Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bibele e re Bolella Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ka Jesu?

Na Bibele e re Bolella Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ka Jesu?

Na Bibele e re Bolella Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe ka Jesu?

Na ho ka etsahala hore ebe Jesu ha aa shoella Golgotha joalokaha Bibele e bolela, empa o ile a pholoha? Na ho ka etsahala hore ebe o ile a nyala Maria Magdalena ’me a ba le bana le eena? Kapa na ebe mohlomong e ne e le motho ea itšoereng ka thata ka tsela e makatsang, ea neng a sa batle monyaka leha e le ofe bophelong? Na ho ka etsahala hore ebe o ne a ruta lithuto tse fapaneng le tseo re li balang ka Bibeleng?

LILEMONG tsa morao tjena ho ’nile ha tlala lipelaelo tse joalo, tseo e ka ’nang eaba lintho tse ling tse li bakileng ke lifilimi tse ratoang le libuka tsa lipale. Ntle le lipale tse iqapetsoeng, ho na le libuka tse ling tse ngata le lihlooho tse buang haholo ka mangolo ao e seng karolo ea Bibele, a lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E., a bolelang hore a senola lintho tsa sebele tse sa ngoloang Likosepeleng ka Jesu. Na ebe lipolelo tseo ke ’nete? Na re ka kholiseha hore Bibele e re bolella pale eohle ea ’nete ka Jesu?

E le ho araba lipotso tsena, ho ka ba molemo hore re hlahlobe lintlha tse tharo tsa bohlokoa. Ntlha ea pele, re lokela ho fumana boitsebiso ba bohlokoa ka banna ba ngotseng tlaleho ea Likosepele le hore na ba li ngotse neng; ea bobeli, re lokela ho tseba hore na ke mang ea tiisitseng hore Mangolo a itseng ke karolo ea mangolo a halalelang a Bibele, hona ba entse seo joang; ea boraro, re lokela ho tseba ho itseng ka mangolo ao e seng karolo ea Bibele le hore na a fapana joang le mangolo a hlahang ka Bibeleng. *

Mangolo a Segerike a Bakreste a Ngotsoe Neng, Hona ke Mang?

Mehloli e meng e bontša hore Kosepele ea Matheu e ngotsoe khale selemong sa borobeli ka mor’a lefu la Kreste, e leng hoo e ka bang ka 41 C.E. Litsebi tse ling tsona li lumela hore e ngotsoe moraonyana ho moo, leha ho le joalo, bohle baa lumellana hore libuka tsohle tsa Mangolo a Segerike a Bakreste li ngotsoe lekholong la pele la lilemo C.E.

Batho ba boneng ha Jesu a ntse a phela, ba boneng lefu la hae le ho tsosoa ha hae, ba ne ba ntse ba phela ka nako eo; ba ne ba ka paka hore tlaleho ea Likosepele ke ’nete. Hape ba ne ba ka pepesa habonolo feela ho se nepahale leha e le hofe ha tsona. Moprofesa F. F. Bruce o ile a re: “E ’ngoe ea lintlha tsa bohlokoa ha baapostola ba ne ba bolela ke hore ba ne ba kholisehile hore ba bua ka lintho tseo bamameli ba bona ba neng ba li tseba; ba ne ba sa re feela, ‘Re lipaki tse boneng lintho tsena,’ empa ba ne ba boetse ba re, ‘joalokaha le lōna le tseba’ (Liketso 2:22).”

Bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste e ne e le bo-mang? Ba ne ba akarelletsa ba bang ba baapostola ba Jesu ba 12. Bona hammoho le bangoli ba bang ba Bibele, ba kang Jakobo, Juda, mohlomong le Mareka, ba ne ba le teng ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., ha ho ne ho thehoa phutheho ea Bokreste. Bangoli bohle hammoho le Pauluse ba ne ba le haufi-ufi le sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste ea pele, se neng se entsoe ka baapostola le baholo ba neng ba le Jerusalema.—Liketso 15:2, 6, 12-14, 22; Bagalata 2:7-10.

Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba tsoele pele ka mosebetsi oo a o qalileng oa ho bolela le ho ruta. (Matheu 28:19, 20) O ile a ba a re: “Ea le mamelang le ’na oa ’mamela.” (Luka 10:16) Ho feta moo, o ile a ba tšepisa hore moea oa Molimo o halalelang, kapa matla a sebetsang, o ne o tla ba fa matla ao ba a hlokang hore ba phethe mosebetsi oo. Kahoo ha baapostola kapa basebetsi-’moho ba haufi-ufi le bona ba ngola mangolo—e leng banna ba neng ba fana ka bopaki bo hlakileng ba hore ba hlohonolofatsoa ke moea oa Molimo o halalelang—ha ho pelaelo hore Bakreste ba pele ba ne ba amohela mangolo ao e le ’nete.

Bangoli ba bang ba Bibele ba ile ba fana ka bopaki ba hore bangoli-’moho le bona ba ne ba susumelitsoe ke moea o halalelang oa Molimo. Ka mohlala, moapostola Petrose o ile a bua ka mangolo a Pauluse ’me o ne a a nka e le karolo ea “Mangolo a mang kaofela.” (2 Petrose 3:15, 16) Pauluse le eena o ile a hlokomela hore baapostola hammoho le baprofeta ba bang ba Bakreste ba ne ba susumelitsoe ke Molimo.—Baefese 3:5.

Ka lebaka leo, tlaleho ea Likosepele e na le mabaka a matla a hore ea tšepahala ebile ke ’nete. Hase litšōmo kapa lipale tse iqapetsoeng. Ke tlaleho ea lintho tse etsahetseng e ngotsoeng ka hloko, ho itšetlehiloe ka bopaki ba batho ba boneng ha tseo li ne li etsahala, ’me e ngotsoe ke banna ba neng ba susumetsoa ke moea o halalelang oa Molimo.

Mangolo a Halalelang a Khethiloe ke Mang?

Bangoli ba bang ba ’nile ba bolela hore Mangolo a Segerike a Bakreste, ao e leng karolo ea mangolo a halalelang, a khethiloe lilemong tse makholo hamorao ke kereke e neng e busa nakong eo tlas’a tataiso ea Moemphera Constantine. Leha ho le joalo, ’nete e senola ho fapaneng le hoo.

Ka mohlala, moprofesa oa Kereke ea History, Oskar Skarsaune, o re: “Hore na ke mangolo afe a neng a lokela ho kenyelletsoa Testamenteng e Ncha le hore na ke afe a neng a lokela ho tloheloa, hase taba e etselitsoeng qeto ke lekhotla la kereke kapa motho leha e le ofe . . . Ho sebelisitsoe mokhoa o hlakileng le o utloahalang: Mangolo a lekholong la pele la lilemo C.E., a neng a nkoa a ngotsoe ke baapostola kapa ke ba neng ba sebetsa le bona a ne a nkoa e le a ka tšeptjoang. Ha e le mangolo a mang kapa tseo ho thoeng ke likosepele, tse ileng tsa ngoloa hamorao, ha lia ka tsa kenyelletsoa . . . Ha e le hantle sena se entsoe lilemo-lemo pele ho Constantine le pele kereke ea hae e neng e busa e thehoa. Testamente e Ncha re e filoe ke kereke ea bashoela-tumelo, eseng kereke e busang.”

Ken Berding, moprofesa ea boemong bo bohareng, eo mosebetsi oa hae e leng ho fuputsa ka Mangolo a Segerike a Bakreste, ha a hlalosa hore na ho tlile joang hore ho nkoe libuka tse itseng e le mangolo a halalelang, o re: “Hase kereke e khethileng hore na ke mangolo afe ao e lokelang ho ba karolo ea Bibele; ho nepahetseng ke hore re re kereke ke eona e amohetseng libuka tseo Bakreste ba ’nileng ba li nka li e-na le bopaki bo tiileng ba hore ke Lentsoe la Molimo.”

Leha ho le joalo, na ha e le hantle e ne e hlile e le Bakreste bao ba tloaelehileng ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba khetha hore na mangolo a halalelang ke afe? Bibele e re bolella hore ho ne ho sebetsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo, e nang le tšusumetso e matla.

Ho ea ka Bibele, e ’ngoe ea limpho tsa mohlolo tsa moea tse neng li fuoa phutheho ea Bokreste lilemong tsa pele tse mashome e thehiloe, e ne e le ‘ho lemoha lipolelo tse bululetsoeng.’ (1 Bakorinthe 12:4, 10) Kahoo, ba bang ba Bakreste bao ba ne ba fuoe bokhoni bo fetang bo tloaelehileng ba hore ba lemohe phapang pakeng tsa lipolelo tsa ’nete tse neng li bululetsoe ke Molimo le tseo e neng e se tsona. Ka hona, Bakreste kajeno ba ka kholiseha ka botlalo hore Mangolo a ka Bibeleng a ne a nkoa e le a ngotsoeng ka tšusumetso ea Molimo.

