PALE YA BOPHELO
Re ile ra Fumana “Perela e Theko e Phahameng”
WINSTON le Pamela (Pam) Payne ba sebeletsa ofising ya lekala la Australasia. Le hoja ba thabile, ba ile ba hlahelwa ke mathata, a akarelletsang ho ithuta ditso tsa batho ba bang haesita le ho hlokahallwa ke ngwana ya neng a so ka a tswalwa. Empa ho sa tsotellehe mathata ana, ba ntse ba rata Jehova le bahlanka ba hae, hape ba thabela ho bolella ba bang ditaba tse molemo. Hona jwale re tlo buisana le bona e le hore re utlwe ho eketsehileng ka bophelo ba bona.
Winston, re bolelle hore o ithutile ka Modimo jwang.
Ke holetse dipolasing tsa Queensland Australia mme heso re ne re se batho le bodumedi. Ka ha re ne re dula hole le batho ba bang, batho bao ke neng ke ba tlwaetse feela e ne e le lelapa leso. Eitse ha ke le dilemo di 12, ka qala ho batla ho ithuta ka Modimo. Ke ile ka mo rapela, ka mo kopa hore a nthuse ho tseba seo e leng nnete ka yena. Qetellong, ke ile ka tloha dipolasing yaba ke fumana mosebetsi Adelaide South Australia. Ha ke le dilemo di 21, ke ile ka kopana le Pam nakong eo ke neng ke le matsatsing a phomolo Sydney. O ile a mpolella ka bodumedi ba British-Israel, e leng mokgatlo o bolelang hore Mabrithani a tswa melokong ya Iseraele e lahlehileng. Ba re ha e le hantle ba tswa melokong e leshome ya mmuso o ka leboya, e ileng ya iswa botlamuweng ka selemo sa bo 800 pele ho mehla ya Kreste. Ka hoo, eitse ha ke kgutlela Adelaide, ka buisana ka taba ena le mosebetsimmoho le nna ya neng a ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Ha re ntse re qoqa, o ile a mpolella ka seo Dipaki di se dumelang mme ke ile ka hlokomela hore thapelo eo ke ileng ka e etsa ha ke ne ke le ngwana, e arabetswe. Ke ile ka ithuta seo e leng nnete ka Mmopi wa ka le ka Mmuso wa hae. Ka sebele ke ile ka fumana “perela e theko e phahameng.”—Mat. 13:45, 46.
Pam, le wena o ile wa qala ho batlana le perela eo o sa le monyane. Ebe o ile wa e fumana jwang?
Ke holetse toropong ya Coffs Harbour New South Wales mme hae re ne re kena kereke. Ntatemoholo le Nkgono haesita le batswadi ba ka, ba ne ba dumela dithuto tsa mokgatlo wa British-Israel. Nna le banabeso le bo motswala, re hodisitswe re bolellwa hore Modimo o amohela batho bao badimo ba bona e leng Mabrithani. Le ha ho le jwalo, ke ne ke sa ba kgolwe ebile ke ikutlwa ke le hole le Modimo.
Ha ke le dilemo di 14, ke ile ka tjhakela dikereke tse fapaneng tsa moo ke neng ke dula teng, tse akarelletsang Anglican, Baptist le Seventh-day Adventist. Empa ha ke a ka ka fumana seo e leng nnete ka Modimo.Re ile ra falella Sydney mme ke moo ke ileng ka kopana le Winston teng, ha a ne a le matsatsing a phomolo. Jwalo ka ha Winston a se a boletse, o ile a qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova ka mora hore re qoqe ka bodumedi. Ho tloha ka yona nako eo, mangolo ao a neng a nngolla ona a ne a na le ditemana tsa Bibele. Ho bua nnete feela, qalong taba ena e ne e ntshwenya ebile e nkwatisa. Empa hanyane hanyane, ke ile ka hlokomela hore ke fumane nnete ka Modimo.
Ka 1962, ke ile ka lo dula Adelaide e le hore ke be haufinyane le Winston. O ile a lokisetsa hore ke lo dula le banyalani ba bang ba Dipaki, e leng Thomas le Janice Sloman, bao e ileng ya ba baromuwa Papua New Guinea. Ka nako eo, ke ne ke le dilemo di 18 feela mme ba ile ba ba mosa haholo ho nna ka hore ba nrute hore ke tsebe Jehova ka ho eketsehileng. Ka hoo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele, yaba ke a kgodiseha hore ke fumane nnete. Ka mora hore nna le Winston re nyalane, re ile ra kenela tshebeletso ya nako e tletseng, e ileng ya re thusa hore re ananele perela ya bohlokwa eo re e fumaneng, ho sa tsotellehe mathata ao re ileng ra kopana le ona.
