Sekepe sa Lightbearer se Khantša Leseli la ’Nete ka Boroa-bochabela ho Asia
Lilemong tsa bo-1930, Lipaki Tsa Jehova li ne li e-s’o ka li ruta molaetsa oa Bibele linaheng tsa Indonesia, Malaysia le eo hona joale e seng e bitsoa Papua New Guinea. Ho ne ho tla etsoa’ng hore batho ba libaka tseo ba fumane molaetsa oo? Ofisi ea lekala ea Australia (eo hona joale e seng e le ea Australasia) e ile ea reka sekepe se nang le enjene se bolelele ba limithara tse 16, se nang le lipalo tse peli tse kholo tse tšehelitseng liseile, e le hore se ka sebelisoa ho hasa Lentsoe la Molimo libakeng tsena. Sekepe seo se ile sa rehoa Lightbearer, hobane bo-pula-maliboho * ba neng ba se palama ba ile ba se sebelisa ho isa leseli la Mangolo a Halalelang libakeng tse hole.—Matheu 5:14-16.
Ba Hasa Lentsoe Naheng ea New Guinea
Ka February 1935, sehlopha sa banna ba supileng se ile sa nka leeto le tlohang motseng oa Sydney o lebopong le ka bochabela ho naha ea Australia se leba motseng oa Port Moresby o naheng ea New Guinea. Ha ba le tseleng, ba ile ba tšoasa litlhapi hape ba ema libakeng tse ’maloa hore ba reke mafura bakeng sa sekepe, ba reke lijo tse eketsehileng le hore ba se lokise. Ka la 10 April, 1935 ba ile ba tloha toropong ea Cooktown e Queensland. Ba ile ba sesisa sekepe ba sebelisa enjene nakong eo ba neng ba ea ba lebile mochophorong o fetang sebakeng se kotsi se bitsoang Great Barrier Reef. Enjene ea sekepe e ile ea qala ho etsa lerata le sa tloaelehang hoo e ileng ea tlameha ho tingoa. Na joale ba ne ba tla khutlela morao kapa ba tsoele pele ka leeto la bona la ho ea New Guinea? Ntate Eric Ewins ea neng a li hula nthau ka ho tsamaisa sekepe, o ile a re “ha e le ho khutla teng setsoeng ke ha molapo.” Kahoo sekepe sa ’na sa ea pele ’me ba ile ba tsamaea hantle ho fihlela ba fihla motseng oa Port Moresby ka la 28 April, 1935.
Ha motho e mong ea tehang a ntse a lokisa enjene, bohle ba palameng sekepe ntle le ntate Frank Dewar ba ile ba ruta batho Bibele moo Port Moresby. Ntate Frank, ea ileng a hlalosoa ke mphato oa hae e le “pula-maliboho e sebetsang ka thata,” o ile a re, ‘Ke ile ka nka moqeqekohali oa libuka, ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 32 kapa ho feta ke ntse ke kenella ka har’a motse ke bua le batho.’ Ha a se a khutla o ile a tsamaea ka tsela e ’ngoe ’me a tlameha ho tšela noka e nyenyane e nang le likoena. Empa o ile a ba hlokolosi eaba o khutla a bolokehile. Mosebetsi oo sehlopha sena se ileng sa o etsa oa ho ruta batho Bibele o ile oa ba tsoalla namane. Ba bang ba batho ba ileng ba lumela ho nka lingoliloeng tsa Bibele ka nako eo e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova hamorao.
Ba Hasa Lentsoe Sehlekehlekeng sa Java
Ha enjene e qeta ho lokisoa, sekepe sa Lightbearer se ile sa tloha Port Moresby sa leba sehlekehlekeng sa Java sebakeng se bitsoang Dutch East Indies (eo boholo ba eona e seng e le Indonesia). Ka mor’a hore ba eme libakeng tse seng kae e le ho batla lintho tseo ba li hlokang, ba ile ba fihla motseng oa Batavia (o seng o bitsoa Jakarta) ka la 15 July 1935.
Ka nako eo, Ntate Charles Harris o ile a siea sehlopha sena a lula Java. Ha a le moo o ile a tsoela pele ho ruta batho Bibele ka cheseho eohle. * O ile a re: “Mehleng eo, ntho e kholo eo re neng re e etsa ke ho fa batho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ebe re ea motseng o mong. Ke ne ke nkile lingoliloeng tsa Searabia, Sechaena, Sedache, Senyesemane le Seindonesia. Batho ba ile ba amohela lingoliloeng tsa rona ka liatla tse peli, kahoo ke ile ka fana ka lingoliloeng tse ka bang 17 000 ka selemo.”
