Feta

Temana ya Bibele ya Letsatsi

Temana ya Bibele ya Letsatsi

Buka ya Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla e fana ka temana e itseng ya Bibele letsatsi le letsatsi le tlhaloso ya yona. Buka ena e ka o thusa hore o qale letsatsi la hao hantle e be e o kgothatse ka dintlha tse tswang ka Bibeleng.

Le hoja o ka bala temana le tlhaloso ya yona ka nako le ha e le efe, batho ba bangata ba bone ho le molemo ho di hlahloba hoseng. Ka tsela eo, ba dula ba nahanisisa ka seo ba se badileng letshehare lohle. Ho ka ba molemo ha le ka hlahloba temana hammoho le le lelapa.

O ka bala temana ya letsatsi ho Watchtower ONLINE LIBRARY, kapa o ka fumana temana ya letsatsi ya selemo kaofela Inthaneteng e le PDF e tshwanang le e hatisitsweng.