Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Ha Bana ba se ba Phuruselitse

Ha Bana ba se ba Phuruselitse

BOTHATA

Batsoali ba bangata ba ba le bothata ha bana ba holileng ba se ba tlohile lapeng. Kaha joale ba se ba setse ba le bang, ba ikutloa eka ba qala ho phela ’moho. Moeletsi e mong oa malapa ea bitsoang M. Gary Neuman o re: “ Ke atisa ho eletsa batho ba bangata ba nang le bothata ba hore na ke joang ba ka boelang ba ba le kamano e matla le balekane ba bona. Kaha joale bana ha ba sa le eo, ba iphumana ba se na ho hongata hoo ba ka ho etsang ’moho kapa ho se na seo ba ka qoqang ka sona.” *

Na see ke sona se etsahalang pakeng tsa hao le molekane oa hao? Haeba ho joalo, ke eng eo le ka e etsang hore le lule le ntse le ratana? Ha re qale ka ho bua ka lintho tse etsang hore ho be le lekhalo pakeng tsa hao le molekane oa hao.

LINTHO TSE BAKANG LEKHALO PAKENG TSA LONA

Bana ebile ba bohlokoa bophelong ba lona. Batsoali ba bangata ba na le sepheo se setle sa ho hlokomela bana ba bona empa seo se etsa hore ba amehe ka bana ho feta ho ameha ka balekane ba bona. Sena se etsa hore ba hlokomolohe kamano ea bona joaloka monna le mosali, ’me lekhalo le bang teng pakeng tsa bona le totobala ha bana ba se ba phuruselitse. ’Mè e mong ea lilemo li 59 o re: “Ha bana ba ne ba sa ntse ba le teng, re ne re etsa lintho re le kaofela. Empa ka mor’a hore bana ba phurusetse, ha re sa etsa lintho ’moho. Ke na le ho utloa eka re sitisana ho phetha mabaka.”

Batsoali ba bang ha ba itokisetse ho phela ’moho ha bana ba se ba le sieo lapeng. Buka e bitsoang Empty Nesting e re: “Nakong ena batsoali ba bangata ba ikutloa eka ba qala bophelo ba lenyalo qalong.” Kaha ba ikutloa ba se ba sa tloaelana hakaalo, e mong le e mong o iketsetsa lintho ka tsela ea hae, ba phela joaloka motho le khaitseli.

Litaba tse monate ke hore u ka khona ho fokotsa mathata le ho natefeloa ke bophelo bona bo bocha. A re ke re hlahlobeng likeletso tse latelang tseo Bibele e fanang ka tsona, re bone kamoo li ka thusang ka teng.

SEO U KA SE ETSANG

Ikemisetseng ho amohela boemo bona bo bocha. Bibele e re: ‘Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.’ (Genese 2:24) Morero oa lona le le batsoali haesale e le ho holisa le ho koetlisa bana ba lona hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Ha le hopola morero oo oa lona, le tla thaba ha le bona hore o atlehile.—Molao-motheo oa Bibele: Mareka 10:7.

Ke ’nete hore ha ho mohla le tla tlohela ho ba batsoali ho bana ba lona. Empa nakong ena le se le ka ba eletsa feela, e leng hore le ke ke la ba laela hore na ba etse lintho joang. Ho sebelisana le bana ba lona ka tsela ena ho tla etsa hore le be le kamano e ntle le bona, empa habohlokoa le ho feta e le fa monyetla oa hore joale le ntlafatse kamano ea lona le le monna le mosali. *Molao-motheo oa Bibele: Matheu 19:6.

Buisanang ka lintho tse le tšoenyang. Bolella molekane oa hao hore na bophelo bona bo bocha bo u ama joang, ’me le uena u mo mamele ha a u bolella maikutlo a hae. E-ba le mamello ’me u sebelisane le molekane oa hao ka tsela e mosa. Hanyane ka hanyane kamano ea lona e tla ntlafala ha le ntse le sebeletsa ho e ntlafatsa.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bakorinthe 13:4.

Lekang ho etsa lintho ’moho. Buisanang ka lintho tseo le ka ratang ho li etsa nakong e tlang. Ho holisa bana ho le file tsebo e ngata. Le ka e sebelisa ho thusa ba bang.—Molao-motheo oa Bibele:Jobo 12:12.

Hopolang lintho tse entseng hore le ratane. Nahanang ka lintho tse ntle tse entseng hore le ratane. Hopolang linako tse fetileng ha le ne le hlola mathata ’moho le linako tse monate tseo le bileng le tsona. Qetellong, bophelo bona bo bocha bo tla le natefela. Ha le sebelisana ’moho le na le monyetla oa ho ntlafatsa kamano ea lona ’me le boele le matlafatse lerato pakeng tsa lona.

^ ser. 4 Mantsoe ana a hlaha bukeng e bitsoang Emotional Infidelity.

^ ser. 12 Le hoja le ntse le holisa bana, le hopole hore le “nama e le ’ngoe” (Mareka 10:8) Bana ba ikutloa ba sireletsehile ha ba hlokomela hore batsoali ba bona baa ratana.