PALE EA BOPHELO
Ho Mamela Jehova ho Ntliselitse Litlhohonolofatso Tse Ngata
Ntate o ile a re, “Ke thuto e babatsehang hakaakang eo re ithutang eona ho Noe! Noe o ne a mamela Jehova a bile a rata lelapa la hae ’me kaofela ba ile ba pholoha Moroallo kaha kaofela ha bona ba ile ba kena ka arekeng.”
EO KE e ’ngoe ea lintho tse etsahetseng khale haholo tseo ke li hopolang ka ntate oa ka eo e neng e le motho ea ikokobelitseng le ea sebetsang ka thata. O ne a rata toka haholo, kahoo, o ile a khahloa ke molaetsa oa Bibele hang ha a qala ho o utloa ka 1953. Ho tloha ka nako eo, o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho fetisetsa seo a neng a ithuta sona ho rōna. Qalong ho ne ho le thata hore ’Mè a tlohele lineano tsa hae tsa K’hatholike. Empa ka mor’a nako, le eena o ile a amohela ’nete ea Bibele.
Ho ne ho le thata hore batsoali ba ka ba ithute Bibele le rōna. ’Mè o ne a sa ruteha hakaalo ’me Ntate eena o ne a qeta nako e ngata a sebetsa ka thata masimong. Ka linako tse ling Ntate o ne a fihla a khathetse hoo a neng a khaleha nakong ea thuto. Leha ho le joalo, boiteko ba hae bo ile ba atleha. Kaha ke ne ke le ngoana e moholo, ke ile ka thusa batsoali ba ka ho ruta ngoan’eso le likhaitseli tsa ka tse peli. Ke ile ka ba ruta le ntho e ’ngoe eo Ntate a neng a atisa ho e bua ea hore Noe o ile a bontša hore o rata lelapa la hae ka hore ebe o ile a mamela Molimo. Ruri ke ne ke rata tlaleho eo ea Bibele haholo! Ho e-s’o ee kae, kaofela ha rōna re ne re se re e-ea libokeng Holong ea ’Muso e Roseto degli Abruzzi, e leng motse o moholo o lebōpong la Adriatic le Italy.
Ka 1955 ha ke ne ke le lilemo li 11 feela, ’na le ’mè oa ka re ile ra ea ka nģ’ane ho lithaba ka bophirimela, re ea kopanong ea rōna ea pele, e neng e tšoaretsoe Roma. Ho tloha ka nako eo, ke ’nile ka nka likopano tsena tse khōlō e le tse ling tsa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba Mokreste.
Selemong se hlahlamang, ke ile ka kolobetsoa ’me nakoana ka mor’a moo ke ile ka ba tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka ba pula-maliboho ea khethehileng toropong ea Latina, e ka boroa ho Roma, e bileng e leng bohōle ba lik’hilomithara tse 300 ho tloha hae. E ne e le toropo e ncha, kahoo, ho ne ho se na motho ea amehileng ka hore na baahisani ba ka ’na ba re’ng. ’Na le morali’abo rōna eo ke neng ke sebetsa le eena, re ile ra thabela ho tsamaisa lingoliloeng tse ngata tse thehiloeng Bibeleng, empa kaha ke ne ke sa le monyenyane, ke ne ke hloloheloa hae haholo! Ho ntse ho le joalo, ke ne ke batla ho latela tataiso eo ke neng ke e fuoe.
Hamorao ke ile ka abeloa hore ke il’o thusa Milan ka litlhophiso tsa Kopano ea Machaba ea 1963 ea “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng.” Nakong ea kopano, ke ile ka sebetsa ke le moithaopi hammoho le bara le barali babo rōna ba bangata ba akarelletsang Paolo Piccioli, e leng mor’abo rōna e mocha ea neng a tsoa Florence. Ka letsatsi la bobeli la kopano, mora eo oabo rōna o ile a fana ka puo e matla haholo e neng e bua ka bosoha. Ke hopola ke re ka pelong, ‘Mora enoa oabo rōna a ke ke a nyala le ka mohla.’ Leha ho le joalo, re ile ra qala ho ngollana ’me ho ile ha hla ha hlaka hore re ne re tšoana ka lintho tse ngata—tse kang lipakane tsa rōna, lerato leo re ratang Jehova ka lona le ho ba le takatso e matla ea ho mo mamela. ’Na le Paolo re ile ra nyalana ka 1965.
