Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

4 | Bibele e Fana ka Dikeletso Tse ka re Thusang

4 | Bibele e Fana ka Dikeletso Tse ka re Thusang

BIBELE E RE: “Mangolo ohle . . . a molemo.”​— 2 TIMOTHEA 3:16.

Taba ee e Bolelang?

Bibele ha se buka ya dingaka empa dikeletso tsa yona di ka thusa motho ya nang le kgatello ya maikutlo. Hlokomela dikeletso tse latelang.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Jwang?

“Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.”​—MATHEU 9:12.

Bibele e bontsha hore ka dinako tse ding re hloka ho ya ngakeng. Batho ba bangata ba nang le mafu a kelello ba ile ba thuswa ke ho ithuta ka bolwetse boo ba nang le bona le ka ho ya ngakeng.

“Ho ikwetlisa  . . ho na le molemo.”​—1 TIMOTHEA 4:8.

Ho etsa dintho tse ntlafatsang bophelo ba hao ho ka o thusa ho fokotsa kgatello ya maikutlo. Dintho tsena di akareletsa ho ikwetlisa ka mehla, ho ja hantle le ho robala nako e lekaneng.

“Pelo e thabileng ke moriana empa ha motho a wele moya o fellwa ke matla.”​—DIPROVERBIA 17:22.

Ho bala ditemana tse kgothatsang tsa Bibele le ho ipehela dintho tseo o tla kgona ho di etsa ho tla o thusa hore o dule o thabile. Ho nahana ka dintho tse ntle le ho ba le tshepo ya hore dintho di tla loka ho tla o thusa ho fokotsa kgatello ya maikutlo.

“Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”​—DIPROVERBIA 11:2.

Ka ha o ke ke wa kgona ho iketsetsa ntho e nngwe le e nngwe, amohela thuso ya batho ba bang. Metswalle le ba lelapa ba ka batla ho o thusa, ka hoo ba bolelle hore na ba o thuse ka eng. Ananela thuso ya bona mme o se ke wa lebella hore ba o etsetse dintho tseo ba ke keng ba kgona ho o etsetsa tsona.

Bibele e Fana ka Keletso e ka Thusang Batho ba Nang le Mafu a Kelello

Nicole a ya nang le bolwetse ba kgatello ya maikutlo (bipolar) o re: “Ke ne ke sa ikutlwe hantle yaba ke ya ngakeng. E ile ya mpolella hore na ke tshwerwe keng. Ho tseba hore na ke tshwerwe keng ho nthusitse hore ke utlwisise le ho ithuta ka mekgwa ya phekolo e ka nthusang.”

Peter ya nang le kgatello ya maikutlo o re: “Ke hlokometse hore ho bala Bibele ka mehla le mosadi wa ka ho nthusa hore ke qale letsatsi ke sa nahane ka dintho tse ntetebetsang. Ka matsatsi a mang ha ho le thata, ke kgothatswa ke ditemana tse ding tseo ke ileng ka di bala.”

Ji-yoo ya sa kgoneng ho laola tsela eo a jang ka yona o re: “Ke ne ke thatafallwa ke ho bolella batho ba bang ka bothata bona hobane bo ne bo ntlhabisa dihlong. Ke ile ka bolella motswalle e mong wa ka mme o ile a mmamela ka hloko, a leka ho utlwisisa ka moo ke ikutlwang ka teng. O ile a nthusa hore ke ikutlwe ke le betere mme ke ile ka hlokomela hore o a ntsotella.”

Timothy ya nang le bothata ba ho nahana ka dintho tse etsang hore a tshwenyehe haholo o re: “Bibele e nthusitse hore ke se ke ka sebetsa haholo le hore ke phomole. Dikeletso tsa yona di boetse di nthusitse ho laola tsela eo ke ikutlwang ka yona.”

a Mabitso a mang a fetotswe.