Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA BIBELE E KA RE THUSA KAJENO?

Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Botšepehi

Melao E Sa Siuoeng Ke Nako—Botšepehi

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea [Molimo]? . . . Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me a etsa ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae.”Pesaleme ea 15:1, 2.

MELEMO: Batho ba bangata ba nka botšepehi e le ba bohlokoa. Empa ho etsahala’ng ha ho hlaha monyetla oa hore motho a se ke a tšepahala e le hore a fumane ntho e itseng—’me ho se na motho ea ba bonang? Joale ho tla bonahala hore na lipelo tsa bona li sekametse hokae.

Raquel, eo mosebetsi oa hae o akarelletsang ho reka thepa, o re: “Barekisi ba bang ba ne ba batla ho mpha tjotjo. Ba ne ba ntšepisa hore ha nka reka ho bona, ba tla etsa hore chelete e ’ngoe e tle ho ’na ho e-na le hore e ee k’hamphaning. Empa ke ile ka hopola keletso ea Bibele mabapi le botšepehi ’me ka hana. Mohiri oa ka o ile a utloela ka sena ’me seo sa etsa hore a ntšepe le ho feta.”

Hoja Raquel a ile a lekeha ho amohela tjotjo eo, a ka be a ile a thabela ho ba le chelete ka nakoana. Empa ho ne ho tla etsahala’ng ha mohiri oa hae a ne a ka tseba? Na Raquel o ne a tla tsoela pele a mo sebeletsa? Hona na o ne a tla atleha ho fumana mosebetsi o mong nakong e tlang? Ntho e neng e le ea bohlokoa haholo ho Raquel e ne e le ho boloka letsoalo la hae le hloekile le hore a lule a itlhompha. Liproverbia 22:1 e re: “Bitso le letle le molemo ho feta maruo a mangata, ho hlompheha ho melomo ho feta silefera kapa khauta.” (Bibele—Phetolelo e Ncha)

Jessie o ile a ratoa ke mohiri oa hae ka lebaka la ho tšepahala

Jessie le eena o ne a tšepahala ’me seo se ile sa etsa hore mohiri oa hae a mo rate. O ile a fumana melemo efe? O ile a fuoa mosebetsi oa ho ba mookameli le bolokolohi ba ho ikhethela lihora tseo a tla sebetsa ka tsona. Kahoo, o ne a khona ho qeta nako e ngata le mosali oa hao le bana hammoho le mesebetsing ea phutheho.

Hangata ha bahiri ba bang ba batla ho hira, ba sheba bathong ba tsebahalang ka botšepehi. Ka mohlala, mookameli e mong oa k’hamphani e Philippines o ile a ngolla ofisi ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa habo a kōpa hore Lipaki li kenye kōpo ea mosebetsi. O ile a re: “Ke batho ba sebetsang ka thata le ba tšepahalang.” Empa tlotla e lokela ho isoa ho Jehova Molimo ea re rutang ho ‘hloea se sebe’ le ho ‘rata se molemo.’—Amose 5:15.