Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Elias Hutter le Liphetolelo (phetolelo ea Hae e Ikhethang ea Bibele ea Seheberu) Tsa Hae Tse Ikhethang Tsa Bibele Tsa Seheberu

Elias Hutter le Liphetolelo (phetolelo ea Hae e Ikhethang ea Bibele ea Seheberu) Tsa Hae Tse Ikhethang Tsa Bibele Tsa Seheberu

NA U KA khona ho bala Seheberu se sebelisitsoeng ha ho ne ho ngoloa Bibele? Mohlomong u ke ke oa khona. Ebile ho ka etsahala hore ha u e-s’o bone Bibele e ngotsoeng ka Seheberu. Leha ho le joalo, u ka rata Mangolo a Halalelang le ho feta ka ho ithuta ho hong ka setsebi se seng se phetseng lilemong tsa bo-1500 se bitsoang Elias Hutter le liphetolelo tsa hae tsa Bibele tsa puo ea Seheberu.

Elias Hutter o hlahetse Görlitz ka 1553, e leng toropo e haufi le leliboho la Jeremane le Poland le Czech Republic. Hutter o ile a ithuta lipuo tse buoang Asia univesithing ea Lutheran e Jena. Ha a le lilemo li 24, e ile ea e-ba profesa ea puo ea Seheberu Leipzig. Kaha o ne a rata thuto le ho e ntšetsa pele, o ile a theha sekolo sa ho ithuta Seheberu, Segerike, Selatine le Sejeremane toropong ea Nuremberg, ’me liithuti li ne li nka lilemo tse ’nè ho ithuta lipuo tsena. Mehleng eo, batho ba ne ba sa khone ho ithuta lipuo tseo likolong le liunivesithing.

“PHETOLELO EA BIBELE E IKHETHANG”

Leqephe le qalang Bibele ea Seheberu ea Hutter ea 1587

Ka 1587, Hutter o ile hatisa Bibele ea Seheberu eo hona joale e tsejoang e le Testamente ea Khale. E ne e bitsoa Derekh ha-Kodesh, e nkiloeng ho Esaia 35:8 ’me e bolela “Tsela ea Khalalelo.” Mokhoa o motle oo e neng e ngotsoe ka oona, o ne o etsa hore motho a hlokomele ‘se ikhethang ka khatiso ena’. Empa ntho e neng e ikhetha ka Bibele eo ke hore liithuti li ne li e sebelisa ho ithuta Seheberu.

E le hore re utloisise hore na ke hobaneng ha khatiso ea Hutter e ne e le ea bohlokoa, a re ke re hlahlobe lintho tse peli tse neng li fa batho ba neng ba ithuta Seheberu bothata ha ba ne ba bala Bibele ea Seheberu. Ea pele, litlhaku tsa alfabeta li ne li sa tloaeleha. Ea bobeli, ka linako tse ling, mantsoe a ne a kenngoa litlhaku tse etsang hore ho be thata ho utloisisa lentsoe. Mohlala oa sena ke lentsoe la Seheberu נפשׁ (leo ha le fetoleloa e leng ne’phesh) e bolelang “moea.” Ho Ezekiele 18:4, lentsoe lena le kentsoe tlhaku ה (kapa ha) e bolelang “o”, e leng se etsang hore e be poleloana הנפשׁ (han·ne’phesh) e leng “moea o”. Ho motho ea sa tsebeng poleloana, הנפשׁ (han·ne’phesh) e leng “moea o” e ka bonahala eka ke ntho e fapaneng le lentsoe נפשׁ (ne’phesh) e leng “moea”.

Hutter o ile a thusa liithuti tsa hae ka hore ebe o ile a qapa mokhoa o motle oa ho kopitsa kapa ho hatisa mongolo, e leng oa ho ngola litlhaku tsa Seheberu ka tsela e hlakileng. O ile a hatisa mantsoe a bohlokoa ka mongolo o motenya. Empa o ne a ngola litlhaku tse fetisang molaetsa ka mongolo o motenya. Mokhoa ona o bonolo oa ho ngola o ne o thusa liithuti tsa puo ho hlokomela mantsoe a bohlokoa e leng se neng se etsa hore ba khone ho ithuta puo habobebe. New World Translation of the Holy Scriptures—With References e sebelisa mokhoa o tšoanang oa ho ngola litaba tse hlahang ho naletsana e botlaaseng ba leqephe. * Mantsoe a bohlokoa a ngotsoe ka mongolo o motenya, empa litlhaku tse etsang hore mantsoe ao e be lipoleloana li ngotsoe ka mongolo o tloaelehileng (“moea” le “moea o”). Litšoantšo tse ka holimo li bontša mongolo oo Phetolelo ea Bibele ea Hutter ea Seheberu e o sebelisetseng ho Ezekiele 18:4 le o sebelisitsoeng Bibeleng ea reference naletsaneng e botlaaseng ba leqephe.

