Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maeto a Boholo-holo ka Likepe ho ea Libakeng Tse Hōle le Mediterranean

Maeto a Boholo-holo ka Likepe ho ea Libakeng Tse Hōle le Mediterranean

Maeto a Boholo-holo ka Likepe ho ea Libakeng Tse Hōle le Mediterranean

Mehleng ea kajeno, batho ba nka ho palama sefofane ho tloha k’honthinenteng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe e le ntho e tloaelehileng. Na u ka makala ha u bolelloa hore le mehleng ea Bibele batho ba ne ba tloaetse ho tsamaea maeto a malelele?

LILEMO tse ka bang sekete pele ho Kreste, Morena Solomone o ile a haha lihlopha tsa likepe Iseraele, tse neng li tsamaea le tsa morena oa Tyre ho ea lata thepa e ntle libakeng tse hōle. (1 Marena 9:26-28; 10:22) Lekholong la borobong la lilemo B.C.E., moprofeta Jonase o ile a palama sekepe se neng se tloha koung ea Mediterranean, Jopa, Iseraele, se e-ea Tarshishe. * (Jonase 1:3) Lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola Pauluse o ile a nka leeto ho tloha Cesarea, Iseraele, ho ea Puteoli, eo kajeno e leng Pozzuoli, Koung ea Naples, Italy.—Liketso 27:1; 28:13.

Bo-rahistori baa tseba hore mehleng ea Pauluse, bahoebi ba tsoang libakeng tsa Mediterranean ba ne ba atisa ho tsamaea le Leoatleng le Lefubelu ha ba ea India, ’me lilemong tse bohareng tsa lekholo la bobeli la lilemo, ba bang ba ne ba se ba bile ba fihlile le Chaena. * Leha ho le joalo, ke eng seo re se tsebang ka maeto a boholo-holo ka likepe ho tloha Mediterranean ho ea libakeng tse hōle tse ka bophirimela? Bo-ralikepe ba boholo-holo ba ile ba fihla hōle hakae ka bophirimela?

Maeto a Bafoenisia a Boholo-holo ka Likepe

Lilemo tse makholo pele ho mehla ea Pauluse, batho ba tsamaeang ka likepe ba ne ba se ba thehile likolone Linaheng Tsa Bophirimela bakeng sa khoebo. Ho lumeloa hore Bafoenisia, bao naha ea bona mehleng ea kajeno e leng Lebanone, ba ile ba fihla Atlantic selemong sa 1200 B.C.E. Hoo e ka bang ka 1100 B.C.E., ba ile ba theha motse oo ba ileng ba o reha Gadir, o neng o le ka mose ho mochophoro oa leoatle oa Gibraltar, oo hona joale o tsejoang e le motse oa Cádiz o koung ea leoatle, Spain. Har’a lintho tse neng li fumaneha moo e ne e le silevera e neng e rafshoa moo, le thini e neng e rekoa linaheng tse ling ke bahoebi ba Atlantic.

Rahistori oa Mogerike, Herodotus, o ile a tlaleha hore lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., Faro Neko oa Egepeta o ile a bokella sehlopha sa likepe tsa Foenisia tse neng li tsamaisoa ke Bafoenisia Leoatleng le Lefubelu. Morero oa hae e ne e le hore li potolohe Afrika ho tloha bochabela ho fihlela bophirimela.

Nakong eo, e ne e se e le lilemo tse makholo Bafoenisia ba qalile ho hlahloba mabōpo a leoatle a Afrika. Leha ho le joalo, ka lebaka la meea le maqhubu a matla, bo-ralikepe ba neng ba leba boroa ba iphaphathile ka Lebōpo la Atlantic k’honthinenteng eo ba ne ba sitoa ho fihla hōle haholo. Ho latela Herodotus, Bafoenisia ba ile ba qala leeto le lecha ho tloha Leoatleng le Lefubelu ’me ba iphaphatha le lebōpo la leoatle le ka bochabela Afrika, ba lebile boroa Leoatleng la Indian. Bohareng ba selemo, ba ile ba emisa sebakeng se itseng, ba lema ba ba ba kotula seo ba se lemmeng, ba ntan’o tsoela pele ka leeto la bona. Herodotus o re ka selemo sa boraro, ba ne ba se ba potolohile k’honthinente kaofela ’me ba kena leoatleng la Mediterranean eaba ba khutlela Egepeta.

