Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?

O ka Phela ka Tjhelete e Nyenyane Jwang?

 Na o se o phela ka tjhelete e nyenyane ka lebaka la mathata a moruo wa naha? Mafu a sewa, dikoduwa tsa tlhaho, pherekano ya dipolotiki le dintwa, di ka ama moruo wa naha. Le hoja o ka tshwenngwa ke maemo a hao a ditjhelete, ho na le dintho tseo o ka di etsang tse tswang ka Bibeleng tse ka o thusang hore o phele ka tjhelete e nyenyane.

1. Amohela hore maemo a hao a fetohile.

 Molaomotheo wa Bibele: “Ke ithutile . . . ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.”​—Bafilipi 4:12.

 Le hoja o na le tjhelete e nyenyane ho feta ya pele, o ka ithuta ho phela ka tjhelete eo o nang le yona hona jwale. Haeba o amohela maemo a hao a ditjhelete, seo se ka thusa wena le lelapa la hao hore le tlwaele ho phela ka tjhelete eo le nang le yona.

 Kopa thuso ya ditjhelete mmusong kapa mekgatlo e meng, eo o ka nnang wa fumana thuso ho yona. Ingodise ka pele hobane mekgatlo e jwalo e fa batho nako e lekanyeditsweng ya hore ba ingodise.

2. Sebetsang ha mmoho le le lelapa.

 Molaomotheo wa Bibele: “Merero ya senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyellwang.”​—Liproverbia 15:22.

 Buisanang ka boemo ba lona le molekane wa hao le bana ba lona. Puisano e ntle e ka thusa motho e mong le e mong ka lapeng ho utlwisisa le ho tshehetsa diphetoho tseo le hlokang ho di etsa. Ha le sebedisana ha mmoho ho baballa le ho sebedisa dintho tseo le nang le tsona hantle, le tla kgona ho ba le tjhelete e lekaneng bakeng sa dintho tseo le di hlokang.

3. Etsa moralo wa ho sebedisa tjhelete.

 Molaomotheo wa Bibele: ‘Dula fatshe pele mme o bale ditshenyehelo.’​—Luka 14:28.

 Haeba o phela ka tjhelete e nyenyane ke ha bohlokwa hore o tsebe hore na tjhelete ya hao o e sebedisetsa ho etsang. Ngola tjhelete eo o tlo e fumana fatshe. Ka mora moo, ngola ditlhoko tsa hao tsa kgwedi le dintho tseo o ratang ho di reka, le hoja o tseba hore di lokela ho fetoha. Ditlhokong tsa hao tsa kgwedi, leka ho kenyelletsa tjhelete e itseng eo o tla e beha ka thoko bakeng sa diketsahalo tsa tshohanyetso.

 Seo o ka se etsang: Ha o ngola ditlhoko tsa hao o se ke wa lebala ho kenyelletsa le dintho tse nyenyane tseo o ka di rekang. O ka makala ha o hlokomela hore o sebedisa tjhelete e ngata hakae ho dintho tsena tse nyenyane. Ka mohlala, ka mora hore monna e mong a shebe tjhelete eo a e sebedisang o ile a hlokomela hore ka selemo o sebedisa tjhelete e ka etsang di 100 dollars tse mmalwa a reka di tjhepisi.

4. Sheba hore na ke ditlhoko dife tsa bohlokwa haholo mme o etse diphetoho.

 Molaomotheo wa Bibele: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

 Bapisa mokgolo wa hao le ditlhoko tsa hao mme o shebe hore na ke dintho dife tseo o ka sebedisang tjhelete e nyenyane ho tsona le tseo o sa di hlokeng, e le hore o kgone ho phela ka tjhelete eo o nang le yona. Ela hloko dintho tse latelang:

  •   Dipalangwang. Haeba o na le dikoloi tse fetang e le nngwe, na o ka rekisa e nngwe? Haeba koloi ya hao e le ya moraorao na o ka e tjhentjha mme wa reka e sa tlo hloka tjhelete e ngata? Na o ka sebedisa sepalangwang sa setjhaba kapa baesekele mme o seke wa reka koloi?

  •   Boithabiso. Na o ka kwala bonyane ka nako e itseng, dintho tse kang sathalaete kapa di channel tse ding tsa TV? Na o ka sebedisa tse sa batleng tjhelete e ngata? Ka mohlala, o ka kadima dibuka laebraring ya sebakeng sa heno.

  •   Ditshebeletso. Le ka buisana le le lelapa hore na ke jwang le ka sebedisang metsi, motlakase le dintho tse kang peterole kapa kgase hantle. Ho tima mabone le ho boloka metsi ha le itlhatswa, ho ka bonahala e ka ha se dintho tsa bohlokwa, empa ho etsa jwalo ho ka le thusa ho boloka tjhelete.

  •   Dijo. Ho ena le hore o jelle mabenkeleng a rekisang dijo, pheha dijo hae. Hlophisa esale pele ho re na o tla pheha eng mme o phehe dijo tse ngata haeba ho kgoneha, o se ke wa qhala dijo tse setseng. Etsa lethathamo la dintho tseo o ilo di reka e le hore ha o fihla shopong o se ke wa reka dintho tseo o sa di hlokeng. Reka ditholwana le meroho e rekiswang sebakeng sa heno kaha ha di hloke tjhelete e ngata. Qoba ho reka dijo tse se nang phepo e ntle. Mohlomong o ka nahana ka ho lema meroho lapeng la hao.

  •   Diaparo. Reka diaparo tseo o di hlokang, eseng o di reke hobane feela o batla ho kena fesheneng. Reka diaparo tsa hlabula mariha mme o reke tsa mariha ha e le hlabula kapa o reke diaparo tse boemong bo botle tse fumanehang dishopong tse rekisang diaparo tse sebedisitsweng. Aneha diaparo terateng haeba ho kgoneha hobane sena se ka o thusa hore o kgone ho boloka tjhelete ya motjhini o omisang.

  •   Dintho Tseo o Batlang ho di Reka. Pele o reka ntho e itseng, ipotse: ‘Na nka kgona ho e reka? Na kannete ke a e hloka?’ Na o ka ema hanyane ka ho ntlafatsa kapa ho fetola dintho tsa ka tlung, disebediswa tsa elektronike kapa koloi ya hao? Na o ka rekisa dintho tseo o seng o sa di hloke kapa o sa di sebedise? Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o phele bophelo bo bobebe ebile ho tla o ekelletsa tjhelete.

 Seo o ka se etsang: Ha o se o fumana mokgolo o monyenyane, sena se tla o thusa hore o tlohele ho reka dintho tse ka o ntshang kotsi kapa tse turang, tse jwalo ka ho tsuba, ho betjha le ho nwa jwala haholo. Ho etsa diphetoho tsena ho ke ke ha o thusa feela hore o be le tjhelete e ngata empa ho tla boela ho o thuse hore o phele bophelo bo botle.

5. Ithute seo Bibele e se rutang.

 Molaomotheo wa Bibele: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya.”​—Matheu 5:3.

 Bibele e fana ka keletso ena e sebetsang: “Bohlale ke tshireletso jwalo ka ha tjhelete e le tshireletso; empa molemo wa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:​12) Bohlale boo bo fumanwa ka Bibeleng mme bo thusitse batho ba bangata hore ba sebedise seo ba ithutang sona ka Bibeleng e le hore ba se ke ba tshwenyeha haholo ka mathata a bona a ditjhelete.​—Matheu 6:​31, 32.