Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FADIMEHANG! No. 2 2017 | Na Boithabiso bo Nang le Bodemona bo Kotsi?

Dimuvi le mananeo a thelebeshene a bontsha batho ba nang le matla ao e seng a tlhaho jwalo ka baselamose, baloi, le batho ba nwang madi.

O nahana jwang ka taba ee? Na ke ho itlosa bodutu feela ho se nang kotsi, kapa ebe ho na le kotsi e itseng?

Makasine ena ya Fadimehang! e hlalosa mabaka ao ka ona batho ba ratang dintho tse amanang le matla ao e seng a tlhaho le hore a susumetswa keng

 

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na o Rata Boithabiso bo Nang le Bodemona?

Dipoko, baloi, dinwamadi, ho kenwa ke bodemona le dithotsela, tsena ke tse ding tsa dintho tse boithabisong boo batho ba bo thabelang

SEHLOOHO SE KA NTLE

Keng Seo Bibele e se Rutang ka Bodemona?

Le hoja batho ba bangata kajeno ba nka boithabiso bo nang le bodemona e le ho itlosa bodutu fela ho seng kotsi, Bibele yona e na le pono e fapaneng ka sena

NA E ENTSWE?

Tsela e Kgethehileng eo Dinotshi di Dulang Fatshe ka Yona

Keng e ikgethang ka tsela eo di dulang ka yona hore ditsebi di etse diroboto di di qopiditse?

SE KA THUSANG LELAPA

Ha Motswadi a Hlokahala

Ho hlokahallwa ke motswadi ke ntho e bohloko. Bana ba ka thuswa keng hore ba sebetsane ka katleho le tahlehelo e jwalo?

Keng e ka Thusang Ngwana ha a Hlokahalletswe ke Motswadi?

Bibele e thusitse bana ba bararo jwang hore ba sebetsane ka katleho le ho hlokahallwa?

BATHO LE DINAHA

Tseba Haholwanyane ka Spain

Spain ke naha e nang le dibaka le batho ba ditso tse fapaneng. Spain e tsebahala ka ho ba le dijo tse hlabosang ho feta naha le ha ele efe lefatsheng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Sefapano

Batho ba bangata ba nahana hore sefapano ke letshwao la Bokreste. Na Jesu o shwetse sefapanong? Na barutuwa ba Jesu ba ne sa sebedisa sefapano borapeding?

Na o ka Rata ho Ithuta Bibele?

Hlahloba hore na ke dintho di fe tseo o ka ratang ho ithuta tsona ka Bibeleng.