Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Monna ea Neng a Ikokobelitse a Bile a le Sebete

Monna ea Neng a Ikokobelitse a Bile a le Sebete

Tsa Bacha

Monna ea Neng a Ikokobelitse a Bile a le Sebete

JONASE—KAROLO EA 1

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA JONASE 1:1-17; 2:10–3:5.

U nahana hore molumo oa sefefo o ne o le joang hona ho ne ho le joang ka ntle?

_______

U nahana hore Jonase le bakhanni ba sekepe ba ne ba ikutloa joang ho latela tsela eo ba buang ka eona?

_______

Hlalosa hore na e ka ’na eaba Jonase o ne a ntse a nahana ka eng ha a ne a teba ka leoatleng le ka mor’a hore tlhapi e mo metse. (Bala Jonase 2:1-9.)

_______

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Ninive ho ne ho phela batho ba mofuta ofe, hona e ka ’na eaba ke hobane’ng ha Jonase a ne a le leqe ho ea bua le bona? (Nahume 3:1)

_______

U nahana hore ke hobane’ng ha ho thoe “ho Molimo Ninive e ne e le motse o moholo”? (Jonase 3:3; 2 Petrose 3:9) _______

_______

Hore ebe Jonase o ile a toba taba ha a bua ka phoso ea hae le ka Molimo oa hae ho bontša hore e ne e le motho oa mofuta ofe? (Bala Jonase 1:9, 10 hape.)

_______

E ka ’na eaba Jonase o tsebile joang se ileng sa sala se etsahala ka sekepeng ka mor’a hore a lahleloe leoatleng? (Bala Jonase 1:15, 16 hape.)

_______

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Ho tšaba.

_______

Boikokobetso.

_______

Sebete.

_______

Tsela eo Jehova a nkang batho ka eona esita le bao re bonang ba le khopo.

_______

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

_______

Haeba u batla ho etsa lipatlisiso tse ling, sheba Molula-Qhooa oa January 1, 2009, leqepheng la 25-28.

BALA LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO www.watchtower.org