Feta

Modimo o Qadile ho Bopa Lefatshe le Lehodimo Neng?

Modimo o Qadile ho Bopa Lefatshe le Lehodimo Neng?

Karabo e tswang ka Bibeleng

Bibele ha e bolele ho re na Modimo o qadile ho bopa lehodimo le lefatshe neng kapa ho re na o nkile nako e kae. Seo e se buang feela ke ho re “tshimolohong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.” (Genese 1:1) Bibele ha e bolele hore ‘tshimoloho’ e qadile neng. Le ha ho le jwalo, tatellano ya diketsahalo tseo ho buuwang ka tsona lengolong la Genese e bontsha hore tshimoloho e bile teng pele ho “matsatsi” a tsheletseng ao Modimo a ileng a bopa dintho ka ona.

 Na matsatsi a tsheletseng ao Modimo a neng a bopa dintho ka ona letsatsi ka leng le nkile dihora tse 24?

Tjhe. Ka Bibeleng lentswe “letsatsi” le ka hlalosa dinako tse fapaneng ho itshetlehile ka hore na ho buuwa ka eng. Ka mohlala, ho na le tlaleho e buang ka ho boptjwa ha dintho tsohle ka letsatsi le le leng.​—Genese 2:4.

 Ho etsahetseng matsatsing a tsheletseng ao Modimo a neng a bopa dintho ka ona?

Modimo o ile a etsa lefatshe le neng le se na “sebopeho ebile le se na letho” ho re e be sebaka seo dintho tse phelang di ka dulang ho sona. (Genese 1:2) Yaba o etsa hore ho be le bophelo lefatsheng. Bibele e hlalosa dihlopha tse tsheletseng tsa diketsahalo tse etsahetseng nakong ya matsatsi ao Modimo a neng a bopa dintho ka ona:

  • Letsatsi la pele: Modimo o ile a etsa hore kganya e tliswe lefatsheng mme seo se ile sa etsa hore ho be le motshehare le bosiu.​—Genese 1:3-5.

  • Letsatsi la bobedi: Modimo a etsa sepakapaka kapa a etsa karohano pakeng tsa metsi a lokelang ho ba ka tlasa sepakapaka le metsi a lokelang ho ba ka hodima sepakapaka.​—Genese 1:6-8.

  • Letsatsi la boraro: Modimo o ile a hlahisa naha e omileng le ho etsa dimela.​—Genese 1:9-13.

  • Letsatsi la bone: Modimo o ile a etsa letsatsi , kgwedi le dinaledi hore e be mehlodi ya lesedi sepakapakeng.​—Genese 1:14-19.

  • Letsatsi la bohlano: Modimo o ile a bopa diphohofolo tse fofang le tse phelang metsing.​—Genese 1:20-23.

  • Letsatsi la botshelela: Modimo o ile a bopa batho le diphohofolo tse phelang lefatsheng.​—Genese 1:24-31.

Qetellong ya letsatsi la botshelela Modimo o ile a phomola mosebetsing wa hae kapa a tlohela ho bopa.​—Genese 2:1, 2.

 Na Genese e dumellana le Saense?

Dintho tse ngotsweng ka Bibeleng tse amanang le popo ha di a nkuwa ho borasaense. Ho ena le hoo Bibele e hlalosa popo ka tsela eo babadi esita le ba mehleng ya ha ho ngolwa Bibele ba ka kgonang ho utlwisisa ka moo Jehova a bopileng dintho tse fapaneng ka teng. Tlaleho ya popo ha e hanane le dintlha tsa saense tse netefaditsweng. Setsibi sa tsela eo dinaledi di bopilweng ka yona eleng Robert Jastrow o ile a ngola a re: “Dintlha tsohle di a fapana empa tsela eo dinaledi di bopilweng ka yona le tlaleho ya Bibele e buang ka hore na bophelo bo qadile jwang di na le ntho ya bohlokwa eo di tshwanang ka yona, tatellano ya diketsahalo tse etsahetseng pele motho a e ba teng di bile teng ka potlako.

 Letsatsi, kgwedi le dinaledi di bopilwe neng?

Letsatsi, kgwedi le dinaledi haesale di le teng e le karolo ya “lehodimo” “tshimolohong”.(Genese 1:1) Le ha ho le jwalo, kganya e ne e sa kgone ho fihla lefatsheng hobane ho ne ho le lefifi sepakapakeng. (Genese 1:2) Ka hoo le hoja kganya e ne e ntse e bonahala lefatsheng ka letsatsi la pele ho ne ho sa bonahale hore na e ne etswa hokae. Ka letsatsi la bone sepakapaka se ile sa hlaka. Bibele e re letsatsi, kgwedi le dinaledi di ile tsa qala ho “kganya hodima lefatshe.” Di ne di bonahala hoo motho wa lefatshe a neng a ka kgona ho di bona.​—Genese 1:17.

 Ho ya ka Bibele lefatshe le na le dilemo tse kae le le teng?

Bibele ha e bolele hore na lefatshe le na le nako e kae le le teng. Genese 1:1 e re lehodimo le lefatshe di na le qalo. Taba ena e hanana le seo borasaense ba se dumelang mabapi le hore na lefatshe le na le nako e kae.