PUISANO | RACQUEL HALL
Mosali oa Mojuda o Hlalosa Lebaka le Entseng Hore a Boele a Hlahlobe Tumelo ea Hae
’Mè oa Racquel Hall e ne e le Moiseraele ea tumelong ea Sejuda, ’me ntate oa hae e le Moaustria ea sokolohetseng Bojudeng. Batsoali ba ’Mè oa hae e ne e le Masione a ileng a fallela Iseraele ka 1948, e leng selemo seo ka sona Naha eo e ileng ea qala ho ipusa. Tsoha! e ile ea botsa Racquel hore na ke’ng se entseng hore a boele a hlahlobe tumelo ea hae ea Sejuda.
Re bolelle tsela eo u hōlisitsoeng ka eona.
Ke hlahetse United States ka 1979. Ha ke le lilemo li tharo batsoali ba ka ba ile ba hlalana. ’Mè o nkhōlisitse ka meetlo ea Sejuda a ba a nkisa yeshivas e leng likolo tsa Sejuda. Ha ke le lilemo li supileng, re ile ra lula Iseraele selemo se le seng, ’me ke ile ka kena sekolo komponeng e ’ngoe hona moo Iseraele. Hamorao ’na le ’Mè re ile ra lula Mexico.
Le hoja ho ne ho se na synagoge sebakeng seo, ke ile ka tsoela pele ka litloaelo tsa Sejuda. Ke ne ke tloaetse ho khantša likerese ka Sabatha, ke bala Torah, ’me ke rapela ke sebelisa buka ea lithapelo. Ha ke le sekolong, ke ne ke atisa ho bolella bana bao ke kenang sekolo le bona hore bolumeli ba ka ke bona ba pele. Ke ne ke e-s’o ka ke bala Testamente e Ncha, e leng karolo ea Bibele e buang haholo ka lithuto le tšebeletso ea Jesu Kreste. Ha e le hantle, ’Mè o ile a ntemosa hore ke se ke ka e bala, hobane o ne a tšaba hore lithuto tsa eona li tla nkhelosa.
Ke hobane’ng ha u ile ua etsa qeto ea ho bala Testamente e Ncha?
Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka khutlela United States ho ea phethela lithuto tsa ka. Ha ke le moo, motho e mong eo ke mo tloaetseng ea neng a re ke Mokreste, o ile a mpolella hore bophelo ba ka bo ke ke ba e-ba le morero ntle le hore ke tsebe Jesu.
Ke ile ka mo araba ka ho re, “Batho ba lumelang ho Jesu ba lahlehile.”
O ile a mpotsa, “Na u se u kile ua bala Testamente e Ncha?”
Ke ile ka re, “Che.”
O ile a re, “Haeba ho joalo, na u nahana hore ke bohlale ho etsa qeto ka ntho eo u sa tsebeng letho ka eona?”
Mantsoe a hae a ile a ’nahanisa ka thata hobane ke ne ke lula ke nahana hore motho o etsa booatla ha a etsa qeto ka lintho tseo a sa li tsebeng. Ke soabile, ke ile ka ea le Bibele ea hae lapeng ’me ka qala ho bala Testamente e Ncha.
U ile ua angoa joang ke seo u neng u se bala?
Ke ile ka makala ha ke hlokomela hore Testamente e Ncha e ngotsoe ke Bajuda. Ha ke ntse ke bala haholoanyane, ke ile ka bona kamoo Jesu e neng e le Mojuda ea mosa le ea ikokobelitseng, ea neng a batla ho thusa batho eseng ho ba qhekella. Ke ile ka ba ka ea laebrari ’me ka alima libuka tse buang ka eena. Leha ho le joalo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea nkholisa hore e ne e le Mesia. Tse ling tsa tsona li ne li re ke Molimo—e leng ntho e neng e sa utloahale ho ’na. Joale Jesu o ne a rapela mang—eena? Ho phaella moo, Jesu o ile a shoa. Empa Bibele e re ka Molimo: “Ha U shoe.” *
U ile ua fumana likarabo tsa lipotso tseo joang?
