Takatso ea ho Rarolla Bothata ba Hore na Sebaka se ka Bochabela Kapa ka Bophirimela
Takatso ea ho Rarolla Bothata ba Hore na Sebaka se ka Bochabela Kapa ka Bophirimela
Ka la 22 October, 1707, likepe tsa lebotho la Brithani la metsing li ile tsa leba English Channel. Empa masole ao a ile a sitoa ho lekanyetsa sebaka seo a leng ho sona. Phello e ile ea e-ba efe? Likepe tse ’nè li ile tsa soahlamana Sehlekehlekeng sa Scilly, se ka har’a tse ling Leoatleng la Atlantic, ka boroa-bophirimela ho Land’s End, Engelane. Ho ile ha shoa banna ba ka bang 2 000.
BASESISI ba mehleng eo ba ne ba nolofalloa ho lekanyetsa sebaka seo ba leng ho sona ho latela hore na ba leboea kapa boroa hakae ho equator. Empa ba ne ba se na tsela e nepahetseng ea ho lekanyetsa hore na sebaka seo ba leng ho sona se ka bochabela kapa ka bophirimela hakae. Qalong ea lekholo la bo18 la lilemo, likepe tse makholo li ne li tsamaea Leoatleng la Atlantic selemo le selemo, ’me boholo ba tsona li soahlamana. Empa ke koluoa e etsahetseng ka 1707 e ileng ea etsa hore Manyesemane a batle ho rarolla bothata ba ho lekanyetsa hore na sebaka se ka bochabela kapa ka bophirimela.
Ka 1714, Paramente ea Brithani e ile ea tšepisa ho fana ka moputso oa liponto tse 20 000 ho motho leha e le ofe, ea tla lekanyetsa ka nepo hore na sebaka se ka bochabela kapa ka bophirimela leoatleng. Kajeno moputso oo o ka lekana le liranta tse libilione tse ’maloa.
Bothata bo Emisang Hlooho
E ne e le qaka ho lekanyetsa hore na sebaka se ka bochabela kapa ka bophirimela hakae kaha ho ne ho hlokahala hore ho bolokoe nako ka hloko. Ka mohlala: Nka hore u lula London. Har’a mpa ea motšehare u letsetsoa ke motho ea lulang karolong e ’ngoe ea lefatše e sebakeng se tšoanang le seo u leng ho sona ho latela hore na equator e hokae, empa nako ea moo a leng teng ke 6:00 hoseng ha letsatsi lona leo. Seo se bolela hore o morao ho uena ka lihora tse tšeletseng. Kaha u tseba jeokrafi, u etsa qeto ea hore o lula Amerika Leboea, moo letsatsi e leng hona le chabang. Joale nka hore u tseba nako e tobileng ea moo a leng teng, eseng feela e akaretsang ea sebakeng seo a leng ho sona, empa ea moo a hlileng a le teng ha e bapisoa le letsatsi. U ka lekanyetsa ka nepo hore na sebaka seo a leng ho sona se ka bochabela kapa ka bophirimela hakae.
Lilemong tse makholo tse fetileng, mosesisi ea karolong leha e le efe ea lefatše o ne a ka khona ho tseba hore ke har’a mpa ea motšehare ka hore feela a shebe letsatsi. Haeba a ne a tseba hantle hore na nako ke mang moo a tsoang teng, o ne a ka khona ho lekanyetsa ka lik’hilomithara tse ka tlaase ho 50 hore na sebaka seo a leng ho sona se ka bochabela kapa ka bophirimela hakae. Ha e le hantle, ho ne ho hlokahala hore a nepe joalo qetellong ea leeto la sekepe le nkileng libeke tse tšeletseng, e le hore a fumane moputso o boletsoeng pejana.
Bothata e ne e le ho tseba hore na ke nako mang moo a tsoang teng. Mosesisi o ne a nka oache ea pendulum, empa e ne e sa sebetse ka sekepeng se ntseng se tsukutloa ke maqhubu ’me lioache tse nang le liseporing le mabili li ne li sa tsoela pele kahoo li sa boloke nako. Lioache tseo li ne li boetse li
angoa ke thempereichara. Empa ho thoe’ng ka oache e khōlō e re pota-potileng—e leng lihloliloeng tsa leholimo, ho akarelletsa khoeli?Mosebetsi oa “Motonanahali”
Litsebi tsa linaleli li ile tsa hlahisa khopolo ea ho lekanyetsa sebaka ho latela hore na khoeli e hokae. Sena se ne se akarelletsa ho etsa lichate tse neng li tla thusa basesisi hore ba etse qeto ea hore na ba ka bochabela kapa ka bophirimela hakae, ho latela hore na khoeli e hokae ha e bapisoa le linaleli tse itseng.