Herodotus ha a phethela tlaleho ea hae o bolela hore Bafoenisia ba ile ba tlaleha lintho tseo a neng a sa li lumele, ho akarelletsa le hore ha ba le karolong e hōle-hōle ka bochabela Afrika, ba ile ba bona letsatsi le le ka lehlakoreng la bona le letona. Ruri ho ne ho tla ba thata ho Mogerike oa boholo-holo hore a lumele sena. Mang kapa mang ea phetseng bophelo bohle ba hae karolong e ka leboea ea equator o tloaetse ho bona letsatsi le le ka boroa. Ka hona, ha a leba bophirimela, letsatsi le tla ba lehlakoreng la hae le letšehali. Empa sebakeng sa Cape of Good Hope, se leng karolong e ka boroa ea equator, har’a mpa ea motšehare letsatsi le ba ka leboea—e leng ka lehlakoreng le letona ho motho ea lebang bophirimela.

Ho ile ha nka lilemo tse makholo bo-rahistori ba phehisana khang ka tlaleho ea Herodotus. Ke ntho e ka makatsang batho ba bangata hore ebe mehleng ea khale hakaalo bo-ralikepe ba ile ba potoloha Afrika. Leha ho le joalo, litsebi li lumela hore Faro Neko o ile a fela a laela hore ho nkoe leeto leo le hore maeto a mofuta oo a ne a ka nkoa ho latela bohlale le tsebo eo batho ba mehleng eo ba neng ba e-na le eona. Rahistori Lionel Casson, o re: “Leeto le joalo le ne le ka khona ho nkoa. Ha ho na lebaka la hore ebe Bafoenisia ha baa ka ba nka leeto leo ka nako eo ba le nkileng ka eona le ka mokhoa oo Herodotus a le hlalositseng ka eona.” Ho ke ke ha tiisoa hore tlaleho eohle ea Herodotus ke ’nete. Empa e fana ka leseli la hore ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho tsamaea ka sekepe ho ea libakeng tse neng li sa tsejoe mehleng eo ea boholo-holo.

Pytheas o Leba Leboea ka Sekepe

Bafoenisia hase bona feela batho ba boholo-holo ba Mediterranean ba ileng ba leba bophirimela ho ea kena Atlantic. Har’a likolone tseo bo-ralikepe ba Bagerike ba ileng ba li theha ho potoloha Mediterranean e bile Massalia, eo hona joale e leng motse oa Marseilles, o Fora. Motse oo o ile oa rua haholo ka lebaka la khoebo e neng e etsoa leoatleng hammoho le naheng eo. Ho tloha Massalia, bahoebi ba ne ba romela veine ea Mediterranean, oli hammoho le lintho tse entsoeng ka boronse libakeng tse ka leboea, ebe libakeng tseo ba fumana tšepe le lirafshoa tse etsang mabenyane. Ha ho pelaelo hore Bamassalia ba ne ba thahasella libaka tsena tseo e leng mehloli ea thepa eo. Ka hona, hoo e ka bang ka 320 B.C.E., Pytheas, eo e neng e le Momassalia, o ile a nka leeto ho ea iponela ka boeena libaka tseo tse ka leboea.

Ha a khutla, Pytheas o ile a ngola tlaleho ea leeto la hae, ea sehlooho se reng On the Ocean. Le hoja buka eo ea hae eo a neng a e ngotse ka Segerike e se e le sieo, bangoli ba boholo-holo ba ile ba e qotsa ka makhetlo a ka bang 18. Likarolo tseo ba li qotsitseng li bontša hore Pytheas o hlalositse leoatle ka hloko, maqhubu, libōpeho tsa libaka tseo a neng a li bona hammoho le baahi ba libaka tseo a ileng a li etela. O ile a ba a sebelisa thupa ea gnomon ho fumana hore na ka letsatsi le itseng motšehare o moholo, letsatsi le sekame hakae, eaba ka mor’a moo o khona ho hakanyetsa hore na o se a tsamaile sebaka se bohōle bo bokae ho ea leboea.

Pytheas o ne a thahasella haholo litaba tsa saense. Leha ho le joalo, hase hore o ne a susumelitsoe ke litaba tsa saense feela hore ebe o ile a nka leeto leo. Litsebi li ’nile tsa bolela hore o ne a romiloe ke bo-rakhoebo ba Massalia, ba bile ba mo lefeletse leeto e le hore a ka ea fumana tsela e eang libakeng tseo tse hōle moo ba neng ba tseba hore ba ka fumana thini le lirafshoa tse etsang mabenyane. Joale Pytheas o ile a leba kae?

