Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tel Arad e Fana ka Bopaki e Khutsitse

Tel Arad e Fana ka Bopaki e Khutsitse

Tel Arad e Fana ka Bopaki e Khutsitse

Motse oa lithako. Tempele ea mohlolo. Pokello ea lintho tsa khale tse ngotsoeng. Lintho tsena li ka utloahala eka ke selelekela sa filimi e monate. Ha e le hantle, lintho tsena le tse ling li ne li le ka tlas’a lehlabathe la lehoatata Tel Arad, Iseraele, ho fihlela baepolli ba lintho tsa khale ba qala ho cheka moo.

KAJENO, baeti ba bangata ba nahana hore Arade ea mehleng ea kajeno e shebahala joaloka motse o tloaelehileng oa Iseraele. Motse ona o na le baahi ba 27 000, ’me o lehoatateng la Judea ka bophirimela ho Leoatle le Shoeleng. Leha ho le joalo, motse oa Arade oa Iseraele ea boholo-holo o ne o le lik’hilomithara tse ka bang 8 ho elella ka bophirimela. Ke hona moo baepolli ba lintho tsa khale ba ileng ba cheka lehlabatheng ka hloko, eaba ba fumana lintho tse ngata tsa khale le tseo ho ngotsoeng mantsoe ho tsona.

Mantsoe ana a ne a ngotsoe mangeteng. Linakong tsa ha ho ne ho ngoloa Bibele, ho ne ho tloaelehile hore ho ngoloe mangeteng. Ho boleloa hore Tel Arad ho epolotsoe mangeta a mangata ka ho fetisisa a kileng a epolloa Iseraele. Leha ho le joalo, lintho tsee tse epolotsoeng li na le molemo ofe?

Lintho tse epolotsoeng Tel Arad ke tsa mehleng ea khale ha ho ne ho ngoloa Bibele, ho tloha mehleng ea Baahloli ba Iseraele ho ea fihla nakong ea ha Bababylona ba hlasela Juda ka 607 B.C.E. Kahoo, lintho tsena ke bopaki ba hore Bibele e nepahetse. Hape li fana ka mehlala e re behang leseling ea kamoo batho ba Iseraele ea boholo-holo ba neng ba nka lebitso la Molimo kateng.

Seo Bibele e se Buang ka Arade

Ke ’nete hore Bibele ha e re bolelle ho hokaalo ka Arade. Empa motse ona o ne o le tseleng e khōlō ea khoebo sebakeng se etsang hore ho se ke ha e-ba le mokhoa oa ho fetela libakeng tse ling ho sa fetoe ho oona. Kahoo, ha ho makatse ha litlaleho tsa lintho tse etsahetseng khale le lintho tse epolotsoeng sebakeng sena li bontša hore sebaka sena sa boholo-holo se ileng sa hlaheloa ke lintho tse ntle le tse mpe se ne se haptjoa khafetsa, se ripitloa ebe sea tsosolosoa. Ka lebaka la ho tsosolosoa khafetsa, ho ile ha e-ba le tutulu e khōlō motseng ona.

Bibele e bua ka Arade ka lekhetlo la pele ha e bolela se ileng sa etsahala karolong ea ho qetela ea leeto la Baiseraele la lilemo tse 40 lefeelleng. Hang ka mor’a lefu la Arone, moen’a Moshe, sechaba sa Molimo se ile sa feta haufi le moeli o ka boroa oa Naha e Tšepisitsoeng. Ho hlakile hore morena oa Mokanana oa Arade o ile a nahana hore a ka hlōla Baiseraele habonolo. O ile a ba hlasela. Jehova Molimo o ile a ema le Baiseraele eaba baa itoanela, ba hlōla ka ho feletseng ’me ba ripitla Arade le hoja ho ka etsahala hore ebe ho ile ha e-ba le batho ba ileng ba pholoha.​—Numere 21:1-3.

Bakanana ba ile ba potlakela ho tsosolosa motse oa bona oa bohlokoa; ha Joshua a fihla sebakeng seo lilemo tse seng kae hamorao, o ile a o hlasela a hlaha ka leboea ’me a felisa Bakanana ‘sebakeng se lithaba le Negebe,’ ’me e mong oa lira tseo a neng a li loantša e ne e le “morena oa Arade.” (Joshua 10:40; 12:14) Hamorao, litloholo tsa Hobabe oa Mokene, ea neng a ile a kena sehlopheng sa Baiseraele ha ba le lefeelleng, li ile tsa lula sebakeng sena sa Negebe.​—Baahloli 1:16.

