Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Na U ka Tšepa Mecha ea Litaba?

Na U ka Tšepa Mecha ea Litaba?

BATHO ba bangata ha ba tšepe seo ba se balang le seo ba se utloang mecheng ea litaba. Ka mohlala, phuputsong ea Gallup ea 2012, e entsoeng United States, batho ba ile ba botsoa hore na ba tšepa likoranta, televishene le seea-le-moea hakae haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea ho tlaleha litaba ka botlalo, ka tsela e nepahetseng le e hlokang leeme. Batho ba tšeletseng ho ba leshome ba ile ba araba ka hore “eseng hakaalo” kapa “ha ke li tšepe ho hang.” Na ho na le lebaka le utloahalang la ho se li tšepe?

Baqolotsi ba bangata ba litaba le mekhatlo eo ba e sebeletsang ba bolela hore ba ikemiselitse ho tlaleha litaba tse nepahetseng le tse behang batho leseling. Empa, re na le mabaka la ho tšoenyeha. Nahana ka lintlha tse latelang:

  • BORAKHOEBO BA HLAHELETSENG MECHENG EA LITABA. Lik’hamphani tse ’maloa tse khōlō li laola mecha ea litaba e ka sehloohong. Mecha eo e na le tšusumetso e matla mabapi le hore na ke litaba life tse lokelang ho phatlalatsoa le hore na li phatlalatsoa joang le ka ho pharaletseng hakae. Kaha lik’hamphani tse ngata li entsoe ka morero oa ho fumana phaello, liqeto tse etsoang ke mecha ena ea litaba li ka susumetsoa ke takatso ea ho fumana chelete. Litaba tse ka sitisang lik’hamphani tsena ho fumana phaello li ka ’na tsa se ke tsa phatlalatsoa.

  • MEBUSO. Boholo ba litaba tseo re li fumanang mecheng ea litaba ke tsa bo-ralipolotiki le lintho tseo mebuso e li etsang. Mebuso e batla ho susumetsa batho hore ba tšehetse maano a eona le balaoli ba eona. Kaha mecha ea litaba e fumana boitsebiso mebusong, ka linako tse ling baqolotsi ba litaba ba sebelisana hammoho le mebuso.

  •  LIPAPATSO. Linaheng tse ngata, mecha ea litaba e lokela ho etsa chelete e le hore khoebo ea eona e se ke ea oa, ’me boholo ba chelete ena bo tsoa lipapatsong. Naheng ea United States, limakasine li fumana liphesente tse 50 ho ea ho tse 60 tsa chelete ea tsona lipapatsong, likoranta tsona li fumana liphesente tse 80 athe televishene le seea-le-moea tsona li fumana chelete ea tsona kaofela lipapatsong. Ho hlakile hore batho ba bapatsang ha ba batle ho tšehetsa mananeo a behang thepa ea bona kapa tsela eo ba tsamaisang lintho ka eona ka mosing. Haeba ho e-na le seo ba se nyatsang mocheng o itseng oa litaba, ba ka bapatsa ho o mong. Kaha bahlophisi ba tseba sena, ba ka pata litaba tse behang beng ba lipapatso ka mosing.

  • HO SE TŠEPAHALE. Hase baqolotsi bohle ba litaba ba tšepahalang. Ba bang ba iqapela litaba. Ka mohlala, lilemong tse seng kae tse fetileng, moqolotsi e mong oa litaba Japane o ne a batla ho ngola ka ho senngoa ha likorale ke batho ba qoelang leoatleng la Okinawa. Ha a sa fumane likorale tse senyehileng, o ile a li senya eaba o li nka lifoto. Lifoto li ka fetoloa ka morero oa ho thetsa batho. Theknoloji e fetolang lifoto e tsoetse pele haholo kajeno ’me ho ka ba thata ho lemoha lintho tse fetotsoeng.

  • HO FETELLETSA LITABA. Le haeba taba e le ’nete, tsela eo e phatlalatsoang ka eona e itšetleha ka hore na moqolotsi o e bona joang. Ke lintlha life tse lokelang ho kenyelletsoa litabeng, hona ke life tse lokelang ho siuoa? Ka mohlala, a re re sehlopha sa papali ea bolo se hlōtsoe ka lintlha tse peli. Taba eo ke ’nete. Empa moqolotsi a ka beha lebaka la ho hlōloa ha sehlopha seo ka litsela tse ngata.

  • HO SIEA LINTLHA. Ha baqolotsi ba batla hore taba e utloahale e le ’nete, hangata ba siea lintlha tse ka etsang hore e rarahane kapa tse ka etsang hore e se ke ea utloahala. Sena se etsa hore lintlha tse ling li feteletsoe ha tse ling li siuoa. Ka linako tse ling ho hlokahala hore bahasi ba litaba thelevisheneng le baqolotsi ba bue ka taba e rarahaneng ka nako e khutšoanyane, kahoo ba ka siea lintlha tsa bohlokoa.

