Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LITŠOANTŠO TSA MEHLENG EA KHALE

Herodotus

Herodotus

BOPHELO bo ne bo le joang lilemong tse makholo tse fetileng? Ke lintho life tseo batho ba neng ba tloaetse ho li etsa? Re ka fumana likarabo tse ling thutong ea ho epolloa ha lintho tsa khale. Ho bala libuka tsa histori tse ngotsoeng ke motho ea phetseng nakong eo, ho tla re thusa ho utloisisa tsela eo batho ba khale ba neng ba etsa lintho ka eona. Motho eo o phetse lilemong tse ka bang 2 400 tse fetileng. Lebitso la hae ke Herodotus, e leng rahistori oa Mogerike oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. O ngotse buka e bitsoang The Histories.

Herodotus o ile a ngola hore na ke hobane’ng ha Bagerike ba ile ba kopanela lintoeng, empa haholo-holo ka litlhaselo tsa Mapersia tse ileng tsa etsahala ha e sa le moshanyana pakeng tsa 490 le 480 B.C.E. Ho e-na le hore a ngole ka litlhaselo tse neng li etsoa ke ’muso oa Persia feela, Herodotus o ile a tlaleha ntho e ’ngoe le ’ngoe ka linaha tse ileng tsa ameha ha ’muso oa Persia o hatela pele.

HAA NGOLA HISTORI FEELA TJEE!

Herodotus o ne a e-na le bokhoni ba ho hlalosa lintho. O ne a ngola libuka tsa hae ka tsela e hlakileng ’me a akarelletsa boitsebiso bohle boo a neng a bona bo le molemo e le hore a thuse batho ho utloisisa seo a buang ka sona ka botlalo. Seo Herodotus a se finyeletseng mosebetsing oa hae sea ikhetha hobane o ne a sa nke boitsebiso litlalehong tsa ’muso tse tlalehang liketsahalo tsa khale kaha li ne li le sieo ka nako eo.

Mehleng eo, ke batho ba seng bakae feela ba neng ba tlaleha litaba tsa histori ’me ba etsa sena hobane feela ba batla ho rorisoa le hore mabitso a bona a ngoloe lifikeng kapa ba etsetsoe liemahale. E le hore a ngole ka liketsahalo tse itseng, Herodotus o ne a itšetlehile ka lintho tseo a neng a li bona, meetlo ea moo hammoho le seo batho ba bang ba neng ba mo bolella sona. Herodotus o ne a etela libaka tse ngata haholo e le hore a fumane boitsebiso boo a bo hlokang. O hōletse Halicarnassus koloneng ea Greece (eo hona joale e leng Bodrum, e ka boroa ho Turkey) a boela a etela Greece.

Herodotus o ne a etela libakeng tse ngata haholo e le hore a fumane boitsebiso boo a bo hlokang

O ile a etsa boiteko ba hore a ee ka leboea ho Leoatle le Letšo le Scythia, sebaka seo hona joale e leng Ukraine le ka boroa ho Palestina le karolong e ’ngoe ea Egepeta. Ho bonahala a ile a fihla le ka bochabela ho Babylona, a qeta matsatsi a ’maloa ka bophirimela a ba a fihla koloneng ea Greece moo kajeno e leng karolo e ka boroa ea Italy. Hohle moo a neng a e-ea teng, o ne a sheba, a batlisisa a bile a batla boitsebiso ho batho bao a neng a nka hore baa tšepahala.

TLALEHO EA HERODOTUS E NEPAHETSE

Sekhechana sa buka ea The Histories

Tlaleho ea Herodotus e nepahetse hakae? Boitsebiso boo a faneng ka bona mabapi le linaha tseo a ileng a li etela le lintho tseo a li boneng bo nkoa bo nepahetse. Lintho tseo a li hlalositseng mabapi le litloaelo tsa Bagerike tse kang mekhoa ea ho boloka litopo e neng e sebelisoa ke Baegepeta kapa mapato a Maskitha a borena, li lumellana le tseo baepolli ba lintho tsa khale ba li fumaneng. Boitsebiso bo bongata boo a ileng a bo fumana ka Egepeta “ke ba bohlokoa haholo ho feta ntho e le efe e ileng ea ngoloa mehleng ea khale ka naha eo.”

Leha ho le joalo, hangata Herodotus o ne a lokela ho itšetleha ka bopaki boo a neng a sa kholiseha ka bona. Ho ekelletsa moo, batho ba mehleng eo ba ne ba lumela hore ka tsela e itseng melimo ea bona ea bohata e ka ba thusa. Kahoo, hase lintho tsohle tseo a li ngotseng tseo bo-rahistori ba mehleng ea kajeno ba lumellanang le tsona. Ho sa tsotellehe seo, Herodotus o ile a leka ho bontša phapang pakeng tsa seo e leng ’nete le lipale tseo batho ba neng ba iqapela tsona. O ile a bolela hore ha aa ka a lumela lintho tsohle tseo a ileng a li bolelloa ke batho. O ne a etsa qeto ea seo a tla se ngola ka mor’a hore a hlahlobe le ho bapisa boitsebiso boo a neng a bo fumane.

Buka ea The Histories e bua haholo ka mosebetsi oo Herodotus a ileng a o etsa. Le hoja a ne a sa fumane boitsebiso habonolo, o ile a finyella ho hongata.