Ka lilemo tse fetang lekholo, litsebi tsa linaleli le tsa lipalo hammoho le basesisi ba ’nile ba kolokochana le bothata bona, empa tsela eo bo neng bo rarahane ka eona e khina tsoelo-pele.
’Metli oa Mapolanka o Leka ho Rarolla Bothata Bona
’Metli oa mapolanka ea bitsoang John Harrison, oa motseng oa Lincolnshire, Barrow Upon Humber, o ile a etsa qeto ea ho rarolla bothata bona. Ka 1713, Harrison ea neng a le ka tlaase ho lilemo tse 20, o ile a etsa oache ea pendulum eo karolo e khōlō ea eona e neng e entsoe ka lehong. Hamorao, o ile a qapa mechine e fokotsang khohlano le ho thusa ho koala sekheo se bang teng ha thempereichara e ntse e fetoha. Ka nako eo, lioache tse neng li tsoetse pele ka ho fetisisa lefatšeng, li ne li lahla nako ka motsotso letsatsi ka leng, empa lioache tsa Harrison tsona li ne li tšoara nako, li lahla nako ka motsotsoana feela ka khoeli. *
Ka mor’a moo, Harrison o ile a tsepamisa mohopolo bothateng ba hore li tšoare nako ha li le leoatleng. Ka mor’a ho qeta lilemo tse ’nè a ntse a nahana ka taba ena, o ile a ea London, ho ea fana ka tlhahiso ea hae botong e sebetsanang le ho rarolla bothata ba hore na sebaka se ka bochabela kapa ka bophirimela. Ha Harrison a le moo o ile a kopana le moetsi oa lioache ea itlhommeng pele ea bitsoang George Graham, eo ka seatla se bulehileng a ileng a mo alima chelete ntle ho phaello e le hore a etse oache. Ka 1735, Harrison o ile a bontša litho tse thabileng tsa Royal Society, e leng mokhatlo oa bo-rasaense ba tummeng ba Brithani, oache ea pele e sebelisoang leoatleng e tšoarang nako. Oache eo e ne e le boima ba lik’hilograma tse 34 ’me e entsoe ka brase e benyang.
Harrison o ile a isoa Lisbon ka sekepe le oache ea hae ho bona hore na e sebetsa joang—ha aa ka a isoa West Indies, moo ho neng ho hlokahala hore a ee teng e le hore a fumane moputso—’me oache eo e ile ea sebetsa ka tsela e khahlisang. A ka be a ile a kōpa hona hoo hore a tšele Leoatle la Atlantic e le hore a bontše hore oache ea hae e lokela ho hapa moputso. Ha e le hantle, sebokeng sa pele le boto, Harrison ke eena feela motho ea neng a nyatsa oache eo! Kaha o ne a batla ho etsa lintho ka tsela e phethahetseng, o ile a nahana hore a ka ntlafatsa oache eo. Kahoo o ile a ikōpela chelete e seng kae feela le nako e eketsehileng ea ho etsa oache e tsoetseng pele ho feta eo.
Lilemo tse tšeletseng hamorao, Harrison o ile a qeta oache ea hae ea bobeli, e boima ba lik’hilograma tse 39 ’me ho ntlafalitsoe lintho tse ’maloa ho eona, eo litho tsa Royal Society li ileng tsa e amohela ka ho feletseng. Empa Harrison, eo joale a neng
a le lilemo li 48, o ne a ntse a sa khotsofala. O ile a khutlela mosebetsing, ’me a qeta lilemo tse 19 a sebetsa ka thata ho etsa oache ea boraro e neng e fapane hōle le eo.Ha a ntse a etsa oache ea hae ea boraro e khōlō, Harrison o ile a sibolla ntho e ’ngoe a ne a sa lebella. Moetsi e mong oa lioache o ne a entse oache e fellang ka pokothong a latetse moralo oa Harrison. Ho ne ho nahanoa hore lioache tse khōlō li tšoara nako ho feta tse fellang ka pokothong. Empa Harrison o ile a makatsoa ke hore oache eo e ne e tšoara nako hantle. Kahoo qetellong ka 1761, ha ho hlophisoa hore a tšele Leoatle la Atlantic e le ho bona hore na oache ea hae e sebetsa joang, ha aa ka a beha tšepo ea hae oacheng ea boraro, empa o ile a e beha ho ea bone e neng e le boima ba k’hilograma, a latetse moralo oa oache e fellang ka pokothong. Ho thoe Harrison o ile a re: “Ke leboha Molimo ea Matla ’Ohle ho tsoa botebong ba pelo hore ebe ke phetse nako ena e telele hore ke be ke e qete.”
