Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bohlale Boa Sireletsa

Bohlale Boa Sireletsa

“Leruo la motho le ka lopolla bophelo ba hae; empa mofutsana eena a ke ke a qaloa ke lira.” —LIPROVERBIA 13:8, Bibele ea Sesotho.

LE HOJA ho ba morui ho e-na le melemo, maruo a ka tlisetsa motho mathata, haholo-holo mehleng ena ea rōna e kotsi. (2 Timothea 3:1-5) Linaheng tse ling, barui hammoho le bahahlauli ba bonahalang ba ruile, ba ba kotsing ea ho hlaseloa ke litsotsi le ke batho ba koetelang ba bang ka morero oa ho batla chelete.

Ha tlaleho ea litaba e bua ka naha e ’ngoe e futsanehileng, e ile ea re: “Bosholu ba likhoka, ho qhekella le ho koeteloa ha batho ho entse hore ho be le ho se utloane pakeng tsa batho ba ruileng le ba futsanehileng. Lireschorente li hira balebeli ba hlometseng; mahae a batho ba ruileng a na le marako a kampetsoeng ka terata e hlabang, mabone a maholo, lik’hamera le balebeli.” Ho etsahala se tšoanang le linaheng tse ngata.

Empa Bibele e re, “mofutsana eena a ke ke a qaloa ke lira.” Mantsoe aa a bohlale a ka u thusa joang? Haeba u lula sebakeng se tummeng ka tlōlo ea molao le lintoa, kapa haeba u lokela ho ea sebakeng se joalo, u se ke ua ipitsetsa mahlo a batho ka ho ba fa maikutlo a hore u morui. Nahana ka hloko ka lintho tseo u tla li apara le tseo u tla li nka ha u le libakeng tsa sechaba, haholo-holo haeba li tla u bitsetsa mahlo a batho. Liproverbia 22:3 e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”

Bohlale bo tlalehiloeng ka Bibeleng bo bonahatsa tsela eo ’Mōpi oa rōna a re tsotellang ka eona. O batla hore re bolokehe. Moeklesia 7:12 e re: “Bohlale ke tšireletso,” kaha “bo boloka ba nang le bona ba phela.”