Lintho Tse Epolotsoeng

Lithako tsa Tel Arad li re hlakisetsa lintlha tse itseng tse thahasellisang mabapi le lintho tse ileng tsa etsahala hamorao tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Ka mohlala, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane marako a mangata. A mang a marako ana e ka ba a mehleng ea puso ea Morena Solomone, ea neng a tsebahala ka ho haha metse e meholo. (1 Marena 9:15-19) Tse ling tsa lintho tse epolotsoeng li fana ka bopaki ba hore motse oo o kile oa timetsoa ka mollo ’me ho boleloa hore sena se etsahetse mathoasong a lilemo tsa bo-900 B.C.E. Sena se lumellana le nako eo ka eona Morena Shishake oa Egepeta a ileng a hlasela motse ona lilemo tse hlano ka mor’a lefu la Solomone. Motseng oa Karnak o ka boroa Egepeta, ho na le setšoantšo se betliloeng leboteng se hopotsang ka tlhaselo ena ’me ho boleloa hore Arade ke o mong oa metse e ileng ea hlōloa.​—2 Likronike 12:1-4.

Hoa thahasellisa hore ebe bongata ba mangeta a ka bang 200 a fumanoeng moo a na le mabitso a Seheberu a fumanoang le ka Bibeleng, a kang Pashkure, Meremothe, le bara ba Kora. Tse ling tsa litokomane tsena tse sa amaneng le bolumeli li thahasellisa haholo hobane li na le lebitso la Molimo. Lebitso lena le ngoloa ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu יהוה (YHWH), ’me ke la Molimo ea Matla ’Ohle feela. Hamorao, ka lebaka la tumela-khoela, ba bangata ba ile ba nka hore ho bitsa lebitso la Molimo kapa ho le ngola ke ho le nyefola. Leha ho le joalo, lintho tse epolotsoeng Tel Arad, joaloka tse ling tse ngata, li tiisa hore linakong tsa ha ho ne ho ngoloa Bibele, lebitso la Molimo le ne le sebelisoa ka bolokolohi letsatsi le letsatsi, ha ho lumelisanoa le ha ho lakaletsanoa mahlohonolo. Ka mohlala, mantsoe a mang a ngotsoeng a re: “Ho morena oa ka Elyashib. E se eka Yahweh [Jehova] a ka u hlokomela. . . . O lula tempeleng ea Yahweh.”

Leha ho le joalo, re ka re’ng ka tempele ea mohlolo eo re buileng ka eona qalong ea sehlooho see? Mohaho o Tel Arad oo batho ba nang le maikutlo a sa tšoaneng ka oona ke tempele e feletseng e nang le aletare, e hahiloeng mehleng ea Bajuda. Le hoja e le nyenyane haholo ho tempele ea Solomone e Jerusalema, e tšoana le eona ka lintho tse ngata. Tempele ea Arade e ile ea hahoa ka lebaka lefe ’me e hahiloe neng? Mosebetsi oa eona e ne e le ofe? Baepolli ba lintho tsa khale le bo-rahistori ha ba tsebe hantle.

Jehova o ile a laela ka ho hlakileng hore tempele e Jerusalema ke eona feela eo a neng a batla hore ho tšoareloe mekete ea selemo le selemo ho be ho etsetsoe mahlabelo teng. (Deuteronoma 12:5; 2 Likronike 7:12) Kahoo, tempele ea Arade e ile ea hahoa ea ba ea sebelisoa le hoja hoo ho ne ho le khahlanong le Molao oa Molimo; ’me mohlomong sena se etsahetse ha Baiseraele ba ne ba sebelisa lialetare tse ling ba bile ba etsetsa litšebeletso ho tsona ho e-na le ho rapela Jehova ka tsela e loketseng. (Ezekiele 6:13) Haeba ruri ho bile joalo, sebaka sena sa borapeli ba bohata mohlomong se ile sa felisoa nakong ea ha Ezekiase kapa Josiase a etsa liphetoho tse khōlō lilemong tsa bo-700 le 600 B.C.E.​—2 Likronike 31:1; 34:3-5, 33.

Ho hlakile hore lintho tse seng kae tse saletseng Arade li re ruta lintho tsa bohlokoa. Ka mor’a makholo a lilemo, ho fumanoe mesebetsi ea matsoho e tiisang hore Bibele ke ’nete, e pakang hore ho kile ha e-ba le borapeli ba bohata ba ba ba fela, le e fanang ka mehlala ea kamoo lebitso la Jehova le neng le sebelisoa kateng ka tlhompho letsatsi le letsatsi.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

JERUSALEMA

Leoatle le Shoeleng

Arade

Tel Arad

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Litšoantšo tse betliloeng leboteng le Karnak, Egepeta

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Mantsoe ana a re: “E se eka Yahweh [Jehova] a ka u hlokomela”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Karolo ea tempele e Tel Arad

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Qhobosheane ea Tel Arad ka lehlakoreng le ka bochabela

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Todd Bolen/BiblePlaces.com