Ba boholong sebakeng seo ba ile ba hlokomela kamoo Ntate Charles a chesehang kateng. Ka le leng, ofisiri e ’ngoe e ile ea botsa Paki e ’ngoe e neng e ntse e paka Java hore na ke Lipaki tse kae tse ntseng li hasa lentsoe ka bochabela ho Java moo Ntate Charles a neng a le hona teng. Ntate eo a re: “E ’ngoe feela.” Ofisiri eo ea mo khobola ea re: “U lebeletse hore ke u kholoe? Le tlameha le futuhile ka bongata bo tšosang ho latela hore na ke libuka tse ngata hakae tseo le fanang ka tsona moo!”
Ba Hasa Lentsoe Singapore le Malaysia
Ha sehlopha seo se tloha Indonesia, se ile sa ea Singapore, sa fihla teng ka la 7 August. Hohle moo ba neng ba ema teng, ba ne ba sebelisa lipikara tse kholo tsa sekepe ho bapala lipuo tse rekotiloeng. Hangata mokhoa ona oa ho hasa molaetsa oa Bibele o ne o hapa mahlo a batho ba bangata. Koranta ea Singapore Free Press e ile ea ba ea re: “Batho ba ile ba utloa lentsoe le buelang holimo ho hlaha nģa ea leoatle . . . bosiung ba Laboraro. E ne e le puo e ikhethang . . . e neng e letsitsoe . . . sekepeng sa ‘Lightbearer,’ seo esale se hasa lipuo tsa Watch Tower mona Singapore ho tloha ha se fihla ho tsoa Australia.” Koranta eo e ile ea eketsa ka ho re: “Ha maemo a leholimo a le matle, le batho ba bohole ba lik’hilomithara tse tharo kapa tse ’nè ho tloha leoatleng . . . ba ka khona ho utloa lipuo tsena hantle.”
Ha sekepe sa Lightbearer se le Singapore, ntate Frank Dewar o ile a tsamaea ho ea hasa molaetsa oa Bibele sebakeng se seng. Ha a bua ka tse ileng tsa etsahala mohla a neng a tl’o tsamaea, o re: “Ha re le Singapore, re ile ra qala ho ba pula-maliboho. Ka nako eo re ne re lula ka sekepeng sa rona. Nakong eo sekepe se neng se lokela ho fetela pele, ntate Eric Ewins o ile a bua ntho e ileng ea ’makatsa haholo. O ile a re: ‘Monna Frank, u itse u se u batla ho sebetsa tšimo ea Siam (hona joale e bitsoa Thailand). Ha re tl’o khona ho u felehetsa ho feta mona. Itsamaele ntate!’ Ke ile ka sala ke ahlame ke ho makala ’me ka bua ke ferekane ka re: ‘Feela joale ha ke tsebe hore na ke tsoe le kae ha ke ea Siam!’ ” Ntate Eric a mo joetsa hore o tla fumana terene e mo isang Siam ha a ka ea motseng oa Kuala Lumpur, oo hona joale o seng o bitsoa Malaysia. Ka boikokobetso bohle, ntate Frank a leba motseng oa Kuala Lumpur eaba o fihla Thailand ka mor’a likhoeli tse ’maloa. *
Ha sekepe sa Lightbearer se tloha lebopong le ka bophirimela la Malaysia, se ile sa ema motseng oa Johore Bahru, Muar, Malacca, Port Swettenham (hona joale o bitsoa Port Klang) le Penang. Hohle moo ba neng ba ema teng, ba ne ba sebelisa sepikara se ka sekepeng ho bapala lipuo tse rekotiloeng tsa Bibele. “ ’Mè Jean Deschamp, e leng Paki e neng e sebeletsa Indonesia ka nako eo, o ile a re: “Ho ne ho se na letho leo batho ba neng ba ka nka le thahasellisa ho feta molaetsa o neng o hlaha sekepeng seo.” Ka mor’a ho bapala lipuo tsena sehlopha sena sa baboleli se ne se theoha sekepe ebe se fa batho ba thahasellang lingoliloeng.
Ba Hasa Lentsoe Sumatra
Ha sehlopha sena se tloha Penang, sekepe se ile sa leba Mochophorong oa Malacca teropong ea Medan, Sumatra (hona joale ke karolo ea Indonesia). Ntate Eric Ewins ha a hopola tsa letsatsi leo o re: “Re ile ra ba le nako e monate haholo ha re ntse re lula seterekeng sa Medan. Batho ba bangata ba ile ba thabela molaetsa ’me ba mamela.” Bara ba bo rona ba ile ba fana ka lingoliloeng tse ka bang 3 000 sebakeng seo.
