Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 28

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

Na u Khona ho Hlokomela ’Nete?

Na u Khona ho Hlokomela ’Nete?

“Le eme le tiile, le itlamme matheka ka lebanta la ’nete.”BAEF. 6:14.

NTLHA-KHOLO

Ithute ho khetholla phapang pakeng tsa ’nete eo re e rutoang ke Jehova le mashano a jaloang ke Satane le bahanyetsi ba rona.

1. U ikutloa joang ka ’nete?

 BATHO ba Jehova ba rata ’nete e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. Tumelo ea rona e thehiloe ho lona. (Bar. 10:17) Re kholisehile hore Jehova o thehile phutheho ea Bokreste “e tšehetsang le ho sireletsa ’nete.” (1 Tim. 3:15) Hape re thabela ho ikokobelletsa ‘ba re etellang pele’ ha ba re hlalosetsa ’nete e tsoang ka Bibeleng le ho re fa tataiso e tumellanong le thato ea Molimo.—Baheb. 13:17.

2. Ho latela Jakobo 5:19, ke’ng e ka re etsahallang ka mor’a hore re ithute ’nete?

2 Leha ho le joalo, ka mor’a ho amohela ’nete le ho lumela hore re lokela ho latela tataiso e tsoang mokhatlong oa Molimo, re ntse re ka khelosoa. (Bala Jakobo 5:19.) Satane o rata hore re se ke ra tšepa Bibele kapa tataiso eo re e fumanang ka mokhatlong oa Molimo.—Baef. 4:14.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho itšoarella ’neteng? (Baefese 6:13, 14)

3 Bala Baefese 6:13, 14. Haufinyane Diabolose o tla sebelisa mashano a matla ho khelosa lichaba hore li nke lehlakore khahlanong le Jehova. (Tšen. 16:13, 14) Re ka lebella hore Satane o tla leka ka matla ho khelosa batho ba Jehova. (Tšen. 12:9) Ke kahoo ho leng bohlokoa hore re ikoetlisetse ho mamela ’nete le ho tseba phapang pakeng tsa ’nete le leshano. (Bar. 6:17; 1 Pet. 1:22) Re lokela ho etsa sena e le hore re pholohe mahlomola a maholo.

4. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tl’o hlahloba makhabane a mabeli ao re a hlokang, e le hore re ka hlokomela ’nete e tsoang ka Bibeleng le ho amohela tataiso e tsoang mokhatlong oa Molimo. Ka mor’a moo, re tla tšohla lintlha tse tharo tseo re lokelang ho li latela e le hore re ka tsoela pele re tšoareletse ’neteng.

MAKHABANE AO RE A HLOKANG E LE HORE RE HLOKOMELE ’NETE

5. Ho tšaba Jehova ho re thusa joang ho khetholla ’nete?

5 Ho tšaba Jehova. Ho tšaba Jehova ho bolela hore re mo rata haholo hoo re ke keng ra etsa letho ho mo halefisa. Re na le tabatabelo ea ho ithuta ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, le ’nete ho leshano, e le hore re ka fumana kamohelo ea Jehova. (Liprov. 2:3-6; Baheb. 5:14) Le ka mohla ha rea lokela ho lumella boikutlo ba ho tšaba batho hore bo be matla ho feta ho rata Jehova, hobane hangata lintho tse thabisang batho ha li thabise Jehova.