HO BUISANA LE BARUTI
Ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla motseng oa Florence ka lilemo tse leshome. Ho ne ho thabisa haholo ho bona kamoo liphutheho li neng li e-ba le keketseho kateng, haholo-holo ho bona bacha ba tsoela pele hantle moeeng. ’Na le Paolo re ne re thabela ho qeta nako le bona re buisana ka lintho tsa moea kapa re ikhatholla ’me hangata Paolo o ne a bapala bolo le bona. Ke ’nete hore ke ne ke thabela ho qeta nako le monna oa ka, empa ke ne ke bona kamoo bacha bao le malapa a ka phuthehong ba neng ba rua molemo kateng ha a ne a qeta nako le bona le hore ba ne ba hloka hore a ba bontše hore o oa ba tsotella.
Ke ntse ke thaba haholo ha ke hopola batho ba bangata bao re neng re ithuta Bibele le bona. Motho e mong eo re neng re ithuta le eena e ne e le Adriana, ’me o ne a bua le malapa a mang a mabeli ka seo a neng a ntse a ithuta sona. Ba ile ba hlophisa hore re tl’o buisana le moruti e mong ka lithuto tsa kereke tse kang Boraro-bo-bong le moea o sa shoeng. Babishopo ba bararo ba ile ba fihla sebokeng seo. Litlhaloso tsa bona li ne li rarahane li bile li sa lumellane, ’me batho bao re neng re ithuta Bibele le bona ba ile ba hlokomela seo habonolo feela ha ba bapisa litlhaloso tseo le lithuto tsa Bibele tse hlakileng. Ka sebele, seboka seo se ile sa etsa phetoho e khōlō. Ha nako e ntse e ea, litho tse 15 tsa malapa ao e ile ea e-ba Lipaki.
Ke ’nete hore mekhoa ea rōna ea ho paka mehleng ena e fapane haholo le ea nakong e fetileng. Khale koana, Paolo e ile ea e-ba “setsebi” sa ho buisana le baruti—’me o ile a buisana le bona ka makhetlo a ’maloa. Ke hopola puisano e ’ngoe eo ba ileng ba e tšoarela ka pel’a batho bao eseng Lipaki. Ho ile ha hlaka hore bahanyetsi bao ba ne ba lokiselitse esale pele hore batho ba bang ba neng ba mametse ba tle ba botse lipotso tseo ba neng ba nahana hore li tla thatafalla Paolo. Leha ho le joalo, puisano eo ha e ea ka ea tsamaea ka tsela eo ba neng ba e rerile. Motho e mong o ile a botsa hore na ho loketse hore likereke li itšunya-tšunye lipolotiking joalokaha esale li etsa ka makholo a lilemo. Ka nako eo, ho ile ha hlaka hore baruti ba ne ba le bothateng. Mabone a ile a tima hang-hang ’me seboka sa qhaloa. Lilemo hamorao re ile ra utloa hore ho ne ho reriloe esale pele hore mabone a tle a tingoe haeba puisano e ne e ke ke ea tsamaea ka tsela eo baruti ba neng ba nahana hore e tla tsamaea ka eona.
