Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo oa re Qenehela?

Na Molimo oa re Qenehela?

POPO E RE RUTA’NG?

Ho qenehela motho ho bolela “ho nahana hore na ha u ne u le boemong ba hae u ne u tla ikutloa joang.” Dr. Rick Hanson eo e leng setsebi sa kelello o re “ho qenehela motho ke ntho e maling.”

NAHANA: Batho ke bona feela ba khonang ho qenehela. Ke hobane’ng ha re bopiloe ka tsela ee? Bibele e re re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Taba ena e bolela hore Molimo o re bopile re e-na le makhabane a tšoanang le a hae ebile re ka khona ho mo etsisa. Kahoo, ha re thusa batho ba bang hobane re ba qenehela, re etsisa Molimo oa rona ea mosa e leng Jehova.—Liproverbia 14:31.

BIBELE E RE MOLIMO OA RE QENEHELA

Molimo oa re qenehela ebile o utloa bohloko haholo ha a bona re hlaheloa ke mathata. Baiseraele ba ile ba sotloa hampe ha e ntse e le makhoba Egepeta eaba ka mor’a moo ba qeta lilemo tse 40 ba phela ka thata lefeelleng. Bibele e re ka bona: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.” (Esaia 63:9) Temana ena ha e re feela Molimo o ile a bona mahlomola a bona empa e re o ile a ba utloela bohloko. O ile a re: ‘Ke tseba hantle bohloko boo ba bo utloang.’ (Exoda 3:7) Hape o re “ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zakaria 2:8) Ha batho ba bang ba re utloisa bohloko, pelo ea hae e utloa bohloko.

Le haeba re ipona re se na thuso ebile re sa tšoaneloe ke hore ebe Molimo oa re qenehela, Bibele eona e re: “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:19, 20) O re tseba le ho feta kamoo re itsebang kateng. O tseba hantle hore na re nahanne’ng le hore na re ikutloa joang, o bile o tseba le maemo a rona hantle. Hape oa re qenehela.

Re ka tšepa hore Molimo o tla re tšelisa a be a re fe bohlale le matla hobane rea tseba hore oa re thusa ha re imetsoe

Bibele e re:

  • ‘Le tla hooa, ’me Jehova o tla araba; le tla hoeletsa ho kōpa thuso, ’me o tla re, ‘Ke ’na enoa!’’—ESAIA 58:9.

  • “‘Etsoe ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo. Ka sebele le tla mpitsa ’me le tl’o nthapela, ’me ke tla le mamela.’”—JEREMIA 29:11, 12.

  • “U tšele meokho ea ka ka lekukeng la hao. Na ha e bukeng ea hao?”—PESALEME EA 56:8.

MOLIMO O TSEBA MATHATA A RONA HANTLE

Ho tseba hore Molimo oa re qenehela ho ka re thusa ho mamella mathata. Hlokomela hore na ’Mè Maria o re’ng:

“Mora oa ka ea lilemo li 18 o ile a hlokahala ka mor’a lilemo tse peli a tšoeroe ke mofetše. Ke ile ka utloa bohloko bo otlang pelo ka ba ka utloa eka Jehova o ntlhoketse toka. Ke ne ke koatetse hore ebe ha aa ka a folisa mora oa ka.

“Ka mor’a lilemo tse tšeletseng ke ile ka bolella motsoalle e mong oa ka eo e leng Mokreste-’moho le ’na hore ke bona Jehova a sa nthate. O ile a ’mamela ka hloko a sa nkene hanong, eaba ka mor’a moo o nkhopotsa lengolo la 1 Johanne 3:19, 20 le ileng la nkama maikutlo haholo. Le re: ‘Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.’ O ile a ntlhalosetsa hore Jehova o tseba mathata a rona hantle.

“Ho ntse ho le joalo ke ile ka ’na ka koatela Jehova. Eaba ke bala lengolo la Pesaleme ea 94:19 le reng: ‘Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.’ Mangolo ana a ile a nthusa haholo. Ha nako e ntse e ea, pelo ea ka e ile ea kokobela ha ke bolella Jehova mathata a ka. Kea tseba hore oa ’mamela ebile o utloisisa boemo ba ka.”

Ho tseba hore Molimo o utloisisa maemo a rona hantle le hore oa re qenehela ho re tiisa ’moko. Empa ke hobane’ng ha mathata a le mangata hakaale? Na ebe ke hobane ho na le lintho tse fosahetseng tseo re li entseng tseo Molimo a re otlelang tsona? Na Molimo o tla felisa mathata aa kaofela? Lipotso tsena li tla arajoa lihloohong tse latelang.