Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o ne a Tseba Hore Adama le Eva ba Tla Etsa Sebe?

Na Molimo o ne a Tseba Hore Adama le Eva ba Tla Etsa Sebe?

Na Molimo o ne a Tseba Hore Adama le Eva ba Tla Etsa Sebe?

BATHO ba bangata ba rata ho tseba karabo ea potso ena e le kannete. Ha ho botsoa ka taba ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo, ntho ea pele eo ho buuoang ka eona ke sebe sa monna oa pele le mosali serapeng sa Edene. Taba ea hore ‘Molimo o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe’ e ka ’na ea etsa hore habonolo feela ba bang ba etse qeto ea hore e tlameha ebe Molimo o ne a tseba esale pele hore Adama le Eva ha ba na ho mo mamela.

Haeba ka sebele Molimo a ne a tsebile esale pele hore banyalani bana ba phethahetseng ba tla etsa sebe, seo se ne se tla bolela’ng? Seo se ne se tla bolela hore ho na le litšobotsi tse ngata tse sa rateheng ka Molimo. O ne a tla bonahala a se na lerato, a se na toka a bile a sa tšepahale. Ba bang ba ne ba tla nka hore o bile khopo ka ho beha batho ba pele boemong boo a tsebang hore bo tla fella hampe. Molimo o ne a ka bonahala eka ke eena ea ikarabellang—kapa bonyane ea kentseng letsoho—bobeng le mahlomoleng ’ohle a ileng a e-ba teng ho pholletsa le histori. Ba bang bona ba ne ba tla bona eka ’Mōpi oa rōna o etsa lintho ka booatla.

Na Mangolo a bontša Jehova Molimo a tšoaneloa ke litlhaloso tseo tse mpe? E le ho araba potso eo, a re ke re hlahlobeng hore na Bibele e re’ng ka mesebetsi ea pōpo le ka botho ba Jehova.

“E ne e le Molemo Haholo”

Tlaleho ea Genese e re mabapi le pōpo ea Molimo, e akarelletsang batho ba pele lefatšeng: “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” (Genese 1:31) Adama le Eva ba entsoe ba phethahetse, ba tšoanela lefatše leo ba phelang ho lona ka hohle-hohle. Ho ne ho se letho le haellang tseleng eo ba bōpiloeng ka eona. Kaha ba ne ba entsoe ka tsela e “molemo haholo,” ha ho pelaelo hore ba ne ba ka khona ho itšoara ka tsela eo ba neng ba lebeletsoe hore ba itšoare ka eona. Ba ne ba entsoe ka “setšoantšo sa Molimo.” (Genese 1:27) Ka hona, ba ne ba e-na le matla a itseng a ho bontša litšobotsi tse tšoanang le tsa Molimo tse kang bohlale, lerato, toka le molemo. Ho bonahatsa litšobotsi tseo ho ne ho tla ba thusa hore ba etse liqeto tse neng li tla ba tsoela molemo le tse neng li tla thabisa Ntate oa bona oa leholimo.

Jehova o ne a file batho bana ba bohlale, ba phethahetseng, bolokolohi ba ho ikhethela. Ka hona, ba ne ba sa etsoa ka tsela eo ba neng ba tla thabisa Molimo ebang baa rata kapa ha ba rate—che, ba ne ba sa etsoa joaloka liroboto. Ak’u nahane ka sena. Ke mpho efe eo u neng u tla e thabela haholo—na ke eo motho a u fang eona hobane a tlameha, kapa ke eo a u fang eona ka pelo eohle ea hae? Karabo e hlakile. Ka tsela e tšoanang, haeba Adama le Eva ba ne ba ile ba ikhethela ho mamela Molimo, ka sebele seo e ka be e ile ea e-ba sa bohlokoa haholo ho eena. Matla a ho ikhethela a ne a etsa hore lerato e be lona le etsang hore batho bao ba pele ba mamele Jehova.—Deuteronoma 30:19, 20.

O Lokile, o na le Toka ’me o Molemo

Bibele e re bolella litšobotsi tsa Jehova. Litšobotsi tsena li bontša hore ho hang ha ho moo a amanang teng le sebe. Pesaleme ea 33:5 e re Jehova “o rata ho loka le toka.” Ka hona, Jakobo 1:13 e re: “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” Ka lebaka la toka le ho nahanela, Molimo o ile a lemosa Adama: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Banyalani ba pele ba ne ba filoe khetho pakeng tsa bophelo bo sa feleng le lefu. Na e ne e tla be e se boikaketsi hore Molimo a ba lemose ka sebe se tobileng seo a neng a se a ntse a tseba hore ba tl’o se etsa? Kaha o “rata ho loka le toka,” Jehova o ne a ke ke a fana ka khetho eo a tsebang hore ha e eo.

