Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lirafshoa li Bile Teng ka Tšohanyetso?

Na Lirafshoa li Bile Teng ka Tšohanyetso?

Na Lirafshoa li Bile Teng ka Tšohanyetso?

THE Encyclopedia of Stars & Atoms ea hlalosa: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e Bokahohleng e entsoe ka liathomo, esita le naleli e hōle ka ho fetisisa.” Liathomo ka bomong li nyenyane haholo hore li ka bonahala, empa ha li pakellane hammoho li etsa serafshoa se tloaelehileng sa k’hemik’hale. Tse ling tsa lirafshoa tsena ke lintho tse tiileng tseo re ka li bonang; tse ling ke khase e sa bonahaleng. Na boteng ba lirafshoa tseo tsohle tsa lik’hemik’hale bo ka hlalosoa e le bo bileng teng ka tšohanyetso?

Serafshoa sa Pele ho ea ho sa bo92

Le hoja hydrogen e le e sa rarahanang ka ho fetisisa liathomong tsohle, e fana ka matla linaleling tse kang letsatsi la rōna ’me ke ea bohlokoa bakeng sa bophelo. Athomo ea hydrogen e na le prothone e le ’ngoe khubung ea eona le elektrone e le ’ngoe e potolohang khubung moo. Lirafshoa tse ling tsa lik’hemik’hale, tse kang k’habone, oksijene, khauta le sekete, li entsoe ka liathomo tse nang le lielektrone tse ngata tse potolohang khubung ea liprothone le li-neutron tse ngata.

Lilemong tse ka bang 450 tse fetileng, ho ne ho tsejoa lirafshoa tsa lik’hemik’hale tse 12 feela. Ha ho ntse ho sibolloa tse eketsehileng, bo-rasaense ba ile ba lemoha hore li na le taolo ea tlhaho. ’Me ha lirafshoa li behoa chateng ka mela le likarolo, bo-rasaense ba ile ba sibolla hore lirafshoa tse karolong e le ’ngoe li na le litšobotsi tse tšoanang. Empa ho ne ho boetse ho e-na le likheo chateng, tse emetseng lirafshoa tse e-song ho tsejoe. Sena se ile sa etsa hore rasaense oa Morussia, Dmitry Mendeleyev a bolele esale pele ka boteng ba serafshoa sa athomo sa bo32, e leng germanium, hammoho le ’mala oa sona, boima, ho teteana ha sona le mocheso oo se qhibilihang ho oona. Chemistry, buka ea saense ea 1995 e hlokomela hore “ho bolela esale pele [ha Mendeleyev] ka lirafshoa tse e-song ho fumanoe—gallium le scandium—le hona ho ile ha fumanoa e le ho nepahetseng haholo.”

Hamorao, bo-rasaense ba ile ba bolela esale pele ka boteng ba lirafshoa tse ling tse sa tsejoeng le ka litšobotsi tse ling tsa tsona. Qetellong, lirafshoa tsohle tse neng li e-s’o fumanoe li ile tsa sibolloa. Ha ho sa na likheo chateng. Tsamaiso ea tlhaho ea lirafshoa e thehiloe palong ea liprothone tse teng khubung tsa liathomo tsa tsona, ho tloha ka serafshoa sa pele, e leng hydrogen, ho fihlela serafshoeng sa ho qetela seo ka tloaelo se hlahang ka tlhaho lefatšeng, sa bo92, e leng uranium. Na see e mpa e le ntho e etsahetseng ka tsietsi?

Nahana hape ka ho fapana ho hoholo ha lirafshoa tsa lik’hemik’hale. Khauta le sekete ke lirafshoa tse nang le ’mala o benyang ka ho hlahelletseng. Se seng se tiile, se seng ke mokelikeli. Leha ho le joalo, lia hlahlamana, se seng ke sa bo79 se seng ke sa bo80. Athomo ea khauta e na le lielektrone tse 79, liprothone tse 79 le li-neutron tse 118. Athomo ea sekete e na le lielektrone tse eketsehileng ka e le ’ngoe feela, liprothone tse eketsehileng ka e le ’ngoe le palo e batlang e lekana ea li-neutron.

