Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | WENLONG HE

Setsebi sa Fisiks se Hlalosa Tumelo ea Sona

Setsebi sa Fisiks se Hlalosa Tumelo ea Sona

WENLONG HE o qalile ho ithuta fisiks a le Suzhou, Profinseng ea Jiangsu, Chaena. O thusa ho ngola koranta ea machaba ea theknoloji ’me o se a hatisitse lihlooho tse ngata tse buang ka saense. Hona joale, Wenlong He o sebetsa Univesithing ea Strathclyde e Scotland. Ha a sa le mocha, o ne a lumela thutong ea ho iphetola ha lintho, empa hamorao o ile a etsa qeto ea hore lintho li bōpiloe. Tsoha! e ile ea mo botsa ka tumelo ea hae.

Re bolelle ka uena.

Ke hlahile ka 1963 ’me ka hōlela Chaena, motseng o ka boroa ho Nōka ea Yangtze e Profinseng ea Jiangsu. O meeling ea linaha tse chesang tse mongobo ’me o tumme ka ho hlahisa lijo, kahoo hangata o bitsoa naha ea raese le tlhapi. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke tloaetse ho ipotsa hore na: ‘Ke hobane’ng ha ka tlhaho ho e-na le lijo tse ngata hakaale tse monate? Na li bile teng ka tšohanyetso? Ke’ng e bileng teng pele—na ke khōhō kapa ke lehe?’ Batho ba latolang boteng ba Molimo ba bangata haholo Chaena, kahoo ha ke le sekolong ke ne ke rutiloe thuto ea ho iphetola ha lintho.

Lelapa leno lona le ne le le joang?

Batsoali ba ka ba ne ba sa lumele hore Molimo o teng. ’Mè oa ka o ne a sebetsa masimong, ha ntate oa ka eena e ne e le setsebi sa meralo ea ho haha ’me a e-na le k’hamphani ea kaho. Lapeng re bashanyana ba bahlano ’me ke ’na ea moholo. Ka masoabi baena ba ka ba babeli ba ile ba hlokahala ba sa le banyenyane. Seo se ile sa nkutloisa bohloko haholo ’me ke ne ke ipotsa hore na: ‘Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Na ke tla ke ke boele ke bone baena ba ka?’

Ke hobane’ng ha u ile ua ithuta saense?

Ke ne ke batla ho ithuta fisiks hobane ke ne ke thahasella lefatše ’me ke ne ke nahana hore fisiks e ka ’na ea araba lipotso tseo ke neng ke e-na le tsona ho tloha bongoaneng.

U ithutetse ho etsa lipatlisiso tse mabapi le eng?

Ke hlahloba litsela tsa ho eketsa sekhahla sa likarolo tse nyenyane  hore li lekane le lebelo la khanya. Ke etsa sena ka ho ithuta sebōpeho sa liathomo. Ke boetse ke etsa lipatlisiso tsa kamoo nka fehlang mahlaseli a sekhahla se phahameng a maqhubu a pakeng tsa microwave le mahlaseli a letsatsi. Le hoja liphuputso tsa ka li le bohlokoa bakeng sa khoebo, li boetse li thusa boitekong ba ho utloisisa hore na bokahohle bo bile teng joang.

Ho tlile joang hore u thahaselle Bibele?

Ka 1998, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa nketela haka. Li ile tsa ithaopela ho mpontša likarabo tse tsoang ka Bibeleng tsa lipotso tsa ka. Mosali oa ka, Huabi, eo le eena a etsang liphuputso tsa lintho tsa saense o ile a tl’o lula le rōna. Re ne re e-s’o ka re bona Bibele, empa re ile ra khahloa ke likeletso tsa eona tse sebetsang. Re ile ra hlokomela kamoo banyalani bao ba Lipaki ba neng ba re etela ba neng ba ruile molemo kateng ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Ba ne ba thabile ’me ba phela bophelo bo sa rarahanang. Empa seo Bibele e se buang ka Molimo se ile sa etsa hore ke ipotse hape hore na ebe bokahohle bo entsoe. Mosebetsi oa ka joaloka setsebi sa fisiks ke ho utloisisa lintho tsa tlhaho. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho nahanisisa ka hloko ka lintlha tsena.