Hape Jehova o molemo haholo. (Pesaleme ea 31:19) Ha Jesu a hlalosa molemo oa Molimo, o itse: “Ke motho ofe har’a lōna eo mora oa hae a kōpang bohobe—a ke ke a mo neha lejoe, na ha ho joalo? Kapa, mohlomong, o tla kōpa tlhapi—a ke ke a mo neha noha, na ha ho joalo? Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fana ka lintho tse molemo joalo hakaakang ho ba mo kōpang!” (Matheu 7:9-11) Molimo o fa libōpuoa tsa hae “lintho tse molemo.” Tsela eo batho ba entsoeng ka eona le lehae la Paradeise leo ba neng ba le lokiselitsoe hantle li fana ka bopaki ba hore Molimo o molemo. Na ’Musi ea molemo joalo o ne a ka ba khopo hoo a ka fanang ka lehae le letle joalo empa a tseba hore le tl’o fela? Le hanyenyane. Moetsi oa rōna ea lokileng le ea molemo hase eena ea molato ka borabele ba batho.

“Ea Bohlale a le Mong”

Mangolo a boetse a bontša hore Jehova ke “ea bohlale a le mong.” (Baroma 16:27) Mangeloi a Molimo leholimong a ile a bona lintho tse ngata tse bonahatsang bohlale bona bo sa lekanngoeng. A ile a “hlaba litlatse” ha Jehova a bōpa lintho tse lefatšeng. (Jobo 38:4-7) Ha ho pelaelo hore libōpuoa tsena tse bohlale tsa moea li ile tsa shebella liketsahalo tsa serapeng sa Edene ka thahasello e khōlō. Na joale e ne e tla ba ntho e nang le kelello hore Molimo ea bohlale a bōpe bokahohle bo hlollang hammoho le lintho tse ling lefatšeng, ebe ka mor’a moo, bara ba hae ba mangeloi ba ntse ba shebile, o bōpa batho ba babeli ba ikhethang bao a tsebang hantle hore ba ne ba sa tl’o atleha? Ho hlakile hore e ne e tla ba ho sa utloahaleng ho rera koluoa e joalo.

Leha ho le joalo, ba bang ba ntse ba ka hana, ba re, ‘Ho tla joang hore ebe Molimo ea nang le bohlale bohle o ne a sa tsebe?’ Ke ’nete hore tšobotsi e ’ngoe ea bohlale bo boholo ba Jehova ke ea hore o na le matla a ho tseba “qetello ho tloha tšimolohong.” (Esaia 46:9, 10) Leha ho le joalo, ha ho ntho e mo tlamang ho sebelisa matla ana a hae, etsoe hase kamehla a sebelisang matla a hae a maholo ka ho feletseng. Ka bohlale, Jehova oa khetha hore na ke neng moo a batlang ho sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele. O a sebelisa ha ho e-na le lebaka le utloahalang la hore a etse joalo, le ha boemo bo loketse.

Matla a ho ithiba hore a se ke a tseba esale pele hore na qetello ke efe a ka tšoantšoa le mokhoa o mong oa theknoloji ea morao tjena. Motho ea shebeletseng papali e rekotiloeng a ka khetha ho e fetisetsa karolong e qetellang ea eona e le hore a bone esale pele hore na e feletse joang. Empa ha ho se mo tlamang hore a qale ka ho etsa joalo. Ke mang ea ka mo tšoaeang phoso haeba a khetha hore a shebelle papali eo kaofela ho tloha qalong? Ka tsela e tšoanang, ho hlakile hore ’Mōpi o ile a khetha hore a se ke a bona hore na litaba li tlil’o fella joang. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho ema e le hore a bone hore na ha bophelo bo ntse bo tsoela pele bana ba hae ba lefatšeng ba ne ba tla itšoara joang.

Joalokaha ho boletsoe pejana, bohlale boo Jehova a nang le bona bo ile ba etsa hore a se ke a bōpa batho ba pele joaloka liroboto, tseo ho entsoeng hore li latele tsela e itseng feela. Ho e-na le hoo, ka lerato o ile a ba fa bolokolohi ba hore ba ikhethele. Haeba ba ne ba ka khetha tsela e nepahetseng, ba ne ba tla bontša lerato, kananelo le ho mamela ha bona, e leng se neng se tla ba thabisa se be se thabise le Ntate oa bona ea leholimong, Jehova.—Liproverbia 27:11; Esaia 48:18.

