Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Fumana Keletso e Tšepahalang Hokae Mehleng ee?

U ka Fumana Keletso e Tšepahalang Hokae Mehleng ee?

U ka kholiseha joang hore liqeto tseo u li etsang li tla u tsoela molemo lefatšeng lee le ntseng le fetoha? U ka kholiseha joang hore lintho tse nkoang li nepahetse mehleng ee li ke ke tsa fetoha?

Bibele e ka u thusa ho etsa liqeto tseo u ke keng oa ikoahlaela tsona le ka mohla. Seo se ka khoneha joang? Bibele e tsoa ho ’Mopi oa rona ’me oa tseba hore na ke’ng e tla etsa hore re thabe le hore re ikutloe re sireletsehile.

“Molimo o u boleletse se molemo.”—Mikea 6:8.

Bibele e fana ka tataiso e molemo. Re ka e “tšepa kamehla, hona joale le ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 111:8.

Ke hobane’ng ha u sa ithute hore na Bibele e ka u thusa joang lefatšeng lee le lulang le fetoha?