  •  TLHŌLISANO. Kaha morao tjena palo ea liteishene tsa thelevishene e se e eketsehile, nako eo batho ba e qetang ba shebeletse seteishene se le seng e fokotsehile haholo. E le hore batho ba lule ba thahasella seteishene se itseng, se tlameha ho tlaleha litaba tse ikhethang kapa tse thabisang. Ha buka ea Media Bias e bua ka phetoho ena e re: “Litaba tsa [thelevishene] li ile tsa qala ho bontša litšoantšo ka linako tsohle, tsa ba le litšoantšo tse tšosang kapa tse khahlang le litaba tse khutsufalitsoeng bakeng sa batho ba khonang ho tsepamisa likelello tsa bona litabeng ka nako e khutšoanyane feela.”

  • LIPHOSO. Kaha baqolotsi ba litaba ke batho, ba etsa liphoso. Lentsoe le peletiloeng hampe, feeloane e kentsoeng sebakeng se fosahetseng, ho tlōla melao ea puo—lintho tsena kaofela li ka sotha moelelo oa polelo. Lintlha li ka ’na tse se ke tsa hlahlojoa ka hloko. Lipalo le tsona li ka ferekanya moqolotsi ea potlaketseng ho romela litaba ka nako, hoo ho ka bang bonolo hore a ngole 10 000 ho e-na le 100 000.

  • MENAHANO E FOSAHETSENG. Ho tlaleha litaba ka nepo ha ho bonolo joalokaha ba bang ba ka nahana. Se bonahalang e le ’nete kajeno, ho ka ’na ha hlaka hore ke bohata ka le hlahlamang. Ka mohlala, batho ba ne ba lumela hore lefatše le bohareng ba sehlopha sa lipolanete. Joale re se re tseba hore lefatše le potoloha letsatsi.

 Ho Hlokahala Teka-tekano

Le hoja e le bohlale ho se lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang litabeng, ha ho bolele hore ha ho letho leo re ka le lumelang. Ntho ea bohlokoa e ka ba hore re be hlokolosi empa re sa belaelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

Bibele e re: “Na tsebe ha e leke mantsoe joalokaha mahalapa a latsoa lijo?” (Jobo 12:11) Likeletso tse latelang li tla re thusa ho leka mantsoe ao re a utloang kapa ao re a balang:

  • LI TSOA MOCHENG OFE OA PHATLALATSO?: Na litaba tseo li tsoa ho motho kapa mokhatlo o ka tšeptjoang, o tsebang taba eo hantle? Na lenaneo leo kapa sengoliloeng se tumme ka ho nka lintho ka ho teba kapa ka ho sotha litaba? Ke mang ea tšehetsang mocha oo oa litaba ka lichelete?

  • LI TSOA MOHLOLING OFE?: Na ho na le bopaki ba hore ho entsoe lipatlisiso tse feletseng? Na taba eo e tsoa mohloling o le mong feela? Na mehloli ea eona e ka tšeptjoa ebile ha e na leeme? Na mehloli eo ha e feteletse litaba kapa na e khethiloe ka morero oa hore e fetise lehlakore le le leng feela la litaba?

  • MORERO OA TSONA KE OFE?: Ipotse: ‘Morero o ka sehloohong oa litaba tsee ke ho beha batho leseling kapa ke ho ba thabisa feela? Na li khothalletsa batho hore ba reke ntho e itseng kapa ba e tšehetse?’

  • LI FETISA MAIKUTLO AFE?: Haeba se buuoang litabeng se bontša khalefo, ho utloa bohloko, kapa ho nyatsa, sena se bontša hore ho tla ba le tlhaselo, hase taba feela ea ho susumetsa batho hore ba be le boikutlo bo itseng.

  • NA LIA LUMELLANA?: Na lintlha tseo ho buuang ka tsona li lumellana le tse hlahang lihloohong tse ling tsa litaba? Haeba ha li lumellane, u lokela ho ba hlokolosi!

  • NA LI NAKONG?: Na boitsebiso boo ke ba morao-rao hoo batho ba ka bo lumelang? Ntho eo ho neng ho lumeloa hore e nepahetse lilemong tse 20 tse fetileng e ka ’na eaba e fosahetse kajeno. Ka lehlakoreng le leng haeba taba eo ho buuoang ka eona ke hona e ntseng e etsahala, e ka ’na eaba lintlha tsa eona ha lia fella kahoo ea se ke ea utloahala.

Joale, na u ka tšepa mecha ea litaba? Keletso e bohlale e fumanoa mantsoeng a Solomone ea ileng a re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.