DULANG LE FADIMEHILE!
Na Artificial Intelligence e Molemo Kapa e Kotsi?—Bibele e Reng ka Taba Ee?
Haufinyane tjena baetapele ba lefatshe, borasaense le batho ba ntshetsang pele theknoloji ba buile dintho tse fapaneng ka dintho tseo artificial intelligence (AI) a e kgonang ho di etsa. Ba a dumela hore e na le melemo e itseng, le ha ho le jwalo ba tshwenyehile ka hore batho ba ka nna ba e sebedisa hampe.
“AI ke mofuta o mong wa theknoloji o matla ka ho fetisisa mehleng ena, o nang le bokgoni ba ho ntlafatsa bophelo ba batho. . . . Le ha ho le jwalo, AI e ka etsa hore batho ba ikutlwe ba sa sireletseha, ya hatakela ditokelo tsa mantlha tsa botho yaba ya kenakenana le ditaba tsa batho tsa lekunutu hape e ka etsa hore batho ba thatafallwe ke ho tshepa puso ya setjhaba ka setjhaba.”—Mantswe ana a ile a buuwa ke motlatsi wa mopresidente wa Amerika Kamala Harris ka la 4 May 2023.
Sehloohong se seng se hatisitsweng ka la 9 May 2023 ke BMJ Global Health, b sehlopha sa dingaka tse tswang dinaheng tse fapaneng ha mmoho le ditsebi tsa tsa bophelo tse neng di etellwa pele ke Dr. Frederik Federspiel, di ile tsa re: “Le hoja artificial intelligence (AI) e ka ntlafatsa bophelo ba batho ka ditsela tse ding tse itseng, e ka boetse ya ba lematsa mmeleng le maikutlong ka ditsela tse ding.”
Koranta ya The New York Times ya la 1 May 2023 e ile ya re: “Batho ba se ba ka sebedisa AI ho hasa ditaba tsa leshano. Haufinyane e ka nna ya nkela batho mesebetsi. Batho ba bang ba sebetsang ka theknoloji ba tshoha hore ha nako e ntse e eya, AI e ka nna ya ba kotsi.”
Ha nako e ntse e eya, ho tla bonahala hore na batho ba tla sebedisa AI molemong wa batho kapa ho ba ntsha kotsi. Bibele e reng ka taba ee?
Ke hobaneng ha diketso tsa batho di etsa hore re ikutlwe re sa sireletseha?
Bibele e a bontsha hore na ke hobaneng ha batho ba ke ke ba kgodiseha hore dintlafatso tsa theknoloji di tla sebedisetswa ho etsa dintho tse molemo kapa tjhe.
1. Le hoja batho ba ena le merero e metle ka dintho tseo ba di etsang, ba ka nna ba se ke ba lemoha hore dintho tseo di ka ba le diphello tse mpe.
“Ho na le tsela e bonahalang eka e lokile ho motho empa qetellong e lebisa lefung.”—Diproverbia 14:12.
2. Motho a ke ke a tseba hore na batho ba tla sebedisa dintho tseo a di entseng hantle kapa hampe.
“Ke tlameha ho siela motho e mong [mosebetsi wa ka]. Hape ke mang ya tsebang hore na motho eo o tla ba bohlale kapa e be lewatla? Ho ntse ho le jwalo, o tla laola dintho tsohle tsa ka tseo ke di sebeleditseng ka thata le ka bohlale ba ka hore ke di fumane lefatsheng.”—Moeklesia 2:18, 19.
Mabaka ana a a bontsha hore na ke hobaneng ha re hloka ho tataiswa ke Mmopi wa rona.
Re ka tshepa mang?
Mmopi wa rona o re tshepisa hore a ke ke a dumella batho kapa theknoloji e entsweng ke motho ho fedisa lefatshe kapa batho.
“Lefatshe le dula le le teng ho ya ho ile.”—Moeklesia 1:4.
“Lefatshe e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ya 37:29.
Mmopi wa rona o sebedisa Bibele ho re tataisa e le hore nakong e tlang re ka phela ka kgotso re sireletsehile. Haeba o batla ho ithuta dintlha tse ding tseo Bibele e di buang mabapi le taba ena, bala dihlooho tse reng “Ke Hokae Moo o ka Fumanang Tataiso eo o ka e Tshepang e Tla o Thusa Hore o Phele ha Monate?” le “A Real Hope for a Better Tomorrow (Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Kganyang).”
a “Artificial intelligence,” kapa “AI,” ke mofuta wa theknoloji o laolwang ka khomphiyutha o etseditsweng hore o etsise tsela eo batho ba nahanang le ho etsa dintho ka yona.
b Ho tswa sehloohong se hatisitsweng ke Frederik Federspiel, Ruth Mitchell, Asha Asokan, Carlos Umana le David McCoy se reng: “Threats by Artificial Intelligence to Human Health and Human Existence.”