Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

2. Ha e Pate Letho ’me ea Tšepahala

2. Ha e Pate Letho ’me ea Tšepahala

Mabaka a ho Tšepa Bibele

2. Ha e Pate Letho ’me ea Tšepahala

Botšepehi bo fana ka motheo oa hore ntho e tšeptjoe. U ka ’na ua tšepa motho ea tsebahalang ka hore oa tšepahala, empa haeba a u thetsa esita le hanngoe feela, u ka ’na ua se ke ua hlola u mo tšepa.

BANGOLI ba Bibele ke batho ba tšepahalang ba ngotseng litaba ka botšepehi. Ho se pate ha bona letho ho bontša ka ho hlaka hore seo ba se ngotseng ke ’nete.

Liphoso le mefokolo. Bangoli ba Bibele ba lumetse liphoso tsa bona le mefokolo ea bona ba sa pate letho. Moshe o ile a bua ka phoso eo a ileng a e etsa ’me a kotula litholoana tse babang ke eona. (Numere 20:7-13) Asafe o hlalosa kamoo ka nakoana a ileng a iphumana a khalla bophelo bo mabothobotho ba batho ba khopo kateng. (Pesaleme ea 73:1-14) Jonase o bua ka ho se mamele ha hae le boikutlo bo fosahetseng boo qalong a neng a e-na le bona ha Molimo a ne a bontša baetsalibe ba bakileng mohau. (Jonase 1:1-3; 3:10; 4:1-3) Matheu o bua a sa pate hore o ile a lahla Jesu kherehloa bosiung boo Jesu a tšoeroeng ka bona.—Matheu 26:56.

Bangoli ba Mangolo a Seheberu ba hlalositse ka makhetlo ho korotla ha batho ba habo bona le borabele ba bona. (2 Likronike 36:15, 16) Ha ho motho eo bangoli ba mo sirelelitseng, esita le babusi ba sechaba sa habo bona. (Ezekiele 34:1-10) Mangolo a baapostola le ’ona ha aa pata letho ha a tlaleha mathata a tebileng ao Bakreste ba itseng ba neng ba e-na le ’ona, ho akarelletsa ba ikarabellang, hammoho le liphutheho tse itseng tsa lekholong la pele la lilemo C.E.—1 Bakorinthe 1:10-13; 2 Timothea 2:16-18; 4:10.

’Nete e sa rateheng. Bangoli ba Bibele ha baa ka ba leka ho pupetsa lintlha tse itseng tseo ba bang ba neng ba ka ’na ba nka hore ke ’nete e soabisang. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lumela ba sa tsilatsile hore lefatše le neng le ba potolohile le ne le sa ba rate ’me le ba khella fatše le bile le nka hore ke maoatla le ba eisehang. (1 Bakorinthe 1:26-29) Bangoli ba re baapostola ba Jesu ba ne ba nkoa e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.”—Liketso 4:13.

Bangoli ba Kosepele ha baa ka ba sotha lintlha e le ho hlahisa Jesu hantle. Ho e-na le hoo, ba ile ba tlaleha ka botšepehi hore o hlahetse lelapeng la maemo a tlaase le itšokolang, hore ha aa ea likolong tse tummeng tsa mehleng ea hae le hore batho ba bangata ba ile ba hana molaetsa oa hae.—Matheu 27:25; Luka 2:4-7; Johanne 7:15.

Ho hlakile hore Bibele e fana ka bopaki bo bongata bo bontšang hore e ngotsoe ke batho ba tšepahalang. Na botšepehi ba bona ha bo etse hore u e tšepe?

 [Setšoantšo se leqepheng la 6]

Bangoli ba Bibele, ba kang Jonase, ba tlalehile liphoso tsa bona