Boprofeta bo Seng bo Phethahetse
Sehloohong se fetileng re buile ka pale ya Croesus ya ileng a kgeloswa ke moprista wa Delphi, e leng se ileng sa fella ka hore a hlolwe ke morena wa Persia. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e na le boprofeta bo babatsehang bo amanang le morena wa Persia bo ileng ba phethahala feela jwalo ka ha bo ne bo boletswe.
Dilemo tse ka bang 200 pele Cyruse a tswalwa, moprofeta wa Moheberu e leng Esaia, o ile a bolela lebitso la morena ya neng a tla hlola motse o moholo wa Babylona, le hore na o ne a tla o hlola jwang.
Esaia 44:24, 27, 28: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, . . . Ya reng ho bodiba, ‘Fetoha mouwane; mme ke tla pshesa dinoka tsohle tsa hao’; Ya reng ka Cyruse, ‘Ke modisa wa ka, mme o tla phetha ka ho feletseng sohle seo ke se thabelang’; esita le ha ke re ka Jerusalema, ‘E tla tsosoloswa,’ le ka tempele, ‘Motheo wa hao o tla ralwa.’”
Ho latela rahistori wa Mogerike ya bitswang Herodotus, masole a Cyruse a ile a kgelosa metsi a Noka ya Eufrate, a neng a phalla ho theosa le motse wa Babylona. Leano lena la Cyruse le ile la nolofalletsa masole a hae hore a kene motseng. Ka mora ho hapa motse, Cyruse o ile a lokolla Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babylona mme a ba dumella ho ya tsosolosa Jerusalema e ileng ya timetswa dilemo tse ka bang 70 pele ho moo.
Esaia 45:1: “Sena ke seo Jehova a se buileng ho motlotsuwa wa hae, ho Cyruse, eo ke tshwereng letsoho la hae le letona, hore ke hlole ditjhaba ka pela hae, e le hore nka tlamolla dinyepa mathekeng a marena; hore ke bule ka pela hae menyako e nang le mamati a mabedi, hoo le diheke di ke keng tsa kwalwa.”
Bapersia ba ile ba kena ka monyako o moholo o mamati a mabedi, oo ka ho se tsotelle o neng o siilwe o butswe. Haeba Bababylona ba ne ba ile ba hlokomela morero wa Cyruse, ba ka be ba ile ba kwala diheke tsohle tse ka lehlakoreng la noka. Empa ka moo ho bonahalang ka teng, motse o ne o sa sireletseha.
Bona ke bo bong ba boprofeta bo hlahang ka Bibeleng bo ileng ba phethahala. * Ho fapana le boprofeta ba batho bo itshetlehileng medimong ya bohata, boprofeta ba Bibele bo tswa ho “Ya bolelang qetello ho tloha tshimolohong, le eo ho tloha kgale a bolelang dintho tse eso etswe.”—Esaia 46:10.
Ke Modimo wa nnete feela, eo lebitso la hae e leng Jehova ya ka buang mantswe ana. Lebitso la hae le bolela hore “O Etsa Hore ho be.” E leng se bontshang bokgoni ba hae ba ho etsa hore dintho di dumellane le thato ya hae. Ka hoo, sena se fana ka bopaki ba hore o tla phethahatsa ditshepiso tsohle tsa hae.
BOPROFETA BO PHETHAHALANG KAJENO
Na o ka rata ho tseba hore na boprofeta ba Bibele bo reng ka mehla ee ya rona? Dilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, Bibele e ile ya bolela e sa le pele hore “Matsatsing a ho qetela” ho tla ba le “dinako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Matsatsi a ho qetela a eng? Eseng a ho fediswa ha batho kapa lefatshe empa a ho fediswa ha dintwa, kgatello le mathata ao e sa le a nyahamisa batho ka dilemo tse dikete. A re ke re tshohleng bo bong ba boprofeta bo tshwayang “matsatsi a ho qetela.”
2 Timothea 3:1-5: “Matsatsing a ho qetela . . . , batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, ba ikgopolang ho tlola, ba ikgohomosang, banyefodi, ba sa mameleng batswadi, ba se nang teboho, ba sa tshepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano le ha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitshwaro, ba bohale bo tshosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho di thata, ba ikgohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho ena le ho rata Modimo, ba nang le ponahalo ya boinehelo ba bomodimo empa ba se na nnete matleng a bona.”
Na ha se tsela eo batho ba leng ka yona kajeno? Na o a hlokomela hore re phela hara batho ba tletseng boithati, ba ratang tjhelete le ba ikgohomosang? Na o hlokometse hore batho ba batla hore ho dule ho etswa se batlwang ke bona, ho e na le ho mamela maikutlo a batho ba bang? E ka nna ya ba o hlokometse hore ho se mamele batswadi ke kobo anela le hore batho ba rata menyaka haholo ho feta ho rata Modimo. Nnete ke hore letsatsi le tjhabang le le dikelang, dintho di ntse di mpefala le ho feta.
Matheu 24:6, 7: “Le tla utlwa ka dintwa le ditlaleho tsa dintwa. . . . setjhaba se tla tsohela setjhaba matla le mmuso o tla tsohela mmuso matla.”
Dipalopalo di bontsha hore ho tloha ka 1914, batho ba dimilione tse ka hodimo ho 100 ba ile ba shwella dintweng, e leng batho ba bangata ka ho fetisisa. Nahana ka masisapelo le mathata ao batho ba ileng ba kopana le ona ha ba lahlehelwa ke metswalle le ba lelapa dintweng tsena. Na e be batho ba ithutile hore ntwa ha e rarolle mathata empa e a baka le ho feta?
Matheu 24:7: “Ho tla ba le dikgaello tsa dijo.”
Lenaneo la Lefatshe la Dijo le re: “Le hoja ho etswa dijo tse ka lekanang batho, ho ntse hona le batho ba bangata ba robalang ka tlala, ha ba bang bona ba tshwarwa ke mafu a bakwang ke ho se fepehe hantle.” Ho bonahala e ka selemo le selemo ho shwa bana ba ka bang dimilione tse tharo ka lebaka la tlala.
Luka 21:11: “Ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe.”
Morao tjena batho ba bangata ba angwa ke ditshisinyeho tse ngata tsa lefatshe. Tse ding tsa ditshisinyeho tsena tsa lefatshe di senya matlo, ebile ho bonahala e ka selemo le selemo ho ba le tshisinyeho e kgolo e hlahang. Ho akangwa hore pakeng tsa 1975 le 2000 ho ile ha shwa batho ba ka bang 471 000 ditshisinyehong tsa lefatshe.
Matheu 24:14: “Ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle; jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.”
Dipaki Tsa Jehova tse ka hodimo ho dimilione tse 8, di bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo dinaheng tse ka bang 240 lefatsheng lohle. Di di bolela ditoropong, metseng, dibakeng tse hole haesita le tse dithabeng. Boprofeta bo re ha Modimo a re ho lekane ka mosebetsi ona, “bofelo bo tla tla.” Seo se tla be se bolelang? Se tla be se bolela hore jwale ho fedile ka mmuso wa batho mme ho tla busa Mmuso wa Modimo. Ke ditshepiso di fe tse tla phethahala tlasa Mmuso wa Modimo? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.
^ par. 8 Sheba sehlooho se reng “Bopaki bo sa Tsejweng bo Netefatsang Boprofeta ba Bibele.”