Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Motšoasi oa Litlhapi
Bophelo ba Mehleng ea Bibele—Motšoasi oa Litlhapi
“Ha [Jesu] a tsamaea haufi le leoatle la Galilea a bona bara ba motho ba babeli, Simone ea bitsoang Petrose le Andrease mor’abo, ba theolela letlooa la ho tšoasa litlhapi ka leoatleng, kaha e ne e le batšoasi ba litlhapi. A re ho bona: ‘Ntšaleng morao, ’me ke tla le etsa batšoasi ba batho.’”—MATHEU 4:18, 19.
HANGATA Likosepele li bua ka litlhapi, ho tšoasa litlhapi le batšoasi ba litlhapi. Ha e le hantle, Jesu o entse lipapiso tse ngata ka ho tšoasa litlhapi. Seo ha se makatse, kaha o ne a qeta nako e ngata a ruta lebōpong la Leoatle la Galilea kapa libakeng tse haufi le moo. (Matheu 4:13; 13:1, 2; Mareka 3:7, 8) Letša lena le letle la metsi a hloekileng le bolelele ba lik’hilomithara tse 20 ’me le bophara ba lik’hilomithara tse 11. Baapostola ba Jesu ba supileng—e leng Petrose, Andrease, Jakobo, Johanne, Filipi, Thomase le Nathanaele—e ka ’na eaba e ne e le batšoasi ba litlhapi.—Johanne 21:2, 3.
Ho ba motšoasi oa litlhapi ho ne ho le joang mehleng ea Jesu? Ak’u ithute ho se hokae ka banna bana le khoebo ea bona. Seo se tla etsa hore u ananele mosebetsi oa baapostola oa ho tšoasa litlhapi ’me u utloisise le ho feta lintho tseo Jesu a neng a li etsa le lipapiso tsa hae. A re ke re qale ka ho hlahloba hore na ho ne ho le joang ho sebetsa Leoatleng la Galilea.
“Ho Tsukutleha ho Hoholo ha Tsoha Leoatleng”
Leoatle la Galilea le ka har’a khohlo, le botebong bo ka etsang limithara tse 210 ha ho bapisoa le bophahamo ba leoatle. Ho tloha lebōpong la lona ho na le matsoapo a mafika ’me ho ea ka leboea ho na le thaba e phahameng haholo ea Hermone. Mariha ho atisa Matheu 8:23-27.
ho ba le moea o batang oo ka linako tse ling o bakang maqhubu a mangata a manyenyane. Hlabula leoatle lena le koaheloa ke moea o chesang. Lifefo tse matla li theoha ka tšohanyetso lithabeng tse potolohileng ’me li puputla basesisi ba tsamaeang leoatleng habohloko. Sefefo se joalo se ile sa hlasela Jesu le barutuoa ba hae.—Batšoasi ba litlhapi ba ne ba tsamaea ka likepe tsa lehong tsa bolelele ba limithara tse ka bang robeli le bophara ba limithara tse ka bang peli. Bongata ba likepe tsa bona li ne li e-na le palo e tšehetsang seile ea sekepe le kamore eo ho itšireletsoang ho eona e karolong e ka morao ea sekepe. (Mareka 4:35-41) Le hoja likepe tsa bona li ne li tsamaea butle, li ne li tsitsitse ’me li khona ho mamella lifefo tse fefolelang seile le palo ka lehlakoreng le leng, ha letlooa le nang le litšepe le e-ea ka lehlakoreng le leng.
Banna ba ne ba sesisa sekepe ka masokoana a neng a haheletsoe mahlakoreng ka bobeli. Ho ne ho ka tsamaea batho ba tšeletseng kapa ho feta moo ho ea tšoasa litlhapi. (Mareka 1:20) Hape, e ka ’na eaba ka sekepeng ho ne ho kenngoa liaparo tsa mosebetsi le lintho tse ling tse kang seile ea line (1), ropo (2), masokoana (3), lejoe le khinang sekepe (4), liaparo tse mofuthu tse ommeng (5), lijo (Mareka 8:14) (6), libaskete (7), mosamo (Mareka 4:38) (8) le letlooa (9). E ka ’na eaba hape ba ne ba nka le libolo tse eketsehileng tse tšoarang nete tse phaphamalang ka holim’a metsi (10), hammoho le litšepe tse tebisetsang letlooa ka metsing (11), lithulusi (12) le litoche (13).
“Ba Tšoasa Litlhapi Tse Ngata Haholo”
Kajeno, joaloka lekholong la pele la lilemo, Leoatleng la Galilea litlhapi li fumaneha ka bongata moo linōka tse fepelang leoatle li kenang le teng. Litlamatlama li kena ka leoatleng ’me li hohela litlhapi. Batšoasi ba litlhapi ba mehleng ea Jesu ba ne ba atisa ho tšoasa bosiu ba sebelisa litoche e le hore ba tšoase litlhapi tse ngata. Ka lekhetlo le leng, ba bang ba barutuoa ba Jesu ba ile ba sebetsa bosiu bohle empa ba se ke ba tšoasa letho. Empa ka letsatsi le hlahlamang, ha Jesu a ne a ba laela, ba ile ba akhela matlooa a bona hape eaba ba tšoasa litlhapi tse ngata hoo likepe tsa bona li ileng tsa batla li teba.—Luka 5:6, 7.