Kahlolo e Leeme
Leha ho le joalo, ka nako eo litsebi tsa linaleli li ne li le haufi le ho rarolla bothata ba ho lekanyetsa sebaka hore na se ka bochabela kapa ka bophirimela. Ho phaella moo, motho eo joale a neng a okametse baahloli ba filoeng boikarabelo ba ho fana ka moputso oa chelete e ne e le setsebi sa linaleli se bitsoang Nevil Maskelyne. Oache ea Harrison e ile ea sebelisoa leetong la matsatsi a 81 la ho tšela Leoatle la Atlantic e le ho bona hore na e sebetsa joang. Oache eo e ile ea sebetsa joang? E ile ea lahla nako ka metsotsoana e mehlano feela! Leha ho le joalo, baahloli ba ile ba lieha ho fa Harrison moputso, kaha ba ne ba re ho na le melao e itseng eo a e tlōtseng le hore oache eo e mpa e tšoere nako ka lehlohonolo. Ka lebaka leo, o ile a fuoa karolo e itseng feela ea moputso. Khabareng, ka 1766, Maskelyne o ile a hatisa lichate tse bontšang libaka tseo ho lebeletsoeng hore khoeli e be ho tsona, ho thusa basesisi hore ba nke metsotso e 30 feela ho lekanyetsa moo ba leng teng. Harrison o ne a tšoenyehile ka hore Maskelyne o tla inkela moputso.
Joale ka 1772, mofuputsi oa Lebrithani, e leng Motsamaisi James Cook o ile a kenella tabeng ena. Leetong la hae la bobeli le tummeng la sekepe, Cook o ile a sebelisa oache e tšoanang le ea Harrison, ’me hamorao a tlaleha hore e feta hōle seo a neng a se lebeletse. Ka nako eo, Harrison ea neng a se a le lilemo li 79, o ile a halefisoa ke boto e sebetsanang le ho rarolla bothata ba hore na sebaka se ka bochabela kapa ka bophirimela hoo a ileng a ipiletsa ho morena oa Engelane. Ka lebaka leo, Harrison o ile a fuoa chelete e saletseng ea moputso ka 1773, le hoja ho sa ka ha phatlalatsoa ka molao hore ke eena mohlōli. John Harrison o ile a hlokahala lilemo tse tharo ka mor’a moo, letsatsing leo a neng a qeta lilemo tse 83 ka lona.
Ka mor’a lilemo tse seng kae, batho ba ne ba ka reka oache e tšoarang nako hantle ea likepeng ka liponto tse 65. Ka sebele, bothata bo ne bo rarolohile, ka lebaka la bohlale le boitelo ba ’metli oa mapolanka.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 13 Harrison a thusoa ke moena’e, o ile a qeta masiu a mangata a lekanyetsa hore na oache ea hae e tšoara nako hakae ka hore a tšoaee hore na e sebetsa joang ha linaleli tse itseng li nyamela moo a leng teng ka mor’a chomela ea moahelani oa bona.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
U ka sebelisa nako ho lekanyetsa hore na u ka bochabela kapa ka bophirimela
6:00 HOSENG 12 MOTŠEHARE
AMERIKA LEBOEA BRITHANI
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Moetsi oa lioache, John Harrison
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
SSPL/Getty Images
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Oache ea pele ea Harrison, e boima ba lik’hilograma tse 34
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
National Maritime Museum, Greenwich, London, Ministry of Defence Art Collection
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Oache ea bone ea Harrison, e boima ba k’hilograma (bona hase boholo ba eona)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
SSPL/Getty Images
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 20]
Ship in distress: © Tate, London/Art Resource, NY; compass: © 1996 Visual Language