O Leba Brittany, Brithani le Libakeng Tse Ling

Ho bonahala Pytheas a ile a tsamaea ka sekepe ho ea Iberia, eaba o iphaphatha le lebōpo la Gaul ho ea Brittany, moo a ileng a emisa teng. Rea tseba hore o ile a emisa moo hobane lipalo tseo a ileng a li fumana tsa ho sekama ha letsatsi—tseo ho ka etsahalang hore o li nkile a se leoatleng—li lumellana le sebaka se ka leboea Brittany. *

Baahi ba Brittany e ne e le litsebi tsa khale tsa ho haha likepe le ho li sesisa leoatleng, tse neng li hoeba le Brithani. Cornwall, e leng sebaka se qetellong ka boroa-bophirimela Brithani, se ne se e-na le thini e ngata, e leng motsoako oa bohlokoa oa boronse, ’me ke hona moo Pytheas a ileng a leba teng ka mor’a moo. Tlaleho ea hae e hlalosa hore na Brithani e ne e le khōlō hakae le hore e ne e e-na le likhutlo tse tharo tse sa otlolohang hantle, e leng se fanang ka maikutlo a hore e ka ’na eaba o ile a feta le sehlekehlekeng.

Le hoja ho se ea tsebang hantle hore na Pytheas o ile a nka tsela efe, e ka ’na eaba o ile a tsamaea pakeng tsa Brithani le Ireland, a emisa Isle of Man, eo latitude ea eona e lumellanang le lipalo tsa hae tsa bobeli ha a ne a nka ho sekama ha letsatsi. Lipalo tsa boraro e ka ’na eaba o ile a li nka a le Lewis, lihlekehlekeng tsa Outer Hebrides, tse lebōpong le ka bophirimela la Scotland. Ha a tloha moo, e ka ’na eaba o ile a ea Lihlekehlekeng Tsa Orkney, ka leboea ho Scotland, kaha tlaleho ea hae e ileng ea qotsoa ke Pliny the Elder e bontša hore ho ne ho e-na le lihlekehleke tse 40.

Pytheas o ile a ngola hore ka mor’a ho tsamaea matsatsi a tšeletseng ka sekepe ka leboea ho Brithani, o ile a bona sebaka se bitsoang Thule. Bangoli ba ’maloa ba boholo-holo ba bua ka tlhaloso ea Pytheas ea hore Thule ke sebaka seo le ka khitla letsatsi le ntseng le chabile. O ile a ngola hore leeto la letsatsi feela ho tloha moo le ile la ba fihlisa moo leoatle le “hoammeng” ke serame. Ho ’nile ha phehisanoa khang ka taba ea hore Thule eo Pytheas a buileng ka eona e hokae—ba bang ba re e Lihlekehlekeng Tsa Faeroe, ba bang ba re e Norway, ha ba bang bona ba re e Iceland. Ho sa tsotellehe hore na Thule e ne e le hokae, bangoli ba boholo-holo ba ile ba lumela hore e ne e le “sebaka se hōle ka ho fetisisa ka leboea ho tseo ho boletsoeng ka tsona.”

Mohlomong Pytheas o ile a khutlela Brithani ka tsela eo a ileng ka eona, eaba o qetela leeto la hae la ho potoloha sehlekehleke seo. Ha re tsebe hore na o ile a tsoela pele ho hlahloba lebōpo la Europe leboea kapa che, pele a khutlela Mediterranean. Leha ho le joalo, Pliny the Elder o bolela hore Pytheas ke eena ea neng a tseba ka libaka tse hlahisang serafshoa se etsang mabenyane. Libaka tsa boholo-holo tse neng li hlahisa sesebelisoa seo sa bohlokoa li ne li le Jutland, e leng karolo ea Denmark ea kajeno, hammoho le sebaka se ka boroa lebōpong la Leoatle la Baltic. Ke ’nete hore Pytheas o ne a ka ’na a tseba ka libaka tsena ha a ne a etetse kou leha e le efe e Brithani bochabela, ’me kamoo re tsebang kateng, ha ho moo a boletseng hore eena o ile a li etela.

