba ile ba re ba robala ka 5:00 ya hoseng. Ke moithuti ya le mong feela ya ileng a re o robala ka 9:30 ya bosiu.”

 Ke dintho dife tse ka o sitisang ho robala ka nako?

 Boithabiso. Pamela o re: “Ho ba bonolo hore ke kgutle bosiu haholo kapa ke senye nako e ngata haholo ke na le metswalle ya ka, haholoholo haeba re ile boithabisong.”

 Ho ba le boikarabelo bo bongata. Ana o re: “Ke rata ho robala, empa ho ba thata hore ke robale ka nako ka lebaka la dintho tse ngata tseo ke lokelang ho di etsa.”

 Theknoloji. Anisa o re: “Ha ke kgone ho robala ka nako ka lebaka la hore ke tlabe ke shebane le founu. Ho monate ho sebedisa founu ha o le ka dikobong mme seo se etsa hore ho be thata hore ke e behe.”

 O ka etsang hore o kgone ho robala ka ho lekaneng?

  •   Tseba hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho robala. Bibele e re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.” (Moeklesia 4:6) Ho robala ke ntho ya bohlokwa, ha re na boikgethelo. Haeba re sa robale, re ke ke ra thabela botswalle kapa mesebetsi ya rona ya letsatsi le letsatsi!

  •   Ipotse hore na keng e o sitisang ho robala ka ho lekaneng. Ka mohlala, na o qeta nako e ngata o na le metswalle ya hao? Na o na le mosebetsi o mongata wa sekolo kapa oo o lokelang ho o etsa ka tlung? Na founu ya hao e etsa hore o se ke wa robala ka nako, kapa e ya o tsosa ha o robetse?

 Seo o ka nahanang ka sona: Ho tla nka nako ho lokisa bothata bo etsang hore o se ke wa robala ka nako, empa seo se tla o tswela molemo haholo. Liproverbia 21:5 e re: “merero ya ya kgothetseng e tlisa molemo.”

 Ke nnete hore se thusitseng e mong se ke ke sa thusa ba bang. Ka mohlala, batho ba bang ba re ha ba ka robala hanyane motshehare, seo se etsa hore ba robale ka ho lekaneng bosiu. Empa ba bang ba re ho robala motshehare ha ho ba thuse. Tseba hore na ke sefe se ka o sebeletsang. Ditlhahiso tse latelang di ka o thusa:

  •   Iphe nako ya ho phomola. Haeba o ipha nako ya ho imamela pele o robala, seo se tla o thusa hore o robale kapele.

     Maria o re: “Ho molemo hore o qete ho etsa mesebetsi ya ka tlung le dintho tse ding tseo o lokelang ho di etsa e le hore o se ke wa tshwenyeha ka ho di etsa ka nako eo o robalang ka yona.”

  •   Eba mahlahahlaha. Ho e na le hore o laolwe ke maemo, etsa dintho tseo o lokelang ho di etsa ka nako, e le hore o ka kgona ho fumana nako e eketsehileng ya ho robala.

     Vincent o re: “Ke hloka bonyane dihora tse robedi tsa ho robala bosiu bo bong le bo bong. Ka hoo, haeba ho na le letsatsi leo ke lokelang ho tsoha hoseng haholo ka lona, se sheba nako eo ke lokelang ho robala ka yona e le hore nka kgona ho robala dihora tseo tse robedi.”

  •   Etsa hore nako eo o robalang ka yona e dule e tshwana. Mmele wa hao o tla tlwaela nako eo o tsohang ka yona le eo o robalang ka yona, empa haeba feela o o tlwaetsa. Ditsebi di kgothalletsa batho hore ba robale le ho tsoha ka nako e tshwanang letsatsi le leng le le leng. O ka leka sena ka kgwedi, mme o bone hore na o tla ikutlwa jwang ka mora seo.

     Jared o re: “Haeba o robala ka nako e tshwanang letsatsi le leng le le leng, o tla tsoha o hlaphohetswe kelellong. Sena se tla o thusa hore o dule o le mahlahahlaha nthong e nngwe le e nngwe eo o e etsang.”

  •   Eba le tekatekano ha o sebedisa nako ya ho ikgatholla. Bibele e re kgothalletsa hore re be batho ba “itekanetseng mekgweng,” mme seo se akarelletsa ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang ka le ka nako ya rona e ka thoko.​—1 Timothea 3:2, 11.

     Rebecca o re: “Ke ile ka tlameha ho ithuta ho fokotsa nako eo ke e qetang ke ena le metswalle mantsiboya. Haeba ke sa ipehele nako eo ke e qetang ke le boithabisong, seo se ka ama nako ya ka ya ho robala!”

  •   Founu ya hao le yona e lokela ho phomola! Pele o robala, nka bonyane nako e ka etsang hora o sa kene Inthaneteng kapa o sa romelle metswalle ya hao melaetsa. Ha e le hantle, ditsebi di bontsha hore kganya ya founu, ya TV kapa ya thablet e ka etsa hore o se ke wa ba le boroko.

     Julissa o re: “Batho ba lebelletse hore o dule o tshwara founu ha ba bua le wena. Empa e le hore o robale ka ho lekaneng, o lokela ho beha founu hole le wena.”