Ka lebaka leo, ho hlakile hore qeto ea hore na mangolo a halalelang ke afe e ne e entsoe khale ka tataiso ea moea o halalelang. Ho tloha karolong e qetellang ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., bangoli ba bang ba ile ba bolela hore libuka tse ka Bibeleng ke mangolo a halalelang. Leha ho le joalo, bangoli bana hase bona ba entseng qeto ea hore na mangolo a halalelang a lokelang ho kena Bibeleng ke afe; ba mpa feela ba fane ka bopaki ba seo Molimo a neng a se amohetse, se neng se entsoe ke mang̀osa a hae a ileng a tataisoa ke moea oa hae.

Libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho le tsona li fana ka bopaki bo tiileng bo tšehetsang mangolo ao kajeno batho ka kakaretso ba a amohelang e le a halalelang. Ho na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Segerike tse fetang 5 000 ka puo ea tsona ea qalong, tseo tse ling tsa tsona e leng tsa lekholong la bobeli le la boraro la lilemo. Mangolo ana ke ’ona a ileng a nkoa e le a ka tšeptjoang makholong a qalang a lilemo C.E., eseng mangolo a neano ao e seng karolo ea Bibele, kahoo, ke ’ona a ileng a kopitsoa le ho abeloa batho ba bangata.

Leha ho le joalo, se ka har’a mangolo ana ke bopaki ba bohlokoa ka ho fetisisa ba hore ke mangolo a halalelang. Mangolo ana a lumellana le “mohlala oa mantsoe a phelisang hantle” ao re a fumanang hohle ka Bibeleng. (2 Timothea 1:13) A khothalletsa babali ho ba le lerato, ho rapela le ho sebeletsa Jehova, ’me a ba lemosa ka litumela-khoela, bodemona le ho rapela lintho tse bōpiloeng. A nepile litabeng tsa histori ’me a na le boprofeta ba ’nete. A bile a khothalletsa batho ba a balang hore ba rate batho ba bang. Libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste li na le litšobotsi tsena tse ikhethang. Na ho ka boleloa se tšoanang ka mangolo ao e seng karolo ea Bibele?

Mangolo ao e Seng Karolo ea Bibele a Fapana le a Mang Joang?

Mangolo ao e seng karolo ea Bibele a fapana haholo le ao e leng karolo ea mangolo a halalelang. Libuka tsena tseo e seng karolo ea Bibele, li qalile ho ngoloa bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo, e leng nako e telele ka mor’a hore libuka tseo e leng karolo ea mangolo a halalelang li ngoloe. Maikutlo ao li fanang ka ’ona ka Jesu le Bokreste ha a lumellane le se Mangolong ao Molimo a ileng a susumetsa hore a ngoloe.

Ka mohlala, Kosepele ea Thomas eo e seng karolo ea mangolo a Bibele, e na le lipolelo tse ngata tse makatsang tseo ho thoeng li builoe ke Jesu, tse kang ea hore o ne a tla fetola Maria monna e le hore a tsebe ho kena ’Musong oa maholimo. Buka ea Infancy Gospel of Thomas, e hlalosa hore ha Jesu a sa le monyenyane, e ne e le ngoana ea pelo e mpe ea ileng a bolaea ngoana e mong ka boomo. Mangolo a mang ao e seng karolo ea Bibele, e leng Liketso Tsa Pauluse le Liketso Tsa Petrose, a hatella taba ea hore ho hang batho ha baa lokela ho kopanela liphate, a bile a bontša hore baapostola bao ba ile ba susumetsa basali hore ba khaohane le banna ba bona. Kosepele ea Judase eona e re Jesu o ile a tšeha barutuoa ba hae ha ba ne ba rapella lijo. Maikutlo a kang ana, ho hang a fapane le se hlalosoang ke libuka tseo e leng karolo ea mangolo a halalelang.—Mareka 14:22; 1 Bakorinthe 7:3-5; Bagalata 3:28; Baheberu 7:26.