Winston, a ko re bolelle ka se ileng sa etsahala ha o ne o qala ho sebeletsa Jehova.
Nakwana ka mora hore nna le Pam re nyalane, Jehova o ile a re fa dikabelo tse kgethehileng tshebeletsong ya hae. (1 Bakor. 16:9) Monyetla wa pele oo re ileng ra ba le ona, ke wa hore re sebeletse Jehova re le bopulamadiboho ba ka mehla. Morabo rona Jack Porter le mosadi wa hae Roslyn, ke bona ba ileng ba re kgothalletsa ho nka bopulamadiboho. Ka nako eo, e ne e le mopotolohi phuthehong ya rona e nyane mme hona jwale re sebetsa mmoho Komiting ya Lekala la Australasia. Nna le Pam re ile ra ba bopulamadiboho ka dilemo tse hlano. Ha ke le dilemo di 29, re ile ra ba bapotolohi dihlekehlekeng tsa South Pacific, e ileng ya ba tlasa lekala la Fiji. Dihlekehleke tseo di ne di akarelletsa American Samoa, Samoa, Kiribati, Nauru, Niue, Tokelau, Tonga, Tuvalu le Vanuatu.
Mehleng eo, batho ba bang ba neng ba dula dihlekehlekeng, ba ne ba belaella Dipaki Tsa Jehova, ka hona re ne re lokela ho ba bohlale ha re ba pakela. (Mat. 10:16) Ka ha diphutheho tsa moo di ne di le nyane, bara le baradibabo rona ba ne ba sa kgone ho re amohela malapeng a bona. Ka hoo, re ile ra kopa bodulo ho batho ba dulang haufi le moo mme ka mehla ba ne ba re amohela.
Ho bonahala o rata mosebetsi wa phetolelo Morabo rona Winston. Ako re bolelle hore o susumelleditswe keng.
Ha re ne re qala ho sebeletsa sehlekehlekeng sa Tonga, bara le baradibabo rona moo, ba ne ba na le dipampitshana le dibukana tse mmalwa ka puo ya Setonga. Ha ba le tshimong, ba ne ba ruta batho Bibele ka buka ya Nnete e Isang Bophelong, e neng e fumaneha ka senyesemane. Ka hoo, ha re le sekolong sa baholo se nkang kgwedi, baholo ba bararo ba ile ba ithaopela ho fetolela buka ena ka Setonga, le hoja ba ne ba sa tsebe senyesemane hantle. Pam o ile a thaepa dipampiri tseo barababo rona ba neng ba di fetoletse, ebe re di romela lekaleng la United States e le hore di hatiswe. Ho re nkile dikgwedi tse pedi ho etsa mosebetsi ona. Le hoja buka ena e ne e sa fetolelwa hantle, e ile ya thusa batho ba bangata ba buang Setonga hore ba ithute nnete. Nna le Pam ha re bafetoledi, empa ketsahalo ena e entse hore re ananele mosebetsi wa phetolelo.
Pam, bophelo ba dihlekehlekeng bo ne le jwang ha bo bapiswa le ba Australia?
Bo ne bo fapane haholo. Ho ne ho itshetlehile ka hore na re hokae. Dibakeng tse ding ho ne ho na le menwang, ho tjhesa, ho le mongobo, ho na le ditweba, re kula mme ka nako tse ding re ne re sena le dijo tse lekaneng. Ka lehlakoreng le leng, ka mehla re ne re kgatholoha ha re tswa tshimong mme re dutse ka tlung ya rona e ruletsweng ka jwang, re shebile lewatle. Ka dinako tse ding, kgwedi e ne e kganya
haholo hoo re neng re kgona ho bona difate tsa palema mme e ne e bonahala e ka e kganya e le ka lewatleng. Dintho tse kang tsena, di ne di re fa nako ya ho rapela le ho nahanisisa, ebile di ne di re thusa ho lebala mathata a rona.Re ile ra rata bana, ka ha ba dula ba thabile ebile ba makalla batho ba basweu jwalo ka rona. Ha re ne re tjhaketse Niue, moshanyana e mong o ile a tshwara diphaka tsa Winston, yaba o re: “Ke rata masiba a hao.” Ho hlakile hore o ne a so ka a bona motho ya nang le bohwete bo bokaalo matsohong mme o ne a sa tsebe le hore na a bo bitseng.