MENYETLA E MECHA EA TŠEBELETSO
Ha re se re qetile lilemo tse leshome re nyalane le Paolo, re ile ra memeloa ho ea etsa mosebetsi oa potoloho. Paolo o ne a sebetsa mosebetsi o lefang hantle, kahoo, ho ne ho se bonolo ho etsa qeto. Empa ka mor’a ho nahana ka taba eo le ho rapela ka eona, re ile ra amohela tšebeletso eo e ncha. Re ile ra thabela ho qeta nako le malapa a neng a re amohela. Hangata mantsiboea re ne re ithuta re le sehlopha ’me Paolo o ne a thusa bana ka mosebetsi oa bona oa sekolo, haholo-holo ha e ne e le thuto ea lipalo. Ho feta moo, Paolo o ne a rata ho bala haholo ’me ka cheseho o ne a re bolella lintho tse thahasellisang le tse khothatsang tseo a neng a li balile. Hangata ka Mantaha re ne re e-ea litoropong tseo ho neng ho se na Lipaki ho tsona re il’o bolela teng re bile re memela batho ho tla puong e neng e tlil’o ba mantsiboeeng ao.
Ka mor’a lilemo tse peli feela re etsa mosebetsi oa potoloho, re ile ra memeloa hore re il’o sebeletsa Bethele e Roma. Paolo o ne a il’o sebetsana le litaba tsa molao ’me ’na ke ile ka abeloa ho ea sebetsa Lefapheng la Limakasine. Ho etsa phetoho eo e ne e se ntho e bonolo empa re ne re ikemiselitse ho mamela. Ho ne ho thabisa haholo ho bona lekala leo le hōla hanyane ka hanyane ’me barab’abo rōna ba ile ba eketseha haholo Italy. Nakong eo, Lipaki Tsa Jehova tsa Italy li ile tsa amoheloa ka molao. Ka sebele re ile ra thaba haholo tšebeletsong ena.
Ha re ntse re sebeletsa Bethele, boemo ba rōna bo thehiloeng Bibeleng ka tšebeliso ea mali bo ile ba tsebahala Italy. Mathoasong a lilemo tsa bo-1980, ho ile ha e-ba le nyeoe e mabapi le taba eo ’me e ile ea tsosa moferefere o moholo. Banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba qosoa ka bohata ba hore ba bolaile morali oa bona, le hoja a ne a bolailoe ke bothata ba phallo ea mali boo batho ba bangata ba sebakeng sa Mediterranean ba bo futsitseng. Bara le barali babo rōna ba Bethele ba ile ba thusa babuelli ba molao ba neng ba buella batsoali bao ba Bakreste. Pampitšana le khatiso e khethehileng ea Tsoha! li ile tsa thusa batho hore ba tsebe ’nete le hore ba utloisise hantle hore na Lentsoe la Molimo le re’ng ka mali. Likhoeling tseo, hangata Paolo o ne a sebetsa lihora tse 16 ka letsatsi a sa emise. Ke ile ka etsa sohle seo nka se khonang ho mo tšehetsa boitekong boo ba bohlokoa boo a neng a bo etsa.
HO BA LE PHETOHO E ’NGOE BOPHELONG BA RŌNA
Re ne re se re e-na le lilemo tse 20 re nyalane ha re ne re tobana le liphetoho tseo re neng re sa li lebella. Ke ne ke le lilemo li 41 ’me Paolo eena o ne a le lilemo li 49 ha ke ne ke mo bolella hore ke nahana hore ke imme. Ka bukaneng ea hae ea ho ngolla lintlha tsa letsatsi le letsatsi, mantsoeng ao a a ngotseng letsatsing leo, ke ile ka fumana a itse: “Thapelo: Haeba ke ’nete, re thuse hore re lule tšebeletsong ea nako e tletseng ’me re se ke ra khoehlisa moeeng, ’me u re thuse hore re behele ngoan’a rōna mohlala o motle. Ka holim’a tsohle, nthuse hore ke sebelise bonyane karolo ea ’ngoe lekholong ea lintho tseo ke ileng ka li bua ha ke le sethaleng ka lilemo tse 30 tse fetileng.” Ha ke sheba lintho tse etsahetseng, kea bona hore e tlameha ebe Jehova o arabile lithapelo tsa hae—hammoho le tsa ka.