Mangolo a bontša hore liketsahalong tse ngata Molimo ha aa ka a sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele. Ka mohlala, ha Abrahama ea tšepahalang a ne a leka ho etsa mora oa hae sehlabelo, Jehova o ile a re: “Joale kea tseba hore u tšaba Molimo kahobane ha ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela.” (Genese 22:12) Ka lehlakoreng le leng, ho na le linako tseo ka tsona liketso tse mpe tsa batho ba bang li neng li etsa hore Molimo a ‘utloe bohloko.’ Na a ka be a utloile bohloko joalo haeba e ne e le khale a tseba seo ba tla se etsa?—Pesaleme ea 78:40, 41; 1 Marena 11:9, 10.

Ka hona, ke ntho e utloahalang ho etsa qeto ea hore Molimo ea nang le bohlale bohle ha aa ka a sebelisa matla a hae hore a tsebe esale pele hore batsoali ba rōna ba pele ba ne ba tla etsa sebe. O ne a ke ke a etsa booatla ba hore a bōpe batho empa a se a ntse a tseba hore ba ne ba tl’o etsa lintho tse mpe.

“Molimo ke Lerato”

Sera sa Molimo, Satane, ke sona se qalileng borabele Edene, bo ileng ba e-ba le litholoana tse babang, tse akarelletsang sebe le lefu. Ka hona, Satane e ile ea e-ba “’molai.” Hape o ipontšitse ka liketso hore “o leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Kaha o susumetsoa ke sepheo se sebe, o leka ho fana ka maikutlo a hore ’Mōpi ea lerato le eena o na le sepheo se sebe. Taba ea ho jarisa Jehova molato ka sebe sa batho e mo tšoanela hantle.

Lerato ke lona lebaka le matla ka ho fetisisa le entseng hore Jehova a khethe hore a se ke a tseba esale pele hore Adama le Eva ba ne ba tla etsa sebe. Lerato ke eona tšobotsi e ka sehloohong ea Molimo. Johanne oa Pele 4:8 e re: “Molimo ke lerato.” Lerato le sheba lintho tse ntle eseng tse mpe. Le sheba litšobotsi tse ntle tseo ba bang ba nang le tsona. Kaha Jehova Molimo o ne a susumetsoa ke lerato, o ne a lakaletsa batho ba pele lintho tse molemo feela.

Le hoja bana ba Molimo ba lefatšeng ba ile ba etsa qeto e booatla, Molimo oa rōna ea lerato ha aa ka a qala ho lahleheloa ke tšepo kapa ho belaella libōpuoa tse ling tse tšepahalang. O ne a ba file lintho tsohle tseo ba li hlokang le ho ba bolella sohle seo ba lokelang ho se tseba. Ka hona, e ne e le ho utloahalang hore Molimo a lebelle hore ba mo mamele ka lerato, eseng ba mo fetohele. O ne a tseba hore Adama le Eva ba ka khona ho etsa lintho ka tsela e tšepahalang, joalokaha hamorao le banna ba neng ba sa phethahala ba kang Abrahama, Jobo, Daniele le ba bang ba bangata ba ile ba khona.

Jesu o ile a re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Matheu 19:26) Eo ke taba e khothatsang haholo. Lerato leo Jehova a nang le lona, hammoho le litšobotsi tse ling tsa hae tse hlaheletseng tse kang toka, bohlale le matla, li re tiisetsa hore ka nako e loketseng, a ka khona ho felisa liphello tsohle tsa sebe le lefu ebile o tla fela a li felise.—Tšenolo 21:3-5.

Ka ho hlakileng, Jehova o ne a sa tsebe hore batho ba pele ba ne ba tla etsa sebe. Le hoja ho se utloe ha motho hammoho le mahlomola a ileng a latela li ile tsa utloisa Molimo bohloko, o ne a tseba hore boemo boo ba nakoana bo ne bo ke ke ba thibela morero oa hae oa ka ho sa feleng ka lefatše le batho ba ho lona hore o phethahale. Ho ka ba molemo hore u ithute ka morero oo le hore na u ka rua molemo joang ha morero oo o babatsehang o se o phethahala. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 23 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka morero oa Molimo ka lefatše, sheba khaolo ea 3 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Jehova ha aa ka a bōpa batho ba pele joaloka liroboto, tseo ho entsoeng hore li latele tsela e itseng feela

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

Molimo o ne a tseba hore Adama le Eva ba ka khona ho etsa lintho ka tsela e tšepahalang