Libuka tse ngata tseo e seng karolo ea Bibele li tšehetsa tumelo ea Magnostic, a lumelang taba ea hore ’Mōpi, e leng Jehova, hase Molimo ea lokileng. Hape ha ba lumele hore taba ea tsoho ke ntho ea sebele, ba lumela hore lintho tsohle tse bonahalang li khopo le hore Satane ke eena ea qapileng lenyalo le ho beleha bana.

Libuka tse ’maloa tseo e seng karolo ea Bibele li bitsoa ka mabitso a batho ba ka Bibeleng empa ha e le hantle ho se joalo. Na ho bile le morero oa bolotsana oa ho se kenyelletse libuka tsee Bibeleng? E mong oa litsebi tsa mangolo ao e seng karolo ea Bibele, M. R. James, o ile a re: “Ha ho na motho le ea mong ea li behelletseng ka thōko ho Testamente e Ncha: tsona ka botsona li ile tsa itšeka.”

Bangoli ba Bibele ba Ile ba Lemosa ka ho ba Teng ha Bokoenehi

Ka mangolong a halalelang, ho ile ha lemosoa ka makhetlo-khetlo ka bokoenehi bo neng bo le haufi le ho ba teng bo neng bo tla silafatsa phutheho ea Bokreste. Ha e le hantle, bokoenehi boo bo ne bo se bo ntse bo le teng hona lekholong leo la pele la lilemo, ke feela hore ka nako eo baapostola ba ne ba thibela hore bo ate. (Liketso 20:30; 2 Bathesalonika 2:3, 6, 7; 1 Timothea 4:1-3; 2 Petrose 2:1; 1 Johanne 2:18, 19; 4:1-3) Litemoso tse joalo li ile tsa thusa batho hore ba lemohe mangolo a ileng a qala ho ngoloa ka mor’a lefu la baapostola, a neng a hanyetsa lithuto tsa Jesu.

Ke ’nete hore litsebi tse ling le bo-rahistori ba ka ’na ba nka litokomane tseo e le tsa boholo-holo ebile e le tsa bohlokoa. Empa ak’u nahane ka sena: Ho ne ho tla etsahala’ng haeba litsebi li ne li ka bokella lintho tse ngata tse belaetsang tse hatisitsoeng kajeno, mohlomong tsa li nka limakasineng tse buang ka litaba tsa bo-ba-re le libukeng tsa lihlotšoana tsa bolumeli tse chesehelang borapeli ka tsela e feteletseng, ebe li li notlella ka kamoreng eo ho bolokoang lintho tsa bohlokoa ho eona? Na ka mor’a lilemo-lemo litaba tsee li ne li tla nkoa e se e le tsa ’nete le tse ka tšeptjoang? Ka mor’a lilemo tse 1 700, na mashano le litaba tse se nang thuso tse ngotsoeng lipampiring tseo li ne li tla fetoha ’nete hobane feela litokomane tseo e se e le tsa khale haholo?

Le khale kannete! Ho joalo le ka litaba tse reng Jesu o ne a nyetse Maria Magdalena hammoho le litlhaloso tse ling tse makatsang tse libukeng tseo e seng karolo ea Bibele. Ke hobane’ng ha ho ka tšeptjoa mehloli e se nang ’nete joalo empa e nang le ’nete e le teng? Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a batlang hore re e tsebe ka Mora oa hae e teng ka Bibeleng—e leng tlaleho eo re ka e tšepang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho na le libuka tse 66 tseo ka kakaretso li nkoang e le pokello ea libuka tsa Bibele tse fanang ka bopaki bo kholisang ba hore li ngotsoe ka tšusumetso ea Molimo ’me ke karolo ea bohlokoahali ea Lentsoe la Molimo.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 26]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BOPHELO BA JESU HO NGOLOA MANGOLO A HO NGOLOA MANGOLO

SEGERIKE AO E LENG AO E SENG KAROLO

KAROLO EA BIBELE EA BIBELE

2 B.C.E. 33 C.E. 41 98 130 300

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kenneth Garrett/National Geographic Image Collection

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Moapostola Pauluse o ile a etsa mehlolo, a ba a tsosa motho bafung, e leng bopaki bo matla ba hore moea oa Molimo o ne o mo tšehetsa o bile o tšehetsa le mangolo a hae