6. Ho tšaba batho ho ile ha etsa hore likhosana tsa Baiseraele tse leshome li sothe ’nete joang?

6 Haeba re ne re ka tšaba batho ho feta Molimo, re ne re tla khelosoa ’neteng. Nahana ka banna ba 12 ba likhosana ba ileng ba hloela naha eo Jehova a neng a tšepisitse ho e fa Baiseraele. Ba leshome ba bona ba ile ba tšaba Bakanana ho feta ho rata Jehova. Ba ile ba re ho Baiseraele: “Re ke ke ra khona ho loantša batho bao hobane ba matla ho re feta.” (Num. 13:27-31) Ho ea ka pono ea motho, Bakanana ba ne ba le matla ho feta Baiseraele. Empa motho ea neng a re Baiseraele ba ke ke ba khona ho hlola lira tsa bona o ne a sa nahane ka Jehova. Banna bao ba leshome ba ka be ba ile ba tsepamisa mohopolo ho seo Jehova a neng a batla hore Baiseraele ba se etse. Hape ba ka be ba ile ba nahanisisa ka lintho tseo Jehova a sa tsoa ba etsetsa tsona. Seo se ka be se ba thusitse hore ba hlokomele hore matla ao Bakanana ba nang le ’ona hase letho ha a bapisoa le matla ao Jehova a nang le ’ona. Ho fapana le lihloela tseo tse se nang tumelo, Joshua le Kalebe ba ne ba batla kamohelo ea Jehova. Ba ile ba re ho sechaba: “Haeba re khahlisa Jehova, o tla re kenya naheng ena ’me a re fe eona.”—Num. 14:6-9.

7. Re lokela ho etsa’ng e le hore re tšabe Jehova haholoanyane? (Sheba setšoantšo.)

7 E le hore re tšabe Jehova haholoanyane, re lokela ho nahana ka hore na ke eng e tla mo khahlisa nako eohle ha re etsa liqeto. (Pes. 16:8) Ha u ntse u bala litlaleho tsa Bibele, ipotse: ‘Ha ke ne ke le boemong boo, nka be ke ile ka etsa qeto efe?’ Ka mohlala, ipone u mametse likhosana tseo tse leshome ha li re Baiseraele ba ke ke ba khona ho hlola Bakanana. Na u ka be u ile oa li kholoa eaba u tšaba batho kapa lerato leo u ratang Jehova ka lona le takatso ea ho mo thabisa li ka be li bile matla ho feta ho tšaba batho? Sechaba sohle sa Iseraele se ile sa hloleha ho hlokomela ’nete eo Joshua le Kalebe ba neng ba e bua. Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a lumella Baiseraele bao ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Num. 14:10, 22, 23.

U ka be u ile oa kholoa mang? (Sheba serapa sa 7)


8. Ke tšobotsi efe eo re lokelang ho e hlaolela hona hobane’ng?

8 Boikokobetso. Jehova o senolela batho ba ikokobelitseng ’nete. (Mat. 11:25) Re ile ra ikokobetsa ’me ra amohela thuso ea ho ithuta ’nete. (Lik. 8:30, 31) Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra ikhohomosa. Boikhohomoso bo ka etsa hore re nahane hore maikutlo a rona a nepahetse joaloka melao-motheo ea Mangolo le tataiso e tsoang mokhatlong oa Jehova.

9. Re ka etsa’ng hore re lule re ikokobelitse?

9 E le hore re lule re ikokobelitse, re lokela ho hopola hore na re fokola hakae ha re bapisoa le Jehova. (Pes. 8:3, 4) Re ka boela ra kopa Jehova hore a re thuse hore re ikokobetse re be re be le moea oa ho batla ho ithuta. Jehova o tla re thusa hore re nke menahano ea hae e hlahang ka Lentsoeng la hae le e tsoang mokhatlong oa hae e le bohlokoa ho feta menahano ea rona. Ha u ntse u bala Bibele, batla bopaki bo bontšang hore Jehova o rata batho ba ikokobelitseng le hore o hloile boikhohomoso le boikakaso. Haeba u fumana boikarabelo bo eketsehileng bo etsang hore u be le matla a itseng, leka ka matla hore u lule u ikokobelitse.

RE KA TŠOARELLA ’NETENG JOANG?