Ho ile ha re utlwisa bohloko ho bona ka moo batho ba futsanehileng ka teng le maemo ao ba neng ba phela tlasa ona. Ke nnete hore bona ba ne ba phela sebakeng se setle, empa ba ne ba sena metsi a hlwekileng ebile ba haellwa ditabeng tsa kalafo. Le ha ho le jwalo, dintho tsena di ne di sa tshwenye bara le baradibabo rona. Ke tsela eo ba neng ba tlwaetse ho phela ka yona. Ba ne ba thabetse feela ha ba na le ba malapa a bona, sebaka seo ba ka rapelang Jehova ho sona le monyetla wa ho mo rorisa. Mohlala wa bona o ile wa re thusa ho tseba hore na keng e lokelang ho tla pele bophelong le ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona.
Pam, o ne o kgona jwang ho fumana metsi le ho lokisa dijo maemong aa?
Ke leboha Ntate wa ka hore ebe o ile a nkwetlisa. O ile a nruta hore ke kgotsofalle dintho tseo ke nang le tsona le hore na nka besa mollo jwang fatshe e le hore ke phehe. Ha re tjhaketse Kiribati, re ne dula ntlong e nyane, e ruletsweng ka jwang, eo mabota a yona a neng a entswe ka mahlaka mme fatshe e le majwe a lewatle. E le hore ke phehe, ke ne ke tjheka mokoti, ebe ke sebedisa makgapetla a khokhonate ho etsa mollo. Ho fumana metsi teng, ke ne ke ya sedibeng le basadi ba motseng. E le hore ba kge metsi ka sedibeng, ba ne ba sebedisa thupa e botelele ba dimithara tse pedi, e nang le ropo qetellong. Ba ne ba faselleditse lekotikoti ropong eo. E mong le e mong o ne a emela nako ya hae ebe o kga metsi. Ba ne ba akgela lekotikoti leo ka sedibeng mme ha ba le hula, le ne le tla le metsi. Ho ne ho bonahala e le ntho e bonolo, ho fihlela e ba nna ya lokelang ho kga metsi. Ke ile ka akgela lekotikoti leo ka sedibeng ka makgetlo a mmalwa, empa le ne le tla le se na metsi. Ka mora hore ba kgaotse ho ntsheha, e mong wa bona o ile a ithaopela ho nthusa. Ba ne ba dula ba le mosa, ebile ba nthusa.
Ho bonahala le thabetse ho sebetsa dihlekehlekeng. Na ho na le dintho tse ikgethang tseo le batlang ho re bolella tsona?
Winston: Ho re nkile nako e itseng hore re ithute tsela eo dintho di etswang ka yona moo. Ka mohlala, hangata bara le baradibabo rona ba ne ba re fa dijo kaofela tseo ba neng ba di phehile. Ka ha re ne re sa tsebe hore re lokela ho ba siela dijo tse ding, re ile ra di ja kaofela. Empa ha re se re ithutile hore re lokela ho ba siela tse ding, re ile ra etsa jwalo. Ho sa tsotellehe diphoso tseo re neng re di etsa, bara le baradibabo rona ba ne ba utlwisisa. Ebile ba ne ba thaba haholo ha ba re bona ka mora dikgwedi tse ka bang 6, ha re tlo potoloha sebakeng sa bona. E ne e le rona feela Dipaki tse sa duleng moo, tseo ba neng ba di tseba.
Ho ya ha rona moo, ho ile ha boela ha fana ka bopaki ho batho ba sebaka seo. Batho ba bangata ba dulang moo, ba ne ba nahana hore bara le baradibabo rona ba iqapetse bodumedi boo ba bona. Jwale ha ba ne ba bona bara le baradibabo rona ba etetswe ke batho ba tswang mose ho mawatle, ba ile ba qala ho kgolwa hore bona ke bodumedi bo hlophisehileng.
Pam: E nngwe ya dintho tse thabisang, ke e ileng ya etsahala ha re le Kiribati. Ho ne ho na le phutheho e neng e na le bara le baradibabo rona ba mmalwa. Morabo rona Itinikai Matera, e ne e le yena feela moholo mme o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho re hlokomela. Ka tsatsi le leng, o ile a tla ho rona a tshwere baskete e tshetseng lehe le le leng. Yaba o re: “Ke la lona.” Ho ne ho sa tlwaeleha mehleng eo hore batho ba o fe mahe. O ile a etsa ntho e nyane, empa e ile ya re ama dipelo.