’Nete ha e ikhanyetse, ’me ke ne ke ikemiselitse ho e fumana. Ke ile ka rapela Molimo ka tieo ke lla, ebile e le ka lekhetlo la pele ke rapela ke sa sebelise buka ea lithapelo. Hang ha ke qeta ho rapela ke ile ka utloa ho kokotoa monyako. E ne e le Lipaki Tsa Jehova tse peli. Li ile tsa mpha e ’ngoe ea libuka tsa tsona tsa ho ithuta Bibele. Buka ena hammoho le lipuisano tseo ke ileng ka ba le tsona le Lipaki, li ile tsa nkholisa hore lithuto tsa tsona li thehiloe Bibeleng. Ka mohlala, Lipaki li lumela ho Jesu, eseng e le karolo ea Boraro-bo-bong empa e le “Mora oa Molimo” * le “letsibolo la pōpo ea Molimo.” *
Kapele ka mor’a moo, ke ile ka khutlela Mexico moo ke ileng ka tsoela pele ho ithuta le Lipaki ka boprofeta ba Mesia. Ke ile ka makatsoa ke kamoo boprofeta bona bo leng bongata kateng! Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke belaela. Ke ne ke ipotsa: ‘Na Jesu ke eena feela eo e neng e ka ba Mesia?’ le hore ‘Na e ne e se motho feela ea bohlale ea neng a iketsa eka ke Mesia?’
Ke’ng e ileng ea etsa hore u fetole maikutlo?
Lipaki li ile tsa mpontša boprofeta boo ho neng ho se moikhakanyi ea ka bo phethahatsang. Ka mohlala, lilemo tse ka bang 700 esale pele, moprofeta Mikea o ile a re Mesia o ne a tla hlahela Bethlehema e Judea. * Ke mang ea neng a ka etsa qeto ea hore na o tla hlahela hokae? Esaia o ile a ngola hore Mesia o ne a tla bolaoa joaloka senokoane se nyelisehang, leha ho le joalo o ne a tla patoa le barui. * Lintho tsena tsohle tse neng li boletsoe esale pele li ile tsa phethahala ho Jesu.
Karolo ea ho qetela ea bopaki, e mabapi le leloko la Jesu. Bibele e ile ea re Mesia e ne e tla ba setloholo sa Morena Davida. * Kaha Bajuda ba khale ba ne ba boloka litlaleho tsa meloko, haeba Jesu e ne e se oa leloko la Davida, lira tsa hae li ka be li ile tsa joetsa le tsipa sehole! Empa ha baa ka ba etsa joalo, hobane kamano ea Jesu le Davida e ne e totobetse. Bongata ba batho bo ne bo bile bo re ke “Mora oa Davida.” *
Ka 70 C.E.—lilemo tse 37 ka mor’a hore Jesu a shoe—mabotho a Roma a ile a timetsa Jerusalema, ’me litlaleho tsa meloko li ile tsa lahleha kapa tsa senngoa. Kahoo, e le hore leloko la hae le tsejoe, Mesia o ne a lokela ho hlaha pele ho 70 C.E.
Tsebo ee e ile ea u ama joang?
Ho Deuteronoma 18:18, 19, ho ile ha boleloa esale pele hore Molimo o ne a tla hlahisa moprofeta ea kang Moshe Iseraele. Molimo o ile a re: Mang kapa mang “ea sa mameleng mantsoe a ka ao a tla a bua ka lebitso la ka, ke tla batla hore a ikarabelle.” Ka ho ithuta Bibele eohle ka botebo, ke ile ka kholiseha hore Jesu oa Nazaretha e ne e le eena moprofeta eo.
^ ser. 17 Tšenolo 3:14, King James Version.
^ ser. 21 Esaia 9:6, 7; Luka 1:30-32. Matheu khaolo ea pele e tlalehile leloko la ntate oa Jesu, ’me Luka khaolo ea boraro e tlalehile la ’mè oa hae.