KHATISO EA SEHEBERU EA “TESTAMENTE E NCHA”

Hutter o ile a boela a hatisa karolo ea Bibele e tsejoang e le Testamente e Ncha ka lipuo tse 12. Khatiso ena e ile ea lokolloa Nuremberg ka 1599, ’me hangata e bitsoa Nuremberg Polyglot. Hutter o ne a batla hore ho be le phetolelo ea Seheberu ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Empa o ile a re leha a ne a ka patala chelete e ngata hore phetolelo eo e ngoloe, hoo e ne tla ba ho se nang thuso. * Ke kahoo a ileng a etsa qeto ea ho fetolela Testamente e Ncha ho tloha Segerikeng ho ea Seheberung. O ile a behella mesebetsi e meng ea hae ea letsatsi le letsatsi ka thoko eaba o qalella mosebetsi oa ho fetolela o ileng oa mo nka selemo feela.

Phetolelo ea Testamente e Ncha ka Segerike ea Hutter e ne e nepahetse hakae? Franz Delitzsch, e leng setsebi sa Seheberu se phetseng lilemong tsa bo-1800 o ile a re: “Phetolelo ea hae ea Seheberu e bontša hore o ne a utloisisa puo ea Seheberu ka tsela e hlakileng, eleng ntho e neng e sa tloaeleha har’a Bakreste, ’me ho hlahloba phetolelo eo e ntse e le ha bohlokoa le kajeno kaha e toba taba ’me hape e sebelisa lipolelo tse nepahetseng.”

E BILE LE TŠUSUMETSO KA NAKO E TELELE

Hutter ha ea ka ea e-ba morui ka lebaka la mosebetsi oa hae oa ho fetolela Bibele hobane likhatiso tsa hae ha lia ka tsa rekoa haholo. Leha ho le joalo, mosebetsi oa hae o bile le tšusumetso e kholo ka nako e telele. Ka mohlala, phetolelo ea hae ea Testamente e Ncha ka Seheberu e ile ea nchafatsoa ’me ea hatisoa hape ka 1661 ke William Robertson, eaba hape e hatisoa ke Richard Caddick ka 1798. Nakong eo a neng a fetolela ho tsoa Segerikeng sa qalong, Hutter ka nepo o ile a fetolela litlotla Kyʹri·os (Morena) le The·osʹ (Molimo) e le “Jehova”(יהוה, JHVH) moo taba e qotsitsoeng Mangolong a Seheberu, kapa moo a neng a lumela hore taba eo ho buoang ka eona e bua ka Jehova. Taba ena ke ea bohlokoa hobane liphetolelo tse ngata tsa Testamente e Ncha li ne li sa sebelise lebitso la Molimo, empa liphetolelo tsa Hutter tsona li ne li fana ka bopaki bo tšehetsang bohlokoa ba ho khutlisetsa lebitso la Molimo ka Mangolong a Segerike a Bakreste.

Ha u bona lebitso la Molimo, Jehova, ka Mangolong a Segerike a Bakreste kapa u le bona naletsaneng e botlaaseng ba leqephe ho Reference Bible, hopola mosebetsi oa Hutter o tsoileng matsoho le liphetolelo tsa hae tse ikhethang tsa Bibele ka Seheberu.

^ ser. 7 Sheba naletsana ea bobeli lengolong la Ezekiele 18:4 le Sehlomathiso sa 3B ho Reference Bible.

^ ser. 9 Ke ’nete hore litsebi tse ling li ile tsa hlahisa liphetolelo tsa Seheberu tsa Testamente e Ncha le pele ho moo. E mong oa litsebi tseo ke Simon Atoumanos, eleng monna oa moitlami oa Byzantine ea hlahisitseng phetolelo ea hae lilemong tsa bo-1360. E mong ke setsebi sa Lejeremane Oswald Schreckenfuchs, ea entseng phetolelo ea hae lilemong tsa bo-1565. Liphetolelo tsena ha lia ka tsa hatisoa hore batho ba li fumane ’me ha li sa fumaneha.