Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 LITŠOANTŠO TSA MEHLENG EA KHALE

William Whiston

William Whiston

William Whiston e ne e le rasaense, setsebi sa thuto ea lipalo, moruti, mongoli oa libuka tse ngata le mosebetsi-’moho le Sir Isaac Newton eo e neng e le setsebi sa puo ea Senyesemane le sa thuto ea lipalo. Ka selemo sa 1702, Whiston o ile a hlahlama Newton e le Moprofesa oa Thuto ea Lipalo Univesithing ea Cambridge, Englane. Boemo bona ba ho ba moprofesa bo ile ba fumanoa ke litsebi tse neng li tumme lefapheng la saense le theknoloji.

WHISTON o boetse o tsebahala haholo ho liithuti tsa Bibele ka ho fetolela libuka tsa rahistori oa lekholong la pele la lilemo oa Mojuda, e leng Flavius Josephus, ka Senyesemane. Buka ea The Works of Josephus e bua haholo ka histori ea Bajuda le ea Bakreste ba pele.

SEO WHISTON A NENG A SE LUMELA

Whiston o ne a le bohlale a bile a ithuta lintho tse ngata, haholo-holo saense le bolumeli. O ne a lumela hore tlaleho ea Bibele e buang ka pōpo e nepahetse le hore tsela eo lintho tsa tlhaho li entsoeng ka eona le kamoo li laolehileng kateng ke bopaki ba hore ho na le Motho ea li bōpileng.

Ho feta moo, Whiston o ne a lumela hore lebaka le entseng hore ho be le likereke tse ngata tsa Bokreste ba bohata ke hore baruti ba suthetse hōle le Bibele ’me ba amohela lithuto tse sa lumellaneng le Bibele le meetlo ea makhotla a likereke le ea batho ba ipitsang Bangoli ba lithuto tsa Bokreste.

Kaha Whiston o ne a amohela Bibele e le buka e buang ’nete ka Molimo, ha aa ka a amohela thuto ea hore batho ba hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele. O ne a nka thuto eo e hloka kelello, e le sehlōhō ebile e rohaka Molimo. Leha ho le joalo, ntho e neng e etsa hore a qabane le baruti ba kereke le ho feta e ne e le hore o hana thuto ea Boraro-bo-bong, e leng thuto e hlalosang hore Molimo ke batho ba bararo ho a le mong—Ntate, Mora le Moea o Halalelang. Empa ho boleloa hore hase melimo e meraro, ke molimo a le mong.

 “O ILE A TLOHA HO BENG MOPROFESA OA UNIVESITHI ’ME EA E-BA MOLAHLOA”

Ka mor’a ho etsa lipatlisiso ka hloko, Whiston o ile a fihlela qeto ea hore Bakreste ba pele ba ne ba sa rute thuto ea Boraro-bo-bong empa thuto ena e ile ea kena Bokresteng ha kereke e amohela lifilosofi tsa bohetene. * Metsoalle ea hae e ile ea mo lemosa hore o tla kena mathateng haeba a ka hatisa lintho tseo a li fumaneng ha a ntse a etsa lipatlisiso, empa Whiston ha aa ka a iphapanyetsa taba ea hore o ithutile ’nete ea hore Jesu ke Mora oa Molimo le hore o bōpiloe.

Univesithi ea Cambridge e ne e tebela motho leha e le ofe ea rutang lintho tse khahlanong le lithuto tsa kereke ea Chache, e leng se neng se bolela hore Whiston o ne a ka lahleheloa ke mosebetsi. Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a khutsa—ho fapana le Newton, eo le eena a neng a nka thuto ea Boraro-bo-bong e le leshano empa a sa batle ho ntša maikutlo a hae. Whiston o ile a re: “Ha ho na letho le tla nthibela esita leha nka lahleheloa ke mosebetsi.”

Ka lebaka la ho hana ho lahla seo a se lumelang, Whiston “o ile a tloha ho beng moprofesa oa univesithi ’me ea e-ba molahloa”

Ka selemo sa 1710, Whiston o ile a lelekoa Cambridge. Ka lebaka la hore o ile a hana ho lahla seo a se lumelang, o “ile a tloha ho beng moprofesa oa univesithi ’me ea e-ba molahloa.” Ho ntse ho le joalo ha aa ka a tšosoa ke seo. Ha e le hantle, ha a ntse a qosoa ka hore ke mokhelohi, o ile a ngola lihlooho tse neng li bitsoa Primitive Christianity Revived—lentsoe “primitive” o ne a le sebelisa ho hlalosa Bokreste ba pele bo neng bo lateloa ke balateli ba pele ba Jesu. Hamorao, Whiston o ile a theha mokhatlo o bitsoang Society for Promoting Primitive Christianity, oo litho tsa oona li neng li kopanela ntlong ea hae e London.

Ka mor’a hore a tebeloe mosebetsing oa ho ba moprofesa a bile a hula ka thata licheleteng ka nakoana, Whiston o ile a tsoela pele a ngola libuka le ho fana ka lipuo lireschorenteng, London. E le hore a thuse batho ho utloisisa hore na bophelo bo ne bo le joang nakong ea ha Bokreste bo qala, o ile a hatisa buka ea Josephus eo a e fetoletseng ka selemo sa 1737. Haesale e hatisoa ho tloha ka nako eo.

Ka lebaka la hore o ile a bontša sebete le hoja a hlouoe, Mongoli James E. Force, o bolela hore kajeno batho ba bangata ba nka Whiston e le “motho ea sa lateleng bongata.” Leha ho le joalo, ba bang ba mo nka e le setsebi sa Bibele se hloahloa, motho ea ileng a batla ’nete ea bolumeli ka botšepehi le monna ea ileng a phelela seo a se lumelang.

^ ser. 10 Bibele e ruta ka ho hlaka hore Molimo ke mang. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, kena ho jw.org/st. Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA.