’Nete Kapa Khopolo-taba?
’Nete Kapa Khopolo-taba?
Moholo oa Mokreste, e leng Timothea, o ile a laela ba neng ba thahasella ho rapela Molimo oa ’nete hore ba se ke ba mamela “thuto e khelohileng” le “likhopolo-taba.” (1 Timothea 1:3, 4, Byington) Na temoso ee ke ea bohlokoa kajeno? Ke ea bohlokoa hobane likhopolo tse fosahetseng ka Bibele le seo e se rutang li khelosa batho borapeling ba ’nete. Ka tlaase mona ke tse ling tsa likhopolo tse atileng mabapi le Bibele. Hlokomela seo Bibele ka boeona e se bolelang. Sena se ka u thusa hore u khetholle ’nete ho seo e leng khopolo-taba.
◼ Khopolo-taba: Mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng ke lintho tse ke keng tsa etsahala.
’Nete: Batho ba na le ho hongata hoo ba lokelang ho ithuta hona ka pōpo ea Molimo. Ha ho na rasaense ea ka hlalosang ka ho feletseng matla a khoheli, ea ka hlalosang ka nepo metsoako eohle ea athomo, kapa ea ka hlalosang ka ho nepahetseng seo nako e leng sona. “Na u ka fumana lintho tse tebileng tsa Molimo, kapa na u ka fumana pheletso ea Ea Matla ’Ohle?” (Jobo 11:7) Kaha pōpo e phahametse kutloisiso ea rōna, bo-rasaense ba itlhommeng pele ba ea ba ntse ba e-ba hlokolosi ho bolela hore ntho e itseng e ke ke ea etsahala.
◼ Khopolo-taba: Malumeli ’ohle a lebisa ho Molimo.
’Nete: Jesu o itse: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) Haeba malumeli ’ohle a ne a lebisa ho Molimo, na ho ne ho tla hlokahala hore litho tsa ’ona li lokolloe? Ha e le hantle, Jesu o ile a ruta hore ke batho ba seng bakae feela ba leng ‘tseleng e isang bophelong.’—Matheu 7:13, 14.
◼ Khopolo-taba: Batho bohle ba lokileng ba ea leholimong ha ba e-shoa.
’Nete: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata. Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng. Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše.” (Pesaleme ea 37:11, 29, 34) Ke batho ba 144 000 feela ba tšepahalang ba eang leholimong. Kabelo eo Molimo a ba fileng eona ke ea ho “busa e le marena holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 4.
◼ Khopolo-taba: “Testamente ea Khale” ha e sa tsoela Bakreste molemo.
’Nete: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) “Testamente ea Khale,” e leng Mangolo a Seheberu, ke mohloli oa bohlokoa o re rutang ka Molimo le morero oa hae, ’me ke motheo oa tumelo “Testamenteng e Ncha,” e leng Mangolo a Segerike a Bakreste.
◼ Khopolo-taba: Boholo ba litaba tse bukeng ea Genese, ho akarelletsa tlaleho ea Adama le Eva, ke pale ea tšoantšetso.
’Nete: Leloko la Jesu le thathamisitsoeng ho fihlela ho Adama le tlalehiloe ke mongoli oa Kosepele, e leng Luka. (Luka 3:23-38) Haeba tlaleho ea Genese e ne e le pale feela e iqapetsoeng, joale mabitso a sebele a leloko la Jesu a ne a tla fella kae, hona ao ho thoeng a iqapetsoe ’ona a ne a tla qala hokae? Jesu, ea phetseng leholimong pele a tla lefatšeng, o ne a lumela se ngotsoeng ho Genese, ho akarelletsa le tlaleho ea Adama le Eva. (Matheu 19:4-6) Ka hona, ho belaella Genese ke ho belaella Jesu ka boeena, hammoho le bangoli ba bang ba bangata ba Bibele.—1 Likronike 1:1; 1 Bakorinthe 15:22; Juda 14.