O ile wa hlokahallwa ke ngwana ya so kang a tswalwa Pam. Ebe o thusitswe keng ho mamella tlasa boemo boo?
Ke ile ka ba mmeleng ka 1973, ha nna le Winston re le South Pacific. Yaba re etsa qeto ya ho kgutlela Australia. Dikgwedi tse nne ha morao, re ile ra hlokahallwa ke ngwana rona ya so kang a tswalwa. Taba ena e ne e utlwisitse Winston bohloko haholo. Bohloko boo ke neng ke bo utlwa, bo ile ba kokobela ha nako e ntse e ya. Empa ke ne ke sa kgone ho lebala ka se etsahetseng, ho fihlela re fumana kgatiso ya Tora ya ho Lebela ya April 15, 2009. Sehlooho sa “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” makasineng oo, se ne se re: “Haeba motho a senyehelwa [a hlokahallwa ke ngwana ya so kang a tswalwa] na ho na le tshepo ya hore lesea leo le ka tsoha?” Sehlooho seo se ile sa re netefalletsa hore taba ena e matsohong a Jehova mme ke yena ya tla etsa qeto ya se tla etsahala ka lesea la rona. Se ile sa boela sa re netefalletsa hore Jehova o tla fedisa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko le hore o tla sebedisa Mora hae “ho qhaqha mesebetsi ya Diabolose [Satane].” (1 Joh. 3:8) Sehlooho seo se ile sa re thusa ho ananela “perela” ya bohlokwa eo bahlanka bohle ba Jehova ba nang le yona. Ruri tshepo eo re nang le yona ka bokamoso, e etsa hore re mamelle le tlasa maemo a thata.
Ka mora ho hlokahallwa ke ngwana, re ile ra kgutlela tshebeletsong ya nako e tletseng. Re ile ra sebeletsa Bethele e Australia ka dikgwedi tse mmalwa, yaba ha morao re ba bapotolohi hape. Ka 1981, ka mora hore re sebeletse mahaeng a New South Wales le Sydney ka dilemo tse nne, re ile ra memelwa ho ya lekaleng la Australia, le neng le bitswa jwalo mehleng eo mme re ntse re le hona teng le kajeno.
Winston, na dintho tse ileng tsa etsahala ha le le dihlekehlekeng tsa South Pacific, di o thusitse ho phetha mosebetsi wa hao jwalo ka setho sa Komiti ya Lekala la Australasia?
E, di nthusitse haholo. Australia e ile ya abelwa ho okamela American Samoa le Samoa. Yaba lekala la New Zealand le kopangwa le la Australia. Hona jwale tshimo ya lekala la Australasia e akarelletsa Australia, American Samoa le Samoa, Cook Islands, New Zealand, Niue, Timor-Leste, Tokelau le Tonga, tseo ke ileng ka ba le monyetla wa ho di etela jwalo ka moemedi wa lekala. Dintho tse ileng tsa etsahala ha ke sebetsa le bara le baradibabo rona dihlekehlekeng, di a nthusa hona jwale ha ke se ke sebeletsa ofising ya lekala.
Ka sebele nna le Pam re bone hore ha se batho ba baholo feela ba ka batlang ho ithuta ka Modimo. Jwalo ka ha re ile ra batla “perela e theko e phahameng” re sa le banyane, batjha le bona ba ka batla “perela” eo le haeba ba lelapa ba sa bontshe thahasello. (2 Mar. 5:2, 3; 2 Likron. 34:1-3) Re kgodisehile hore Jehova ke Modimo ya lerato mme o batla hore kaofela ha rona, e bang re batjha kapa re batho ba hodileng, re fumane bophelo bo sa feleng.
Ha nna le Pam re qala ho batla ho ithuta ka Modimo hoo e ka bang dilemo tse 50 tse fetileng, re ne re sa tsebe hore tabatabelo eo e ne e tla re fihlisa mona. Ntle ho pelaelo, nnete eo Bibele e e rutang e tshwana le perela ya boleng bo ke keng ba lekanngwa. Ka hona, re ikemiseditse ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho tshwara ka tiyo perela ena ya bohlokwa.