Ka mor’a hore Ilaria a hlahe, ho ile ha e-ba le liphetoho tse khōlō bophelong ba rōna. Ho bua ’nete, ka linako tse ling re ne re nyahama, joalokaha Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Empa re ile ra tšehetsana re hopola hore na ke habohlokoa hakae hore re khothatsane.
Ilaria o rata ho re o oa thaba hore ebe ka bobeli batsoali ba hae ke Lipaki tse neng li le maphathaphathe tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha ho mohla a kileng a ikutloa eka ha a tsotelloe; o hōletse lelapeng le ntseng le tšoana le malapa a mang. Ke ne ke mo hlokomela motšehare. Mantsiboea ha Paolo a ne a fihla lapeng, hangata o ne a e-na le mosebetsi oo a neng a lokela ho o qetela; leha ho le joalo, o ne a ipha nako ea hae, a bapala le eena a bile a mo thusa ka mosebetsi oa sekolo. O ne a etsa seo le haeba a ne a lokela ho robala ka mor’a hora ea bobeli kapa ea boraro hoseng e le hore a ka qetela mosebetsi oa hae. Hangata Ilaria o ne a re, “Ntate ke motsoalle oa ka e moholo.”
Ke ’nete hore ho ne ho hlokahala hore re khalemele Ilaria e le hore re mo thuse ho etsa se nepahetseng ’me ka linako tse ling re ne re tlameha ho mo khalemela ka thata. Ke hopola ka letsatsi le leng ha a ne a ntse a bapala le motsoalle oa hae eaba o etsa ntho e ’ngoe e fosahetseng. Re ile ra sebelisa Bibele ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha a sa lokela ho etsa seo. Re ile ra boela ra mo laela hore a kōpe tšoarelo ho motsoalle oa hae re ntse re le teng.
Ilaria o rata ho re o ananela kamoo batsoali ba hae ba neng ba rata tšebeletso ea tšimo kateng. Kaha hona joale o se a nyetsoe, o utloisisa le ho feta hore na ke habohlokoa hakae ho mamela Jehova le ho latela tataiso ea hae.
HO MAMELA ESITA LE MAEMONG A BOHLOKO
Ka 2008, Paolo o ile a fumana hore o na le lefu la kankere. Qalong ho ne ho bonahala eka Paolo o tla fola, ’me o ne a nkhothatsa haholo. Ha rea ka ra batla keletso ea bongaka e molemo ka ho fetisisa feela empa ’na le Ilaria re ile ra boela ra itšetleha ka Jehova ra etsa lithapelo tse telele re kōpa hore a re thuse hore re atlehe ho tobana le bokamoso. Ho ntse ho le joalo, ke ile ka bona ha monna oa ka eo pele a neng a le matla a bile a le mafolofolo a ntse a fokola butle-butle. O ile a hlokahala ka 2010 ’me lefu la hae le ile la nthefula haholo. Leha ho le joalo, ke itšelisa ka lintho tseo re li finyeletseng ka lilemo tse 45 tseo re li phetseng hammoho. Re ile ra etsa sohle seo re neng re ka se khona tšebeletsong ea Jehova, ’me kea tseba hore a ke ke a lebala mosebetsi oa rōna. Ke labalabela ho bona ha Paolo a tsosoa tumellanong le mantsoe a Jesu a ho Johanne 5:28, 29.
“Botebong ba pelo ke ntse ke le ngoananyana eane ea ratang pale ea Noe haholo. Boikemisetso ba ka ha boa fetoha”
Botebong ba pelo ke ntse ke le ngoananyana eane ea ratang pale ea Noe haholo. Boikemisetso ba ka ha boa fetoha. Ke batla ho mamela Jehova ho sa tsotellehe hore na o batla hore ke etse’ng. Ke kholisehile hore ho sa tsotellehe litšitiso, boitelo boo ke bo etsang kapa lintho tseo nka lahleheloang ke tsona, hase letho ha li bapisoa le litlhohonolofatso tseo Molimo oa rōna ea lerato a re fang tsona. Ke iponetse sena ka mahlo