Bophelo ba Lelapa le Metswalle
Ho ba thata ho batho ba bang hore ba be le setswalle se setle le ba lelapa le metswalle. Ela hloko melaomotheo ya Bibele e ka o thusang hore o be le setswalle se setle le ba bang.
NAHANELA BATHO BA BANG
MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le sa hlokomele dithahasello tsa ditaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela dithahasello tsa ba bang.”—Bafilipi 2:4.
SEO E SE BOLELANG: Ho ba le setswalle se setle ho bolela hore o lokela ho etsetsa batho ba bang dintho tse molemo ho e na le ho lebella hore ba o etsetse seo pele. Haeba o sa nahanele batho ba bang, seo se ka senya setswalle sa hao le bona. Ka mohlala, haeba motho a sa nahanele molekane wa hae, a ka qetella a se a sa mo tshepahalle. Ho ekelletsa moo, ha ho na motho ya batlang ho ba motswalle wa motho ya dulang a ithorisa ka dintho tseo a nang le tsona kapa tseo a di tsebang. Buka ya The Road to Character e re, “batho ba inahanang bo bona feela ba na le mathata a mangata.”
SEO O KA SE ETSANG:
-
Thusa batho ba bang. Metswalle e molemo e ya tshepana ebile e dula e ikemiseditse ho thusana. Thuto e nngwe e bontsha hore batho ba ratang ho thusa batho ba bang, ha se hangata ba bang le kgatello ya maikutlo mme seo se etsa hore ba itshepe haholwanyane.
-
Bontsha qenehelo. Ho bontsha qenehelo ho akarelletsa ho utlwa bohloko boo motho e mong a bo utlwang. Haeba o bontsha qenehelo o ke ke wa sebedisa mantswe a phoqang le a ka utlwisang motho e mong bohloko ka boomo.
Haeba o bontsha qenehelo o tla kgona ho mamella batho ba bang. Ka tsela e na, ho ba le qenehelo ho tla o thusa hore o hloke kgethollo mme seo se tla etsa hore o be le metswalle ya ditso tse sa tshwaneng le maemo a fapaneng.
-
Qeta nako le batho ba bang. Hao qeta nako o na le batho ba bang seo se tla o fa monyetla wa
hore o ba tsebe haholwanyane. Haeba o batla ho ba le motswalle wa nnete o lokela ho bua ka dintho tsa bohlokwa ho bona le tseo ba tshwenyehileng ka tsona. Ka hoo o ba mamele ha ba bua. Bontsha hore o tshwenyehile ka mathata a bona. Thuto e nngwe e bontsha hore “puisano e molemo e ka etsa hore batho ba bang ba thabe.”
KGETHA METSWALLE KA HLOKO
MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.
SEO E SE BOLELANG: Batho bao o tlwaelanang le bona ba ka o susumetsa ka tsela e ntle kapa e mpe. Batho ba ithutang tsela eo batho ba etsang dintho ka eona, ba re motswalle wa motho a ka ba le tshusumetso e kgolo bophelong ba hae. Ka mohlala, ba re haeba o tlwaelane le batho ba tsubang kapa ba hlalaneng le balekane ba bona, le wena o tla qetella o tsuba kapa o hlalane le molekane wa hao.
SEO O KA SE ETSANG: Etsa botswalle le batho ba nang le makgabane a matle ao o batlang ho a etsisa. Ka mohlala,o ka tlwaelana le batho ba bohlale, ba fanang, ba hlomphang le ba ratang ho amohela baeti.
MELAOMOTHEO E MENG YA BIBELE
QOBA MANTSWE A HLABANG.
“Ho na le ya buang a sa nahane jwalo ka ha e ka ke ka ho hlaba ha sabole.”—LIPROVERBIA 12:18.
E BA MOTHO YA FANANG.
‘[Motho] ya fanang ka seatla se bulehileng o tla nona.’—LIPROVERBIA 11:25.
ETSA BATHO SEO O BATLANG BA O ETSE SONA.
“Ka hona, dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona ka ho tshwanang le ba etse tsona.”—MATHEU 7:12.