Na e mpa e le ho iketsahalletseng feela hore ebe phapang e fokolang tlhophisong ea likaroloana tsa athomo e hlahisa ho se tšoane ho hoholo hakaalo lirafshoeng? Hona ho thoe’ng ka matla a tšoarang likaroloana tsa athomo li le hammoho? The Encyclopedia of Stars & Atoms ea hlalosa: “Ho tloha karoloaneng ea eona e nyenyane ho ea molaleng o moholohali oa linaleli, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e Bokahohleng e latela melao e hlalosoang ke melao ea fisiks.” Nahana hore na ho ne ho tla etsahala eng haeba o mong oa melao eo o ne o ka fetoha. Ka mohlala, ho ne ho tla etsahala eng haeba ho ne ho ka etsoa phetoho matleng a bolokang lielektrone li potoloha khubu ea athomo?

Matla a Fisiks a Hlophisitsoeng Hantle

Nahana ka se neng se tla etsahala ha matla a makenete e nang le motlakase a ne a ka fokotsoa. Bukeng ea hae ea Star Watch, Dr. David Block oa hlokomela: “Lielektrone li ne li ke ke tsa hlola li khomarelana le liathomo.” Seo se ne se tla bolela eng? Oa phaella: “Re ne re tla ba le bokahohle boo ho ke keng ha e-ba le liphetoho tsa lik’hemik’hale ho bona!” Re ananela hakaakang hore ebe ho na le melao e tiisitsoeng e etsang hore ho be le liphetoho tsa lik’hemik’hale! Ka mohlala, liathomo tse peli tsa hydrogen li kopana le athomo e le ’ngoe ea oksijene ho etsa molek’hule ea metsi ao e leng a bohlokoa.

Matla a makenete e nang le motlakase a fokola ka makhetlo a 100 ho feta matla a teng linthong tse khubung ea liathomo. Ho ne ho tla etsahala eng haeba karo-karolelano ee e ne e ka fetoha? Bo-rasaense John Barrow le Frank Tipler baa hlalosa: “Haeba matla a lekanyelitsoeng a nyutlelie le a makenete e nang le motlakase a ne a ka fapana hanyenyane, joale ho ne ho ke ke ha e-ba le liathomo tsa k’habone.” Ntle le k’habone, ho ne ho ke ke ha e-ba le bophelo. Liathomo tsa k’habone li etsa karolo ea 20 lekholong ea boima ba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.

Hape matla a makenete e nang le motlakase ke a bohlokoa ha a bapisoa le matla a khoheli. Makasine ea New Scientist ea hlalosa: “Phetoho e nyenyane ka ho fetisisa e ka bang teng matleng a khoheli le matleng a nang le motlakase e ne e ka fetola linaleli tse kang Letsatsi hore e be li-blue giant [naleli e chesang ho tlōla tekanyo bakeng sa bophelo] kapa li-red dwarf [naleli e nang le mocheso o fokolang ho ka boloka bophelo].”

Matla a mang, matla a fokolang a nyutlelie, a laola lebelo la phetoho ea nyutlelie letsatsing. Setsebi sa fisiks, Freeman Dyson, sea hlalosa: “A fokola ka ho lekaneng ho lumella hydrogen hore e che butle le ka tsela e iketlileng.” Ho ka fanoa ka mehlala e meng e bontšang hore bophelo ba rōna bo itšetlehile melaong e bonolo e tsitsitseng le maemong a fumanoang bokahohleng. Mongoli oa saense, Moprofesa Paul Davies, o ile a bapisa melao ena ea bokahohle, le maemo a bona le sete ea likonopo ’me a re: “Ho bonahala eka likonopo tsena tse sa tšoaneng li lokela ho behoa ka tsela e hlophisehileng haholo hore bokahohleng ho be le bophelo bo molemonyana.”

Nako e telele pele Sir Isaac Newton a sibolla molao oa khoheli, Bibele e ne e se e ntse e buile ka metheo le melao e joalo e tiisitsoeng. Jobo o ile a botsoa: “Na u boletse melao e busang leholimo, kapa hona ho lekanya melao ea tlhaho ea lefatše?” (Jobo 38:33, The New English Bible) Lipotso tse ling tse kokobetsang e bile tsena, “U no u le kae, mohla ke theang lefatše?” le ho re, “Ke mang ea beileng tekanyo ea lona, ha u tseba?”—Jobo 38:4, 5.

