Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Bolumeli

Bolumeli

Ke hobane’ng ha malumeli a le mangata?

“Ha le tlohela taelo ea Molimo, le khomarela neano ea batho.”Mareka 7:8.

SEO BIBELE E SE BUANG

Batho ba na le ‘tlhoko ea tlhaho ea moea’ eo ba ka e khotsofatsang ka ho rapela Molimo. (Matheu 5:3) E le ho leka ho khotsofatsa tlhoko eo, batho ba iketselitse malumeli a mangata a thehiloeng maikutlong a bona ho e-na le a Molimo.

Ka mohlala, ha Bibele e bua ka sehlopha se seng sa bolumeli sa lekholong la pele la lilemo e re: “Ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng. Etsoe, ka lebaka la ho se tsebe ho loka ha Molimo empa ba batla ho tiisa ha bona, ha baa ka ba ipeha tlas’a ho loka ha Molimo.” (Baroma 10:2, 3) Ka ho tšoanang, kajeno malumeli a mangata a “ruta litaelo tsa batho e le lithuto.”—Mareka 7:7.

 Na ke habohlokoa ho ba setho sa bolumeli bo itseng?

“A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna.”Baheberu 10:24, 25.

SEO BIBELE E SE BUANG

Baheberu 10:25 e sebelisa mantsoe a reng “re sa tlohele ho bokana ha rōna.” Mantsoe ao a bontša hore Molimo o batla hore batho ba bokane hammoho e le sehlopha se hlophisitsoeng sa barapeli. Empa na morapeli e mong le e mong o ne a tla ba le tlhaloso ea hae ea hore na Molimo ke mang le hore o batla eng? Che. Bibele e re bohle ba rapelang ka tsela eo Molimo a e amohelang ba lokela hore ‘kaofela ba bue ka tumellano’ ’me ba “kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakorinthe 1:10) Ba ne ba tla hlophisoa ka liphutheho ’me ba be “le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” lefatšeng lohle. (1 Petrose 2:17; 1 Bakorinthe 11:16) Ho hlokahala borapeli bo momahaneng le bo hlophisehileng joalo bakeng sa ho khahlisa Molimo.

Na re ka khona ho khetholla bolumeli ba ’nete?

“Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”Johanne 13:35.

SEO BIBELE E SE BUANG

Ha Bibele e hlalosa hore na re ka khetholla bolumeli ba ’nete joang e re: “Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona. Le ka mohla batho ha ba bokelle morara meutloeng kapa lifeiga hlabahlabaneng, na ha ho joalo?” (Matheu 7:16) Ha ho hlokahale hore motho e be setsebi sa lifate e le hore a khone ho bona phapang pakeng tsa sefate sa feiga le hlaba-hlabane; ka ho tšoanang, ha ho hlokahale hore u be setsebi sa bolumeli e le hore u khone ho khetholla ba ’nete ho ba bohata. Tse ling tsa litholoana tse khethollang bolumeli ba ’nete kapa likarolo tse bo khethollang ke life?

  • Bolumeli ba ’nete bo ruta ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. (Johanne 4:24; 17:17) Ha ea thehoa lifilosofing tsa batho.

  • Bolumeli ba ’nete bo thusa batho ho tseba Molimo, ho akarelletsa le lebitso la hae, e leng Jehova.—Johanne 17:3, 6.

  • Bolumeli ba ’nete bo buella ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo ea batho, eseng puso ea motho.—Matheu 10:7; 24:14.

  • Bolumeli ba ’nete bo khothalletsa lerato la sebele. (Johanne 13:35) Bo ruta batho ho hlompha batho ba merabe eohle, ho sebelisa nako le maruo a bona molemong oa ho thusa ba bang le ho se kenele lintoa.—Mikea 4:1-4.

  • Bolumeli ba ’nete ke mokhoa oa bophelo, eseng feela tloaelo kapa mosebetsi. Litho tsa bona li latela seo li se rutang.—Baroma 2:21; 1 Johanne 3:18.

Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena, li loanela ho hlompha Molimo ka lipuo tsa tsona le ka boitšoaro ba tsona. Re u khothalletsa hore u li etele libokeng tsa tsona Holong ea ’Muso ’me u iponele ka bouena.