Sekepe sa Lightbearer se ile sa ea ka boroa, ’me ba ile ba hasa molaetsa oa Bibele likoung tse kholo tse ka lehlakoreng le ka bochabela ho Sumatra. Ka November 1936 sekepe se ile sa khutlela Singapore moo sehlopha se ileng sa arohana le ntate Eric Ewins. Ka mor’a libeke tse ’maloa, ntate Eric Ewins o ile a nyala ’mè Irene Struys eo e neng e le Paki Singapore. Ba ile ba tsoela pele e le bo pula-maliboho Sumatra. Ho hlakile hore sekepe sa Lightbearer se ne se se se hloka motsamaisi oa sekepe e mocha.
Ba Hasa Lentsoe Borneo
Motsamaisi oa sekepe e mocha e ne e se e le ntate Norman Senior ea neng a koetliselitsoe ho khanna sekepe. O ile a fihla a tsoa Sydney ka January 1937. Sehlopha sena se ile sa tloha Singapore ka sekepe sa ea Borneo le Celebes (hona joale e bitsoa Sulawesi). Banna bana ba ile ba ruta Bibele libakeng tse ngata haholo, esita le tse bohole ba lik’hilomithara tse 480 ho tloha lebopong.
Ha sekepe sa Lightbearer se fihla boema-kepe Samarinda teropong ea Borneo, ea ikarabellang boema-kepe o ile a hanela sehlopha sena ho bua le batho ba moo ka Bibele. Leha ho le joalo, ha ntate Norman a mo hlalosetsa ka mosebetsi oa rona o ile a utloisisa a ba a nka le lingoliloeng.
Ka lekhetlo le leng, moruti e mong oa sebakeng seo o ile a mema Ntate Norman ho il’o ruta kerekeng ea hae. Ho e-na le hore ntate Norman a fane ka puo, o ile a bapala lipuo tse hlano tsa Bibele tse rekotiloeng ’me moruti eo o ile a li thabela haholo. O ile a ba a nkela metsoalle ea hae lingoliloeng. Leha ho le joalo, e ne e le moruti enoa feela ea thabelang molaetsa oa Bibele. Baruti ba bang ba ne ba sa thabele mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang. Ba ile halefisoa ke bopaki boo ka sebete bara ba bo rona ba neng ba fana ka bona eaba ba susumeletsa ba boholong hore ba thibele sekepe sa Lightbearer ho ema boema-kepe ba libaka tse ling.
Ba Khutlela Australia
Ka December 1937, sekepe sa Lightbearer se ile sa khutlela Australia hobane joale ba boholong ba ile ba lumela hore se thibeloeng ho kena boema-kepe ba libaka tse ling. Bara ba bo rona ba ile ba ema boema-kepe Sydney hore ba tle ba khone ho ba teng kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ka April 1938. E ne e se e le ka mor’a lilemo tse tharo sekepe sa Lightbearer se tlohile Sydney. Sekepe se ile sa rekisoa mathoasong a bo-1940 ka mor’a hore mosebetsi oa Lipaki o thibeloe Australia. Ntate Ewins o ile a re lilemo tseo a li qetileng a sebeletsa sekepeng sa Lightbearer e bile ‘lilemo tse monate ka ho fetisisa tsa bophelo ba hae.’ O eketsa ka ho re sekepe sena “se entse mosebetsi o moholo oa bohlokoa.”
Sekepe sa Lightbearer se re Sietse Lefa le Tšoarellang
Bara ba bo rona ba neng ba tsamaea ka sekepe sa Lightbearer ba jetse peo ea ’Muso libakeng tse ngata tse nang le batho ba bangata. Ho sa tsotellehe likhanyetso tseo ba thulaneng le tsona, mosebetsi oa bona o ile oa beha litholoana hanyane ka hanyane. (Luka 8:11, 15) Libakeng tsena tseo bo-pula-maliboho bana ba pele ba rutileng Bibele ho tsona ho se ho e-na le bahoeletsi ba fatang 40 000. Bara bana ba bo rona ba fokolang ka palo le sekepe sa bona sa Lightbearer seo ba neng ba se sebelisa ho khantša leseli la Bibele ka sebete, ba entse mosebetsi o tsoileng matsoho ’me ke mohlala o motle bakeng sa rona kajeno.