Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bolumeli bo Nepahetseng bo Ruta Batho ho ba le Boitšoaro bo Botle

Bolumeli bo Nepahetseng bo Ruta Batho ho ba le Boitšoaro bo Botle

BOLUMELI bo nepahetseng bo re ruta ho nahana ka lintho tse nepahetseng, ebile bo re thusa ho ntlafatsa boitšoaro ba rōna. Boa re thusa ha re ntse re loana ka thata hore re etse se lokileng ’me bo etsa hore re qetelle re e-na le litšobotsi tse babatsehang. Re tseba joang hore bolumeli bo nepahetseng bo etsa sona seo?

Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a re’ng ha a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba lula Korinthe, Greece. Motse oo oa boholo-holo o ne o tumme hampe ka lebaka la baahi ba neng ba phela ka boitšoaro bo litšila. Pauluse o ile a fana ka temoso e reng: “Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basotoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” Eaba Pauluse o phaella ka ho re: “’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona; empa le hlatsoitsoe, empa le halalelitsoe, empa le beiloe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moea oa Molimo oa rōna.” (1 Bakorinthe 6:9-11, Bibele ea Sesotho) Nahana feela—bolumeli bo nepahetseng bo thusitse batho ba bang bao pele ba neng ba se na mekhoa e metle hore e be bahlanka ba Molimo ba hloekileng le ba tšepahalang!

Ka lehlakoreng le leng, Bibele ea lemosa: “Nako ea tla eo ka eona ba sa tl’ong ho mamella thuto ea ’nete, empa ho ea ka litakatso tsa bona ba tla ipōkellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang litsebe tsa bona.”—2 Timothea 4:3, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Malumeli ao u a tsebang a sebetsa joang ntlheng ee? Na a lumellana le melao ea Bibele e mabapi le boitšoaro bo botle le bo bobe? Kapa na a bebofatsa keletso e hlakileng e fumanoang Lentsoeng la Molimo, a bolella batho feela se “natefelang litsebe tsa bona”?

E le hore u fumane hantle hore na bolumeli bo itseng bo hlahisa litholoana tse ntle kapa che, ho ka ba molemo hore u ke u iphe nako ea ho araba lipotso tse latelang.

SEHLOOHO: Lenyalo.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “Batho bohle ba lokela ho hlompha lenyalo, ’me monna le mosali ba lokela ho boloka lenyalo la bona le hloekile. Molimo o tla ahlola ba molato oa ho kopanela liphate le bao e seng balekane ba bona.”—Baheberu 13:4, New Century Version.

POTSO: Na bolumeli boo bo lebeletse hore monna le mosali ba lulang hammoho ba ngolise lenyalo la bona ka molao?

SEHLOOHO: Tlhalo.

SEO BIBELE E SE RUTANG: Ha batho ba botsa Jesu hore na ho na le lebaka le utloahalang la ho hlala, o ile a re: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe, a nyala e mong, oa feba.”—Matheu 19:9, Bibele ea Sesotho.

POTSO: Na bolumeli boo bo hlompha taelo ee ea Jesu ’me bo lumella motho ho hlala ebe o nyala hape—hafeela molekane oa hae a ile a ameha boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate?

SEHLOOHO: Boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “Furallang bohlola! Libe tse ling tsohle tseo motho a li etsang ha li ame ’mele oa hae, empa ea etsang bohlola o siteloa ’mele oa hae.”—1 Bakorinthe 6:18, BPN.

“Le basali . . . ba sebelisa bosali ba bona ka mokhoa o hananang le tlholeho. Ka mokhoa o joalo, banna ba tlohetse ho kopanela likobo le basali ka mokhoa o lumellanang le tlholeho, empa ba lakatsana ka bobona, ba etsa tse hlabisang lihlong le banna ba bang, ’me ba fumana kotlo e tšoanelang ho kheloha ha bona.”—Baroma 1:26, 27, BPN.

POTSO: Na bolumeli boo bo ruta hore boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ke sebe, ho sa tsotellehe hore na ke pakeng tsa motho oa monna le mosali, kapa ke pakeng tsa batho ba bong bo tšoanang?

SEHLOOHO: Litho tsa bona li emela melao ea Bibele ka sebete.

SEO BIBELE E SE RUTANG: “Le se ke la tloaelana le motho ea ipitsang molumeli, feela e le sehlola, kapa setlofa, kapa mosebeletsi oa melimo ea bohata, kapa motho ea litlhapa, kapa letahoa, kapa senokoane. Le se ke la ba la ja le oa mofuta oo.” (1 Bakorinthe 5:11, BPN) Ho lokela ho etsoe eng ka batho ba bolelang hore ke Bakreste empa e le baetsalibe ba sa bakeng? Lentsoe la Molimo le re: “Tlosang e mobe har’a lōna.”—1 Bakorinthe 5:13, Bibele ea Sesotho.

POTSO: Na bolumeli boo bo tlosa mang kapa mang eo e leng setho sa bona ea tlōlang melao ea Bibele ’me a sa bake?

Ke bolumeli bofe bo tsebahalang ka ho tšehetsa melao e lokileng ea Bibele ea boitšoaro?