SEHLOOHO SE KA NTLE
Melao ea Boitšoaro e Ruisang Molemo e le Kannete
Christina o ne a sa lumele seo a se bonang! O ne a qeta ho thola polasetiki e ntšo e tšetseng chelete e ngata haholo—e lekanang le moputso oa hae oa lilemo tse fetang 20! ’Me a tseba hore na chelete eo ke ea mang. O lokela ho etsa’ng? Uena u ne u ka etsa’ng? Karabo ea hao e tla bontša hore na u ikutloa joang ka botšepehi le hore na u ikemiselitse ho bonahatsa tšobotsi ena hakae.
MELAO ea boitšoaro ke eng? Ke melao kapa melao-motheo eo re e talimang e le molemo kapa e le ea bohlokoa. E ka akarelletsa ho tšoarela, ho tšepahala, tokoloho, lerato, ho hlompha bophelo le boitšoaro. Kahoo, melao ea rōna ea boitšoaro e ama tsela eo re itšoarang ka eona, lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa, litšebelisano tsa rōna le ba bang le melao ea boitšoaro eo re e fang bana ba rōna. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ke ea bohlokoa hakae, e tsoela pele ho nyehla.
HO HLEPHA HA BOITŠOARO
Ka 2008, bafuputsi ba bang United States ba ile ba buisana le bacha ba bangata ka hore na ba talima melao ea boitšoaro joang. Koranteng ea The New York Times David Brooks, o re: “Ntho e utloisang bohloko ke tsela eo ba khellang fatše litaba tse amanang le boitšoaro ka eona.” Ba bang ba ile ba re ho beta le ho bolaea ho fosahetse, empa “ntle le liketso tsa mofuta oo, ba ne ba sa nahane ka hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe, esita leha ba ne ba nahana ka lintho tse kang ho khanna ba tahiloe, ho kopitsa sekolong le ho se tšepahalle motho eo ba ratanang le eena.” Joaloka mocha e mong ea ileng a re, “Hase hangata ke amehang ka hore na se nepahetseng kapa se fosahetseng ke sefe.” Batho ba bangata ba ile ba re: ‘Etsa seo u bonang se nepahetse. Latela pelo ea hao.’ Na ho bohlale ho nahana ka tsela ee?
Le hoja pelo ea motho e ka etsa hore a bontše lerato le kutloelo-bohloko, e ka boetse ea ba ‘bolotsana ’me ea tsitlella seo e se batlang.’ (Jeremia 17:9) Sena se bonahala kamoo melao ea boitšoaro e fetohang kateng—e leng se boletsoeng esale pele ka Bibeleng. E ile ea re: “Matsatsing a ho qetela batho e tla ba baithati, ba meharo, ba ithorisang le ba ikakasang, ’me e be ba se nang kutloelo-bohloko le ba ratang ntoa.” Hape, “ba tla hloea se molemo” ’me “ba rate menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-5, Good News Translation.
Lintho tsena li lokela ho re susumelletsa ho hlahloba lipelo tsa rōna, re se ke ra li latela ka hlooho e ntšo feela! Ha e le hantle Bibele e re: “Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello.” (Liproverbia 28:26) Lengolo lena le bontša hore re lokela ho lokisa lipelo tsa rōna ka ho sebelisa melao-motheo e molemo e le hore li ka re tsoela molemo. Melao-motheo ee re ka e fumana hokae? Batho ba bangata ba tšepa Bibele hobane e nepahetse ebile e ruta ’nete.
MELAO EO RE KA E TŠEPANG!
Melao e ka Bibeleng e fana ka bopaki ba hore e etselitsoe batho. Hlokomela mehlala e seng mekae feela ea litšobotsi tse kang lerato, mosa, ho fana le ho tšepahala.
Ho rata batho ba bang.
Buka e bitsoang Engineering Happiness—A New Approach for Building a Joyful Life e re: “Haeba u ithutile ho rata batho ba bang, u tla lula u thabile.” Ho hlakile hore re hloka lerato. Ntle ho lona re ke ke ra khona ho fumana thabo ea sebele.