Mosebetsi oa ka joaloka setsebi sa fisiks ke ho utloisisa lintho tsa tlhaho. Kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho nahanisisa ka hloko ka lintlha tsena

U ile ua nahana ka lintlha life?

Ea pele, ke ne ke tseba hore sehlopha sa lintho tse itseng se ke ke sa hlophiseha hantle kapa sa lula se hlophisehile ntle leha ho e-na le matla a ka thōko a se laolang. Oo ke molao oa bobeli oa thermodynamics. Kaha bokahohle le bophelo lefatšeng li hlophisehile ka tsela e phahameng, ke ile ka etsa qeto ea hore e tlameha ebe ho na le ea li entseng, e leng ’Mōpi. Ntlha ea bobeli e ne e le ea hore bokahohle le lefatše li bonahala li entsoe ka tsela e tšehetsang bophelo.

U ile ua bona bopaki bofe ba hore li entsoe?

Ka ho utloahalang, lintho tsohle tse phelang lefatšeng li itšetlehile ka matla a letsatsi. Matla ana a tsamaea sebakeng e le mahlaseli. A theohela lefatšeng ka letoto la maqhubu a mangata. A makhutšoanyane ke a mahlaseli a kotsi a gamma. Ebe ho tla li-X-ray, mahlaseli a kotsi, khanya e bonahalang, mahlaseli, li-microwave le a malelele ka ho fetisisa e leng maqhubu a seea-le-moea. Ka ho hlollang, sepakapaka sa rōna se thibela mahlaseli a mangata a kotsi hore a fihle lefatšeng ’me se fetisa a hlokahalang feela.

Ntlha eo e ile ea u khahla joang?

Ke ile ka khahloa ke tlaleho e qalang ea Bibele ha e bua ka pōpo le ha e bua ka khanya. E re: “Molimo a re: ‘Leseli le ke le be teng.’ Joale leseli la e-ba teng.” * Ho bonahala karolo e nyenyane haholo ea mahlaseli a letsatsi, empa khanya ke ea bohlokoa bophelong. Limela li hloka khanya e le hore li re etsetse lijo ’me rea e hloka e le hore re bone. Tsela e ikhethang eo sepakapaka se fetisang khanya ka eona e ne e ke ke ea e-ba teng ka mohlolo. Ntho e ’ngoe e hlollang le ho feta ke khanya e nyenyane ea mahlaseli a kotsi a theohelang lefatšeng.

Hoo ke hoa bohlokoa hakae?

Mahlaseli a mang a kotsi ke a bohlokoa. Re hloka karolo e nyenyane ea oona letlalong la rōna e le hore a hlahise vithamine D, e leng ea bohlokoa bakeng sa ho matlafatsa masapo le ho thusa ho re sireletsa khahlanong le kankere le mafu a mang. Leha ho le joalo, ha mahlaseli ana a le mangata a ka baka kankere ea letlalo le mara a mahlo. Boemong ba sona ba tlhaho, sepakapaka se lumella feela khanya e nyenyane ea mahlaseli a kotsi ho theohela lefatšeng—’me ke a lekaneng feela. Ho ea ka ’na, hona ke bopaki ba hore ho na le motho ea bōpileng lefatše e le hore le khone ho tšehetsa bophelo.

Hanyane ka hanyane ’na le Huabi re ile ra kholiseha hore ho na le ’Mōpi le hore ke eena ea bululetseng Bibele. Ka 2005, re ile ra e-ba Lipaki Tsa Jehova ’me hona joale re kopanela mosebetsing oa ho ruta ba bang ka Bibele.