10. Ke bo-mang bao Jehova a ileng a ba sebelisa ho fa batho ba hae tataiso?

10 Tsoela pele u tšepa tataiso e tsoang mokhatlong oa Jehova. Iseraeleng ea boholo-holo, Jehova o ile a sebelisa Moshe le Joshua ho fa batho ba hae tataiso. (Josh. 1:16, 17) Baiseraele ba ne ba lula ba hlohonolofatsoa ke Jehova Molimo ha ba nka tataiso eo e tsoa ho eena. Lilemo tse makholo hamorao ha phutheho ea Bokreste e thehoa, Jehova o ile a sebelisa baapostola ba 12 ho fana ka tataiso. (Lik. 8:14, 15) Hamorao, sehlopha seo se ile sa akareletsa le baholo ba Jerusalema. Ka ho latela tataiso ea banna bao ba tšepahalang, ‘liphutheho li ile tsa ’na tsa matlafala tumelong ’me tsa hola letsatsi le letsatsi.’ (Lik. 16:4, 5) Mehleng ea kajeno, le rona rea hlohonolofatsoa haeba re latela tataiso eo Jehova a fanang ka eona a sebelisa mokhatlo oa hae. Empa Jehova o ne a ka ikutloa joang haeba re ne re ka hana ho ela hloko bao a ba khethileng ho fana ka tataiso? Re ka araba potso eo ka ho hlahloba se ileng sa etsahala ha Baiseraele ba ne ba le tseleng e eang Naheng e Tšepisitsoeng.

11. Ho ile ha etsahala’ng ka batho ba sa kang ba hlompha motho eo Molimo a neng a mo khethile hore a ba etelle pele, e leng Moshe? (Sheba setšoantšo.)

11 Nakong eo Baiseraele ba ntseng ba le leetong le eang Naheng e Tšepisitsoeng, banna ba hlaheletseng ba ile ba fetohela Moshe le boemo boo Jehova a mo fileng bona. Ba ile ba re: “Sechaba sohle [eseng Moshe feela] sea halalela, kaofela ha sona ’me Jehova o har’a sona.” (Num. 16:1-3) Le hoja e ne e le ’nete hore mahlong a Molimo “sechaba sohle” se ne se halalela, Jehova o ne a khethile Moshe hore a etelle sechaba pele. (Num. 16:28) Ha marabele ao a ne a nyatsa Moshe, ha e le hantle a ne a nyatsa Jehova. A ne a sa nahana ka hore na Jehova o batla’ng empa a ne a inahanetse feela ka hore na ’ona a batla’ng, e leng matla le ho hlahella. Molimo o ile a bolaea baeta-pele bao ba marabele le bohle ba neng ba lumellana le bona. (Num. 16:30-35, 41, 49) Mehleng ena re ka kholiseha hore Jehova ha a khahloe ke batho ba sa hlompheng litokisetso tse entsoeng ke mokhatlo oa hae.

U ka be u ile oa tšehetsa mang? (Sheba serapa sa 11)


12. Ke hobane’ng ha re ka lula re tšepa mokhatlo oa Jehova?

12 Re ka khona ho lula re tšepa mokhatlo oa Jehova. Haeba ho hlakile hore ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho tseleng eo re utloisisang ’nete e itseng ea Bibele kapa tseleng eo re sebeletsang Jehova ka eona, ba etellang pele ha ba qea-qee ho etsa liphetoho tse hlokahalang. (Liprov. 4:18) Ba etsa joalo hobane ba batla ho thabisa Jehova. Ba boetse ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho theha liqeto tsa bona Lentsoeng la Molimo, e leng thuto e molemo eo batho bohle ba Jehova ba lokelang ho e mamela.

13. “Thuto e molemo” ke eng, hona re lokela ho etsa eng ka eona?

13 “U nke thuto e molemo.” (2 Tim. 1:13) “Thuto e molemo” e bolela lithuto tsa Bokreste tse fumanoang ka Bibeleng. (Joh. 17:17) Lithuto tsena ke motheo oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e lumelang. Mokhatlo oa Jehova o etsa bonnete ba hore lintho tseo re li lumelang li thehiloe thutong eo. Haeba re lumela thuto e molemo, re tla hlohonolofatsoa.

