Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Malaria

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Malaria

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore ka 2013, batho ba fetang limilione tse 198 ba ile ba tšoaetsoa ke boloetse ba malaria ’me ba 584 000 ba bolaoa ke bona. Hoo e ka bang batho ba bane ho ba bahlano ba bolailoeng ke boloetse boo, e ne e le bana ba lilemo tse ka tlaase ho tse hlano. Batho ba ka bang libilione tse 3, 2 ba lulang linaheng tse ka bang lekholo le libakeng tse ling lefatšeng ka bophara, ba kotsing ea ho tšoaroa ke boloetse bona.

1 MALARIA KE ENG?

Malaria ke boloetse bo bakoang ke likokoana-hloko. Matšoao a boloetse bona a akarelletsa feberu, mohatsela, ho fufuleloa, hlooho, ’mele o opang, ho nyekeloa ke pelo le ho hlatsa. Ka linako tse ling, matšoao ana a ka ’na a hlaha ka mor’a matsatsi a mabeli ho isa ho a mararo, ho itšetlehile ka hore na motho o tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea mofuta ofe le hore na o na le nako e kae a tšoaelitsoe ke boloetse boo.

2 MALARIA E JALEHA JOANG?

  1. Likokoana-hloko tsa malaria tse bitsoang Plasmodia—li kena maling a motho ha a qeta ho longoa ke monoang o motšehali o bitsoang Anopheles.

  2. Likokoana-hloko tsena li kena liseleng tsa sebete sa motho ea tšoaelitsoeng, ebe lia ikatisa.

  3. Ha lisele tsa sebete li phunyeha, li ntša likokoana-hloko ’me li hlasela lisele tse khubelu tsa mali a motho ea tšoaelitsoeng, moo li tsoelang pele ho ikatisa.

  4. Ha sele e khubelu e phunyeha, e ntša likokoana-hloko tse hlaselang lisele tse ling tse khubelu.

  5. Ha lisele tse khubelu tsa mali li tsoela pele ho phunyeha, likokoana-hloko le tsona li tsoela pele ho hlasela lisele tse ling tse khubelu. Nako le nako ha lisele tsena li phunyeha, motho ea tšoaelitsoeng ke malaria o ba le matšoao a boloetse bona.

3 U KA ITŠIRELETSA JOANG BOLOETSENG BOO?

Haeba u lula naheng eo malaria e atileng haholo . . . 

  • Sebelisa nete e koahelang bethe kapa nete e thibelang menoang. Tiisa hore

    • e tšetsoe ka moriana o bolaeang likokoanyana.

    • ha e na masoba kapa ha ea taboha.

    • e subetsoe hantle tlas’a materase.

  • Sebelisa senyanyatsi se bolaeang menoang lelapeng la hao.

  • Ha ho khoneha, kenya nete e thibelang likokoanyana mamating le lifensetereng ’me u sebelise li-air conditioner le lifene tse tla balehisa menoang.

  • Apara liaparo tse khanyang tse u koahelang ’mele kaofela.

  • Ha ho khoneha, qoba ho tsamaea libakeng tse nang le lifate tse ngata le joang, moo menoang e leng mengata le libakeng tse emeng metsi, e leng moo e ikatisang teng.

  • Haeba u tšoaelitsoe ke malaria, e ea ngakeng hang-hang.

Haeba u rera ho etela naheng eo malaria e atileng haholo . . . 

  • Batla boitsebiso ba morao-rao pele u eta. Mofuta oa likokoana-hloko tse bakang malaria o fapana ho ea ka libaka ’me seo se tla ama taba ea hore u lokela ho sebelisa moriana ofe o loketseng haholo. Hape e ka ba hantle hore u buisane le ngaka ea hao ka lintho tseo u lokelang ho li ela hloko ho latela mafu a kileng a u tšoara.

  • Ha u etetse naheng eo, latela litaelo tse fanoeng sehloohong sena bakeng sa batho ba lulang moo malaria e atileng teng.

  • Haeba u tšoaelitsoe ke malaria, e ea ngakeng hang-hang. Hlokomela hore matšoao a boloetse mona a ka ’na a hlaha ka mor’a beke kapa libeke tse ’nè u tšoaelitsoe.