Seo Bibele e se Buang: “Le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:14) Mongoli oa lengolo leo o ile a boela a re: “Haeba . . . ke se na lerato, ha ke letho.”—1 Bakorinthe 13:2.
Lerato leo hase la ho batla ho kopanela liphate le motho kapa la ho nkeha maikutlo, empa le laoloa ke melao-motheo. Le re susumetsa hore re thuse motho eo re sa mo tsebeng re sa lebella hore a re etsetse ho hong hamorao. 1 Bakorinthe 13:4-7, e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. . . . Ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea bobe. Ha le thabele ho se loke, empa le thabela ’nete. Le jara lintho tsohle, . . . le mamella lintho tsohle.”
Ha lerato lena le le sieo ka lapeng, seo se ama litho tsa lelapa, haholo-holo bana. Mosali e mong ea bitsoang Monica o ile a re ha e sa le ngoana o ile a hlekefetsoa ’meleng, maikutlong le ka thobalano. O re: “Ke ne ke sa ratoe ke bile ke se na tšepo.” Kahoo, ha a le lilemo li 15 o ile a il’o lula le batsoali ba ’mè oa hae bao e leng Lipaki Tsa Jehova.
Monica o ile a re: “Ka lilemo tse peli tseo ke li lutseng le bona, ba ile ba nthuta hore ke be botsoalle ’me ke rate batho ba bang le ho ba tsotella. Ba ile ba nthusa hore ke be ngoanana ea hlomphehang.” Hona joale, Monica o nyetsoe ’me eena hammoho le monna oa hae le bana ba bona ba bararo, ba bontša hore ba rata batho ba bang ka ho ba bolella molaetsa oa Bibele.
Ntho e poteletseng e sitisang batho ho bontša lerato, ke ho rata lintho tse bonahalang—e leng ho nka hore lintho tse ngata tse bonahalang le boithabiso ke tsona tsa bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, lithuto tseo e seng tsa bolumeli li lula li bontša hore chelete e ngata ha e tlisetse motho thabo. Ha e le hantle, batho ba hahamallang ho ba le lintho tse bonahalang, ba imemela ho hloka thabo, e leng seo Bibele e lumellanang le sona. Moeklesia 5:10, e re: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang. Sena le sona ke lefeela.” Bibele e boetse e re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete.”—Baheberu 13:5.
Mosa le ho fana.
Sehlooho se ngotsoeng United States ke mokhatlo o bitsoang The Greater Good Science Center o Univesithing ea California, Berkeley, se ile sa re: “Ho ne ho ka ba monate ha motho a ne a khona ho reka thabo e tšoarellang. U ka ’na ua nahana hore ntho e joalo e ke ke ea khoneha, empa e ka khoneha haeba lintho tseo u li rekang u li fa motho e mong.” See se bolela’ng? Se bolela hore ho fana ho tlisa thabo ho feta ho amohela.
Seo Bibele e se Buang: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.
Hangata mokhoa o molemo le o putsang ka ho fetisisa oa ho fana—ke oa ho tela nako le matla a rōna. Ka mohlala, mosali e mong ea bitsoang Karen o ile a bona ’mè e mong le barali ba hae ba babeli ba lutse ka koloing e butsoe bonete. ’Mè eo le morali e mong oa hae ba ne ba potlaketse ho il’o palama sefofane, empa koloi e ne e hana ho tsamaea ’me tekesi e lieha ho fihla. Karen o ile a ithaopela ho ba isa boema-fofane le hoja ho ne ho tla ba nka metsotso e 45 ho fihla teng. Ba ile ba lumela hore a ba ise. Ha Karen a khutla, o ile a bona morali e mong oa ’mè eo a ntse a lutse ka koloing ea hae moo e neng e pakiloe teng.
Mosali eo o ile a re: “Monn’a ka o oa tla.”