Ka linako tse ling batšoasi ba litlhapi ba ne ba tšoasa bolibeng. Ha ba tšoasa, ba ne ba sebelisa likepe tse peli. Likepe li ne li otlolla letlooa le pakeng tsa tsona; ha letlooa le se le tšoasitse, likepe li hula ka thata, se seng se pota ka ho le letona se seng ka ho le letšehali ho likaliketsa litlhapi. Ha likepe li kopana, letlooa le tla be le koalehile. Joale batšoasi ba ne ba hula liropo tse fasitsoeng lik’honeng tsa letlooa ebe ba kenya letlooa ka sekepeng. Letlooa le ne le ka ba bolelele ba limithara tse 30 ’me le ne le ka theohela ka metsing botebo ba limithara tse peli, e leng boholo bo lekaneng hore le ka tšoasa sehlopha sohle sa litlhapi tse sesang ’moho. Karolong e ka holimo ea lona ho ne
ho fasoa libolo tse phaphamalang metsing, ha karolong e ka tlase ho ne ho fasoa litšepe tse etsang hore le tebe. Batšoasi ba litlhapi ba ne ba lokisa letlooa la bona, ebe ba le akhela ka metsing, ba etsa seo ka makhetlo-khetlo.Metsing a sa tebang hakaalo, batšoasi ba ne ba sebelisa mokhoa o mong. Sekepe se ne se hula lehlakore le leng la letlooa ho tloha lebōpong, ebe se khutlela hape lebōpong ho koahela litlhapi tse tšoasitsoeng. Joale banna ba lebōpong ba ne ba hulela letlooa lebōpong ebe ba qala ho khetha litlhapi. Ba ne ba tšela tse ntle ka linkhong. Tse ling li ne li rekisoa motseng hang ka mor’a ho tšoasoa. Ha tse ngata li ne li nokoa ka letsoai ebe lia omisoa, li ntan’o bolokoa ka linkhong tsa letsopa ebe li romeloa Jerusalema kapa linaheng tse ling. Lintho tse ling tse tšoasitsoeng tse neng li se na mapheoana a ho sesa le makhakhapha, tse kang tlhapi ea eel, ho ne ho nkoa li sa hloeka ’me li ne li lahloa. (Levitike 11:9-12) Jesu o ne a bua ka mokhoa ona oa ho tšoasa litlhapi ha a ne a tšoantša “’muso oa maholimo” le letlooa le huloang ’me a tšoantša batho ba lokileng le ba khopo le mefuta e sa tšoaneng ea litlhapi.—Matheu 13:47-50.
Motšoasi oa litlhapi ea tšoasang a le mong o ne a ka sebelisa khoele e nang le hakisi ea boronse e hlometsoeng lijo. Kapa o ne a ka akhela letlooa le lenyenyane ka metsing. E le hore a etse seo, o ne a kena ka metsing, a tšoara letlooa hantle ebe o le akhella holimo, thōko le eena. Letlooa le phuthiloeng joalokaha eka ke nkho le ne le phutholoha ebe le oela ka metsing le ntan’o teba. Haeba motšoasi a le lehlohonolo, ha a hula letlooa ka ropo, le ne le tla koalla litlhapi.
Matlooa a ne a bitsa chelete e ngata ’me ho a boloka a ntse a le maemong a matle ho ne ho se bonolo, kahoo batšoasi ba litlhapi ba ne ba le hlokolosi ha ba a sebelisa. Motšoasi oa litlhapi o ne a qeta nako e ngata a lokisa matlooa, a a hlatsoa kapa a a omisa—e leng mesebetsi eo a neng a e etsa nako le nako ka mor’a hore a tšoase. (Luka 5:2) Moapostola Jakobo le mor’abo, Johanne, ba ne ba lutse ka sekepeng sa bona ba ntse ba lokisa matlooa ha Jesu a fihla a ba kōpa hore ba mo latele.—Mareka 1:19.
Mofuta o mong oa litlhapi tse neng li tšoasoa haholo lekholong la pele la lilemo ke tlhapi e neng e atile haholo e bitsoang tilapia. Tlhapi ena ke eona e neng e jeoa haholo ke batho ba Galilea ’me ho ka etsahala hore ebe Jesu le eena o ne a ja tlhapi ena e monate. E ka ’na eaba litlhapi tse peli tseo Jesu a ileng a etsa mohlolo oa ho fepa batho ba likete ka tsona e ne e le tilapia e nokiloeng letsoai eaba ea omisoa. (Matheu 14:16, 17; Luka 24:41-43) