Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tseba Mahlakore ’Ohle a Taba

Tseba Mahlakore ’Ohle a Taba

Bothata

Hangata khethollo e bakoa ke ho se tsebe hoo e leng ’nete. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Bahiri ba bang ba na le boikutlo bo fosahetseng ba hore basali ba ke ke ba khona ho etsa mesebetsi e amanang le saense kapa e etsoang ka mechine le lik’homphieutha.

  • Lilemong tsa bo-1800 Europe, Bajuda ba ile ba qosoa ka bohata ka hore ba tšetse chefo lilibeng le hore ke bona ba etsang hore mafu a ate. Nakong ea puso ea Manazi, Bajuda ba ile ba boela ba etselletsoa ka sehloho. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ba ne ba se ba qosoa ka ho putlamisa moruo oa Jeremane. Liketsahalo tsena ka bobeli li ile tsa fella ka hore Bajuda ba khetholloe ka tsela e feteletseng ’me le mehleng ena khethollo eo ha e e-s’o fele.

  • Batho ba bangata ba etsa qeto e fosahetseng ea hore batho bohle ba nang le bokoa ba hloname kapa ba lipelo li makoebeta.

Batho ba lumelang litšomo tse kang tseo, ba ka ’na ba fana ka mehlala kapa bopaki boo ho bonahalang eka bo tšehetsa leeme la bona. Ba nahana hore mang kapa mang ea sa lumellaneng le maikutlo a bona o iphapanyetsa ’nete.

Keletso ea Bibele e Re’ng?

‘Ha se ntho e ntle hore motho a se ke a ba le tsebo.’​—LIPROVERBIA 19:2.

Temana ee e bolela’ng? Re ka etsa liqeto tse fosahetseng haeba re sa tsebe mahlakore a taba kaofela. Haeba re lumela litšomo ho e-na le ho batla hoo e hlileng e leng ’nete, re ka ahlola batho ba bang hampe.

Bohlokoa ba ho Tseba Mahlakore ’Ohle a Taba

Haeba re tseba seo e hlileng e leng ’nete ka batho ba itseng, re ke ke ra lumela mashano ao batho ba a buang ka batho bao. Haeba re elelloa hore seo batho ba se buang ka sehlopha sa batho ba itseng ke leshano, re ke ke ra potlakela ho lumellana le menahana eo re se nang bonnete ba eona.

Seo U ka se Etsang

  • Hopola hore haeba motho oa sehlopha se itseng sa batho a etsa lintho tse mpe, seo ha se bolele hore batho bohle ba sehlopha seo ba tšoana le eena.

  • Amohela hore ho na le lintho tseo u sa li tsebeng ka batho ba sehlopha se itseng.

  • Leka ho fumana ’nete ho tsoa mehloling e nepahetseng.