Karen o ile a re: “Ho lokile, ke thabela ho bona hore u nts’u sireletsehile. Ke sa il’o hloekisa Holong ea rōna ea ’Muso, kapa kerekeng.”
Mosali eo o ile a re: “U e mong oa Lipaki Tsa Jehova?”
Karen o ile a re: “E,” eaba ba qoqa hakhutšoanyane.
Ka mor’a libeke tse ’maloa, Karen o ile a fumana lengolo posong. Karolo ea lona e re: “’Na le ’mè oa ka ha rea lebala molemo oo u re etselitseng oona. U re thusitse hore re fihle boema-fofane ka nako! Ausi oa ka o mpolelletse hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova, joale kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha u ile ua re thusa. ’Mè oa ka ke Paki ’me ’na ha ke sa cheseha. Empa ke tl’o lokisa bothata boo haufinyane!” Karen o ile a thaba haholo hore ebe o ile a khona ho thusa balumeli-’moho le eena. O re: “Ke ile ka lla.”
Mongoli Charles D. Warner o ile a ngola a re: “Tse ling tsa lintho tse babatsehang . . . bophelong ke hore motho a thuse e mong a sa lebella letho ho eena.” Ho joalo hobane Molimo o bōpile batho e le hore ba ka bonahatsa botho ba hae bo babatsehang, eseng hore e be baithati.—Genese 1:27.
Ho tšepahala.
Molao ona oa boitšoaro ke oa bohlokoa haholo sechabeng leha e le sefe se tsoetseng pele. Ho hloka botšepehi ho etsa hore batho ba be le tšabo, ba se ke ba tšepana ’me ba se ke ba utloana.
Seo Bibele e se Buang: “Ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea [Molimo]?” Karabo ke hore, “Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato . . . ebile a bua ’nete ka pelong ea hae.” (Pesaleme ea 15:1, 2) Ka sebele, ho tšepahala e le kannete ke tšobotsi eo re lokelang ho e bonahatsa joaloka litšobotsi tse ling tseo re li tšohlileng. Ha rea lokela ho e bonahatsa ha maemo a re lumella kapa hobane re shebile melemo e itseng.
Na u sa hopola Christina ea ileng a thola mokotla o tšetseng chelete? Morero oa hae e ne e se ho rua empa e ne e le ho thabisa Molimo. Joale, ha mong’a chelete ea neng a ferekane a khutla, o ile a mo bolella hore o thotse chelete ea hae. O ile a makatsoa ke botšepehi ba hae. Le mohiri oa Christina o ne a maketse, ’me hamorao o ile a mo nyolla mosebetsing hore e be mohlokomeli oa lebenkele, e leng boemo bo fuoang motho ea tšeptjoang haholo. Mantsoe a ho 1 Petrose 3:10 a bua ’nete ha a re: “Ea ratang bophelo le ho bona matsatsi a molemo, a ke a thibe . . . molomo oa hae ho bueng thetso.”
‘TSAMAEA TSELENG EA BATHO BA MOLEMO’
Melao ea boitšoaro e fumanoang ka Bibeleng e bontša kamoo ’Mōpi oa rōna a re ratang ka ho tebileng kateng, hobane melao eo e re thusa ho ‘tsamaea tseleng ea batho ba molemo.’ (Liproverbia 2:20; Esaia 48:17, 18) Ha re latela tataiso eo, re bontša hore re rata Molimo, ’me re tla fumana mahlohonolo a mangata. Ha e le hantle Bibele e tšepisa sena: ‘Boloka tsela ea [Molimo], o tla u phahamisa hore u rue lefatše. Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.’—Pesaleme ea 37:34.
Ruri batho ba phelang ka melao ea Bibele ba na le bokamoso bo babatsehang—e leng ho phela ka khotso lefatšeng le se nang bokhopo! Ka sebele re lokela ho nahanisisa ka melao ea boitšoaro e rutoang ka Bibeleng.