Motho e mong hape oa Mediterranean ea tsejoang ka ho nka maeto ea ileng a ngola ka ho etela ha hae Brithani, ke Juliase Cesare, ea ileng a emisa karolong e ka boroa ea sehlekehleke sena ka 55 B.C.E. Ka 6 C.E., sehlopha se seng sa batho ba Roma se ileng sa nka leeto se ile sa fihla libakeng tse hōle tse kang Jutland leboea.

Ho Ithuta Lintho Tse Ngata ka Lefatše

Maeto a ileng a nkoa ke Bafoenisia le Bagerike a ile a etsa hore tsebo ea jeokrafi e eketsehe, eseng feela Mediterranean le libakeng tse Atlantic, empa le ho ea libakeng tse hōle ka boroa Afrika, le tse hōle ka leboea tse kang Arctic. Mehleng eo, lichaba li ne li hlahloba libaka tseo li sa li tsebeng, li hoeba, li ithuta lintho tse ngata ka lefatše, li nka maeto a malelele haholo ’me seo se ile etsa hore li be le likhopolo tse ncha le tsebo e eketsehileng.

Litlaleho tse ntseng li le teng tsa maeto a boholo-holo a neng a nkoa ho hlahloba libaka e tlameha e le tsa karolo e fokolang feela ea maeto a likepe a ileng a atleha a nkiloeng ke banna ba sebete. Ke bo-ralikepe ba bakae ba boholo-holo ba ileng ba khutla maetong a bona eaba ha ba ngole hore na ba tsoa hokae? Hona ke ba bakae ba ileng ba nka maeto a malelele ho tloha linaheng tsa habo bona, ba sa kang ba hlola ba khutla? Ha ho ea tsebang karabo ea lipotso tsena. Empa ho na le seo re ka se hlokomelang ka ho hasoa ha Bokreste mehleng eo ea boholo-holo.—Sheba  lebokose le ka holimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Hangata lebitso lena le amahanngoa le sebaka se karolong e ka boroa Spain, seo bangoli ba Bagerike le ba Baroma ba se bitsang Tartessus.

^ ser. 4 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka maeto a likepe a neng a leba bochabela, sheba sehlooho se reng “Ebe Baromuoa ba ne ba ka Bolela ho ea Fihla Hokae ka Bochabela?,” Molula-Qhooeng oa January 1, 2009.

^ ser. 16 Ka tlhaloso ea kajeno, ka latitude ea 48°42’ N.

[Lebokose le leqepheng la 29]

 Litaba Tse Molemo ‘li Boletsoe Pōpong Eohle’

Hoo e ka bang ka 60-61 C.E., moapostola Pauluse o ile a ngola hore litaba tse molemo li ne li “boleloa pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakolose 1:23) Na o ne a bolela hore Bakreste ba ne ba se ba boletse India, Bochabela bo Hōle, Afrika, Spain, Gaul, Brithani, Linaheng Tsa Baltic le sebakeng seo Pytheas a ileng a re ke Thule? Ha ho bonahale ho le joalo, le hoja re sa tiisehe.

Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore litaba tse molemo li ne li boletsoe libakeng tse ngata. Ka mohlala, Bajuda le batho ba neng ba sokolohetse Sejudeng bao ka Pentekonta ea 33 C.E. ba ileng ba amohela Bokreste ba ile ba tsamaea le tumelo eo ea bona e ncha ha ba ea libakeng tse hōle tse kang Parthia, Elame, Media, Mesopotamia, Arabia, Asia Minor, likarolong tse ling tsa Libya ho elella Cyrene le Roma—e leng libaka tse neng li tsejoa ke babali ba mangolo a Pauluse.—Liketso 2:5-11.

[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 26, 27]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Herodotus o ile a tlaleha hore ha a ntse a le leetong la hae ho pota linaha tsa Afrika, bo-ralikepe ba ile ba bona letsatsi le le ka lehlakoreng la bona le letona

[’Mapa]

AFRIKA

LEOATLE LA ATLANTIC

LEOATLE LA INDIAN

LEOATLE LA MEDITERRANEAN

[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 28, 29]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leeto le lelelele leoatleng le ileng la nkoa ke Pytheas oa Mogerike

[’Mapa]

Marseilles

IBERIAN PENINSULA

IRELAND

ICELAND

NORWAY

Leoatle la North

BRITHAINI

BRITTANY

HLOAHLOA EA IBERIA

LEBŌPO LA LEOATLE LA AFRIKA LEBOEA

LEOATLE LA MEDITERRANEAN

Marseilles