Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba bang ba ka re hlompha ba ba ba re tšepa haeba re tumme hantle

Botumo bo Botle bo Molemo ho Feta Maruo a Mangata

Botumo bo Botle bo Molemo ho Feta Maruo a Mangata

HA HO NA motho ea ratang ho tuma hampe. Sena se tebile hoo batho ba bileng ba ka qosanang ka tšenyo ea lebitso. Motho a ka senya e mong lebitso ka hore a ngole, a phatlalatse kapa a bue lintho tseo e seng ’nete ka eena. Taba ena e netefatsoa ke mantsoe a reng: “Lebitso le lokela ho khethoa ho e-na le maruo a mangata; kamohelo e molemo le ho feta silevera le khauta.” (Liproverbia 22:1) Bibele ke eona e ka re thusang hore na re ka etsa’ng e le hore re be le botumo bo botle le ho hlompheha.

Pesaleme ea 15 e na le mohlala o motle moo e arabelang potso e reng: “Ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea [Molimo]?” Mantsoe a eona a re: ‘Ke ea . . . etsang ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae. Ea sa etselletsang . . . ea sa etsang letho le lebe ho motsoalle oa hae, ho se nyeliso eo a e boletseng khahlanong le motho eo a mo tloaetseng haholo. Ka sebele mahlong a hae mang kapa mang ea eisehang oa lahloa . . . O itlhapanyelitse se sebe, leha ho le joalo ha a fetohe. . . . Ha aa nka tjotjo.’ (Pesaleme ea 15:1-5) Motho e mong le e mong o hlompha motho oa mofuta ona.

Ntho e ’ngoe hape e ka thusang motho hore a hlomphehe ke haeba a ikokobelitse. Liproverbia 15:33 e re: “Boikokobetso bo etella thoriso pele.” Batho ba ikokobelitseng ba hlokomela liphoso tsa bona ’me ba leka ho li lokisa. Ba bile ba potlakela ho kopa tšoarelo ha ba sitetsoe motho e mong. (Jakobo 3:2) Motho ea ikhohomosang ha a kope tšoarelo, ho fapana le hoo; o potlakela ho halefa. Liproverbia 16:18 e re: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”

Empa u ka etsa’ng haeba motho e mong a u senya lebitso? Na ho loketse hore u tuke ke bohale? Mohlomong pele u leka ho lokisa taba ena, e ka ba hantle hore u ipotse hore na ha u tl’o li senya le ho feta. Le hoja ka linako tse ling ho ka hlokahala hore u qose motho, e ka ba bohlale ho mamela keletso ea Bibele e reng: “U se ke ua tloha ho ea tsamaisa nyeoe ka lepotlapotla. . . . Buella nyeoe ea hao ho oa heno.” (Liproverbia 25:8, 9) * Haeba u ka etsa lintho ho ea ka keletso ena ea Bibele u ka qoba ho sebelisa chelete ho sa hlokahale.

Bibele ha se buka feela tjee e buang ka litaba tsa bolumeli empa e na le likeletso tse ka re tsoelang molemo haeba re li mamela. Likeletso tsena li ka boela tsa re thusa ho ba le botumo bo botle le hore re hlomphehe.

^ ser. 5 Likeletso tse ling u ka li fumana ho Matheu 5:23, 24; 18:15-17.