Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Molimo o re Thoba Maqeba”

“Molimo o re Thoba Maqeba”

NATALYA le mora oa hae Aslan ea lilemo li robong, ba ne ba lutse ba tšohile pel’a Zarina le morali oa hae Anzhelika ea lilemo li 12. Haufinyane le bona ho ne ho lutse bana le batho ba baholo ba fetang 1 000, ba behiloe leihlo ke batho ba hlometseng ka lithunya.

Pejana letsatsing leo la Laboraro la la 1 September, 2004, bana le batsoali ba ne ba le ka ntle, ba itokisetsa ho keteka letsatsi la pele la hore bana ba ee sekolong Beslan, e leng motsana o Alania, Russia. Ka tšohanyetso, ha fihla banna ba hlometseng ka lithunya le ba iphatlolang ka libomo ’me ba itšohlometsa har’a letšoele, ba qala ho thunyetsa holimo ba bile ba entse lerata. Banna bao ba fetang 30, ba ile ba kenya letšoele leo le neng le tšohile ka holong ea ho ikoetlisa ea sekolo seo ’me ba tlamella libomo ho e potoloha.

Ntoa le Tlhaselo e Mabifi

Ho ile ha qhoma ntoa e mahlo-mafubelu pakeng tsa banna bao le mabotho a tšireletso e nkileng matsatsi a mararo. Natalya, ea neng a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova o re: “Ke ne ke qala ho rapela hakaalo bophelong ba ka.”

E ne e le lehlabula ’me ho ne ho chesa haholo ka holong eo. Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, banna bao ha baa ka ba fa batšoaruoa lijo kapa metsi ’me ka letsatsi la boraro—e leng Labohlano—batšoaruoa ba bang ba ile ba qala ho noa mosese le ho ja lipalesa tseo bana ba neng ba li reketse litichere tsa bona. Natalya o re: “Moshanyana ea neng a lutse pel’a rōna o ile a mpha lekhasi. Ke ile ka le nka ’me ka le arolela Anzhelika le Aslan.”

Ka mor’a matsatsi a mabeli, libomo li ile tsa phatloha. Natalya o re: “Ho phatloha hoo ho ile ha ntihela fatše. Ho ile ha tlala mosi o mongata ’me lithunya tsa qala ho khabola.” Ha mabotho ao a ntse a thunyana le likhukhuni, Natalya le Aslan ba ile ba khasetsa ka ntle. Monna oa Mooseshia ea lulang motsaneng oo, e leng Alan, o ile a ba hulela sebakeng se sireletsehileng. Empa batho ba bang ba bangata ha baa ka ba pholoha.

Liketsahalo Tsa ka Mor’a Moo

Anzhelika o ile a shoa ha libomo li ne li phatloha

Ho ile ha shoa bana ba bangata le batho ba baholo, ho akarelletsa le Anzhelika. Libeke ka mor’a moo, ho ne ho lula ho utloahala batho ba bokollang Beslan. Natalya o lula haufi le sekolo seo empa esita le ka mor’a hore ho hahoe se seng haufi le bona, Aslan o ne a sitoa ho kena ka har’a sona. O ne a bile a sa batle ho bapalla ka ntle. Natalya o re: “Re ile ra rapela Jehova ka matla hore a mo thuse ho hlōla tšabo eo.” Ha nako e ntse e ea, o ile a ba le sebete sa ho khutlela sekolong.

Teko eo Natalya a neng a tobane le eona ke ea ho ea libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso. O re: “Nako le nako ha ke ne ke e-ba har’a batho ba bangata ka har’a mohaho, ke ne ke utloa eka re tla tloha re hlaseloa. Ke ne ke rapela hore seo se se ke sa etsahala. Ka mor’a nako ke ile ka khaotsa ho ea libokeng. Ke ne ke boetse ke tšoenngoa ke hore re ile ra pholoha empa batho ba bangata ba timela.”

Baa Tšelisoa

Natalya o re: “Ke leboha haholo litho tsa phutheho tse ileng tsa nthusa. Paki e bitsoang Tatyana, e ne e nketela hararo ka beke. Hamorao, Tatyana o ile a tla le Ulyana e leng Paki e mosa, e tsebang ho bua le batho hantle e bileng e leng bonolo ’me e tseba Bibele haholo. Ulyana o ile a mpabatsa ka boiteko boo ke bo entseng ’me a ’mamela ka hloko ha ke bua.

“Ke se ke khona ho bua ka se ileng sa etsahala ke sa utloe bohloko kapa hona ho tšaba”

“O ile a mpalla mantsoe a moapostola oa Mokreste Pauluse a ho 2 Bakorinthe 1:9. Ka mor’a hore Pauluse a hlaheloe ke tlokotsi Asia, o ile a re: ‘Re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re ne re amohetse kahlolo ea lefu.’ O ile a bala le Esaia 40:31 e reng: ‘Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu.’ Mangolo a kang ao hammoho le tšehetso eo ke neng ke e fumana ho Ulyana le ba bang, e ile ea ’matlafatsa hore ’na le bana ba ka re ee libokeng tsa Bokreste hape. Leha ho le joalo, ke ntse ke sa phutholohe ha ke le ka holong.”

Hamorao Zarina e ile ea e-ba Paki ea Jehova ’me o labalabela ho amohela Anzhelika ha a tsosoa bafung ho tla phela lefatšeng le letle le le nang le khotso le tla beng le busoa ke ’Muso oa Molimo. (Matheu 6:9, 10; Liketso 24:15) Natalya le bana ba hae ba ile ba kolobetsoa ka 2009. Ba ntse ba lula haufi le maloanlahla a holo ea boikoetliso empa ba tšelisehile. Natalya o re: “Ke se ke khona ho bua ka se ileng sa etsahala ke sa utloe bohloko kapa hona ho tšaba. Molimo o re thoba maqeba.”