[Lebokose le leqepheng la 6]

LIRAFSHOA TSA BOHLOKOA

Lirafshoa tsa lik’hemik’hale tse kang hydrogen, oksijine le k’habone li etsa karolo ea 98 lekholong ea liathomo tse ’meleng oa hao. Joale ho latela nitrogen, e etsang karolo ea 1,4 lekholong. Lirafshoa tse ling li teng ka tekanyo e nyenyane empa leha ho le joalo, ke tsa bohlokoa bakeng sa bophelo.

[Chate/Setšoantšo se Qanollang leqepheng la 6, 7]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ha e le tabeng ea ha ho hatisoa, bo-rasaense ba hlahisitse serafshoa sa bo93 le tse khōlō ho sona ho fihlela serafshoeng sa bo118. Li sa feto-fetohe, lirafshoa tsena li ntse li lumellana hantle le patrone ea tlhophiso ea lipalo linthong tsa tlhaho.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Los Alamos National Laboratory

Lebitso la serafshoa Letšoao Palo ea liathomo

(palo ea li-prothone)

hydrogen H 1

helium He 2

lithium Li 3

beryllium Be 4

boron B 5

carbon C 6

nitrogen N 7

oxygen O 8

fluorine F 9

neon Ne 10

sodium Na 11

magnesium Mg 12

aluminum Al 13

silicon Si 14

phosphorus P 15

sulfur S 16

chlorine Cl 17

argon Ar 18

potassium K 19

calcium Ca 20

scandium Sc 21

titanium Ti 22

vanadium V 23

chromium Cr 24

manganese Mn 25

iron Fe 26

cobalt Co 27

nickel Ni 28

copper Cu 29

zinc Zn 30

gallium Ga 31

germanium Ge 32

arsenic As 33

selenium Se 34

bromine Br 35

krypton Kr 36

rubidium Rb 37

strontium Sr 38

yttrium Y 39

zirconium Zr 40

niobium Nb 41

molybdenum Mo 42

technetium Tc 43

ruthenium Ru 44

rhodium Rh 45

palladium Pd 46

silver Ag 47

cadmium Cd 48

indium In 49

tin Sn 50

antimony Sb 51

tellurium Te 52

iodine I 53

xenon Xe 54

cesium Cs 55

barium Ba 56

lanthanum La 57

cerium Ce 58

praseodymium Pr 59

neodymium Nd 60

promethium Pm 61

samarium Sm 62

europium Eu 63

gadolinium Gd 64

terbium Tb 65

dysprosium Dy 66

holmium Ho 67

erbium Er 68

thulium Tm 69

ytterbium Yb 70

lutetium Lu 71

hafnium Hf 72

tantalum Ta 73

tungsten W 74

rhenium Re 75

osmium Os 76

iridium Ir 77

platinum Pt 78

gold Au 79

mercury Hg 80

thallium Tl 81

lead Pb 82

bismuth Bi 83

polonium Po 84

astatine At 85

radon Rn 86

francium Fr 87

radium Ra 88

actinium Ac 89

thorium Th 90

protactinium Pa 91

uranium U 92

neptunium Np 93

plutonium Pu 94

americium Am 95

curium Cm 96

berkelium Bk 97

californium Cf 98

einsteinium Es 99

fermium Fm 100

mendelevium Md 101

nobelium No 102

lawrencium Lr 103

rutherfordium Rf 104

dubnium Db 105

seaborgium Sg 106

bohrium Bh 107

hassium Hs 108

meitnerium Mt 109

110

111

112

114

116

118

[Setšoantšo]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Na taolo le tumellano tse teng tsa lirafshoa tlhophisong ea lipalo linthong tsa tlhaho e bontša ho iketsahalla ha lintho ka tšohanyetso kapa ho reroa ho bohlale?

Athomo ea “Helium”

Elektrone

Prothone

“Neutron”

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 7]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ke eng se entseng hore mefuta ee e mene ea matla e be e hlophisitsoeng hantle?

MATLA A MAKENETE E NANG LE MOTLAKASE

MATLA A MAHOLO A NYUTLELIE

KHOHELI

MATLA A FOKOLANG A NYUTLELIE

Molek’hule ea metsi

Khubu ea athomo

“Blue giant”

“Red dwarf”

Letsatsi