Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

1 | Thapelo—“Lahlelang Lintho Tsohle Tse le Tšoenyang ho Eena”

1 | Thapelo—“Lahlelang Lintho Tsohle Tse le Tšoenyang ho Eena”

BIBELE E RE: “Lahlelang lintho tsohle tse le tšoenyang ho [Molimo] hobane oa le tsotella.”—1 PETROSE 5:7.

Taba ee e Bolela’ng?

Jehova Molimo o batla hore re mo bolelle lintho tsohle tse re tšoenyang. (Pesaleme ea 55:22) Jehova oa re tsotella ebile o utloisisa hantle kamoo re ikutloang kateng. Kahoo, re lokela ho mo rapela ho sa tsotellehe hore na ntho e re tšoenyang e kholo kapa e nyenyane hakae. Ho mo rapela ho bohlokoa hobane ho tla etsa hore re be le khotso.—Bafilipi 4:6, 7.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?

Ha re e-na le khatello ea maikutlo re ka ikutloa eka batho ba bang ha ba re tsotelle. Ha se kamehla batho ba bang ba ka utloisisang hore na re ikutloa joang. (Liproverbia 14:10) Empa Molimo eena oa utloisisa ebile o tla lula a re mamela ha re mo bolella hore na re ikutloa joang. Jehova oa re bona, o tseba bohloko boo re bo utloang le mathata a re hlahelang ’me o batla hore re mo bolelle lintho tsohle tse re tšoenyang.—2 Likronike 6:29, 30.

Ho rapela Jehova ho ka re kholisa le ho feta hore oa re tsotella. Re ka ikutloa joaloka mongoli e mong oa pesaleme ea ileng a re ha a rapela: “U bone mahlomola a ka. Oa tseba hore ke tšoenyehile haholo.” (Pesaleme ea 31:7) Ho tseba hore Jehova oa hlokomela hore na re tšoenngoa ke’ng ho ka re thusa hore re ’ne re mamelle mathata. Empa ha se eona feela ntho eo Jehova a e hlokomelang. O utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona ho feta motho leha e le ofe ’me o re tšelisa le ho re khothatsa a sebelisa Bibele.