14. Bakreste ba bang ba ile ba khaotsa ho tšoarella ‘thutong e molemo’ joang?

14 Ho ka etsahala’ng haeba re khaotsa ho theha lintho tseo re li lumelang ‘thutong e molemo’? Nahana ka mohlala ona. Mehleng ea baapostola, ho bonahala hore har’a Bakreste ho ile ha e-ba le mabare-bare a reng letsatsi la Jehova le se le fihlile. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le lengolo leo e kang le ngotsoe ke moapostola Pauluse le neng le bua mantsoe ao. Bakreste ba bang ba Thesalonika ba ile ba lumela mabare-bare ao ntle le hore ba hlahlobisise hore na litaba tseo ke ’nete kapa che, eaba baa li jala. Hoja ba ile ba hopola lintho tseo Pauluse a neng a ba rutile tsona ha a ntse a e-na le bona, ba ka be ba sa ka ba thetsoa. (2 Bathes. 2:1-5) Pauluse o ile a eletsa bara ba bo hore ba se ka ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e utloang. E le hore ba tle ba khone ho etsa joalo nakong e tlang, Pauluse o ile a qetella lengolo la hae la bobeli le eang ho Bathesalonika ka mantsoe ana: “’Na Pauluse, ke le ngolla tumeliso ena ka letsoho la ka. Ona ke mongolo oa ka ’me le tla tseba mangolo ’ohle a ka ka mongolo ona.”—2 Bathes. 3:17.

15. Re ka itšireletsa joang khahlanong le mashano a bonahalang eka ke ’nete? Fana ka mohlala. (Sheba litšoantšo.)

15 Re ka ithuta eng mantsoeng ao Pauluse a ileng a a ngolla Bathesalonika? Haeba re utloa ntho e sa lumellaneng le seo re ithutileng sona ka Bibeleng kapa ha re utloa mabare-bare a makatsang, re lokela ho ba le temoho. Lira tsa rona tsa Soviet Union ea pele, li ile tsa fa bara ba bo rona lengolo leo e neng eka le tsoa ntlo-kholo. Lengolo leo le ne le khothaletsa ba bang ba bara ba bo rona hore ba iketsetse mokhatlo o mong o ikemetseng. E ne eka lengolo leo le tsoa ntlo-kholo empa bara ba bo rona ba tšepahalang ha baa ka ba thetsoa. Ba ile ba hlokomela hore molaetsa oa lengolo leo o ne o sa lumellane le lintho tseo ba li rutiloeng. Mehleng ena, ka linako tse ling batho ba sa rateng ’nete ba sebelisa marang-rang ho re ferekanya le ho re arola. Ho e-na le hore ‘re lumelle likelello tsa rona hore li ferekanngoe habonolo,’ re ka itšireletsa ka hore re nahanisise ka hloko hore na lintho tseo re li utloang kapa tseo re li balang li lumellana le ’nete eo re ithutileng eona kapa che.—2 Bathes. 2:2; 1 Joh. 4:1.

U se ke oa kholoa mashano a bonahalang eka ke ’nete (Sheba serapa sa 15) a


16. Ho latela Baroma 16:17, 18, re lokela ho etsa’ng haeba batho ba bang ba jala litaba tseo e seng tsa ’nete?

16 Lula u momahane le batho ba tšepahallang Jehova. Molimo o batla hore re mo sebeletse re momahane. Re tla lula re momahane haeba re tšoarella ’neteng. Mang kapa mang ea jalang litaba tseo e seng ’nete o baka likarohano ka phuthehong, ke kahoo Molimo a re lemosang hore ‘re mo qobe.’ Ho seng joalo, re ka qala ho kholoa lintho tseo e seng linnete ’me ra khaotsa ho tšepahalla Jehova.—Bala Baroma 16:17, 18.

17. Ke melemo efe eo re tla e fumana haeba re hlokomela ’nete ’me re itšoarella ka eona?

17 Haeba re hlokomela ’nete ’me re itšoarella ka eona, re tla lula re le haufi le Jehova hape tumelo ea rona e tla lula e le matla. (Baef. 4:15, 16) Re ke ke ra khelosoa ke Satane ka lithuto tsa hae tsa leshano ’me re tla lula re sireletsehile tlas’a tlhokomelo ea Jehova nakong ea mahlomola a maholo. Lula u tšoarelletse ’neteng, ’me ‘Molimo oa khotso o tla ba le uena.’—Bafil. 4:8, 9.

PINA EA 122 E-bang Sebete ’Me le be Matla

a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Pontšo ea se hlileng se etsahetseng lilemong tse mashome tse fetileng, bara ba bo rona ba neng ba le Soviet Union ea pele ba ile ba fumana lengolo le neng le bonahala eka le tsoa ntlo-kholo empa le ne le tsoa ho lira tsa rona. Mehleng ena, lira tsa rona li ka ’na tsa sebelisa marang-rang ho jala lintho tse ka re khelosang mokhatlong oa Jehova.