Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mathata a Aparetseng Lefatše, Tharollo ea ’Ona

Mathata a Aparetseng Lefatše, Tharollo ea ’Ona

Mathata a Aparetseng Lefatše, Tharollo ea ’Ona

MAHLOMOLA a tletse hohle ’me le batho ba utloelang ba mahlomoleng bohloko ba bangata. Ka mohlala, basebeletsi ba kalafo ba sebetsa lihora tse ngata lipetlele e le hore ba thuse batho ba kulang kapa ba lemetseng. Bo-ralitima-mollo, mapolesa, ba etsang melao hammoho le ba pholosang ba bang maemong a tšohanyetso, ba leka ka matla ho fokotsa mahlomola a batho kapa ho etsa hore a se ke a ba hlahela. Boiteko ba batho bao bo thusa batho ka bomong haholo, empa ho ke ke ha khoneha hore motho ea itseng kapa mokhatlo o itseng o felise mahlomola lefatšeng ka bophara. Empa Molimo eena o tla tlisa tharollo bakeng sa lefatše lohle.

Re kholisehile ka sena ka lebaka la mantsoe a fumanehang bukeng ea ho qetela ea Bibele, a reng: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ak’u nahane feela hore na tšepiso eo e tla ama batho ba bakae. E akaretsa morero oa Molimo oa ho felisa mahlomola ’ohle a teng. O tla a felisa ka hore a qete ntoa, tlala, ho kula le ho hloka toka ho teng, hammoho le ho felisa batho ba khopo. Ha ho na motho ea ka etsang seo.

Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa

Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsa hae a sebelisa motho ea mo latelang ka matla a maholo ka ho fetisisa leholimong—e leng Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. Nako ea tla eo ka eona Jesu a tla busa e le Morena ea se nang sera lefatšeng lohle. Batho ba ke ke ba hlola ba busoa ke marena a batho, bapresidente kapa bo-ralipolotiki. Ho e-na le hoo, ba tla busoa ke Morena a le mong le ’muso o le mong—e leng ’Muso oa Molimo.

’Muso oo o tla felisa mebuso eohle ea batho. Bibele e ne e profete khale ea re: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Batho ba lefatše lohle ba tla ba bonngoeng pusong e lokileng—e leng ea ’Muso oa Molimo.

Ha Jesu a ne a le lefatšeng mona, o ile a bua ka makhetlo a mangata ka ’Muso oo. O ile a bua ka oona thapelong ea mohlala, a laela barutuoa ba hae hore ba rapele tjena: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:10) Hlokomela hore Jesu o ile a bontša hore ’Muso oo o amana le ho phethoa ha thato ea Molimo lefatšeng, ’me ke thato ea Molimo hore a felise mahlomola lefatšeng lohle.

’Muso o lokileng oa Molimo o tla tlisa tlhohonolofatso eo ’muso oa motho le ka mohla o ke keng oa e tlisa. Hopola hore Jehova o ile a fana ka Mora oa hae e le thekollo e le hore batho ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng. Pusong e thabisang ea ’Muso oo, batho ba tla qetella ba phethahetse. Qetellong ho tla etsahala’ng? Jehova “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.”—Esaia 25:8.

Ba bang ba ka ’na ba ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo a sa etsa letho ho tla fihlela joale? O emetse’ng?’ E ka be e le khale Jehova a entse ho hong ho felisa kapa hona ho thibela mahlomola ’ohle. Empa o a lumeletse hore a tsoele pele a le teng, eseng hobane a e-na le lebaka le itseng la boithati, empa hobane a tseba hore seo se tla tsoela bana ba hae ba lefatšeng molemo oa ka ho sa feleng. Batsoali ba ratang bana ba bona ba ka ’na ba lumella ngoana hore a utloe bohloko haeba ba tseba hore seo se tla mo tsoela molemo oa nako e telele. Ka tsela e tšoanang, ho na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse batho hore ba utloe bohloko ka nakoana, ’me mabaka ana a hlalosoa ka Bibeleng. A amana le lintho tse kang bolokolohi ba ho ikhethela, sebe hammoho le qoso e amang tokelo eo Jehova a nang le eona ea ho busa batho. Bibele e boetse e hlalosa hore sebōpuoa se khopo sa moea se lumeletsoe ka nakoana hore se buse lefatše. *

Le hoja mona re sa khone ho tšohla mabaka ao kaofela, ho na le lintlha tse peli tse ka re fang tšepo le ho re khothatsa. Ea pele ke ena: Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo hoo re tla lebala mahlomola ao re kileng ra ba ho ’ona. Ho feta moo, Molimo oa re tiisetsa: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Molimo o tla felisa ka ho feletseng mesarelo eohle le mahlomola a bakoang ke hore hajoale bokhopo bo lumeletsoe ka nakoana, ebile a ke ke a hlola a e-ba teng.

Ntlha ea bobeli ke ena: Molimo o behile nako e ke keng ea fetoha ea ho felisa mahlomola. Hopola hore moprofeta Habakuke o ile a botsa hore na Jehova o tla lumella pefo le lintoa halelele hakae. Jehova o ile a mo araba ka ho re: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng . . . E ke ke ea siuoa ke nako.” (Habakuke 2:3) Sehloohong se latelang re tla bona hore “nako [eo] e behiloeng” e se e le haufi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 E le hore u fumane boitsebiso bo qaqileng ba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola, sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[[Lebokose le leqepheng la 7]

Mangolo a Bontšang Hore Bokamoso e Tla ba bo Thabisang

HA HO SA TLA BA LE LINTOA:

“Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:8, 9.

BARATUOA BA RŌNA BA TLA TSOHA:

“Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

HO TLA BA LE LIJO BAKENG SA BOHLE:

“Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

BATHO HA BA SA TLA KULA:

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.

BAKHOPO HA BA SA TLA BA TENG:

“Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”—Liproverbia 2:22.

HO TLA RENA TOKA:

“Bonang! Morena [Kreste Jesu] o tla busa ka ho loka; ha e le likhosana, li tla busa e le likhosana ka toka.”—Esaia 32:1.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

’Muso oa Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a kileng a re hlahela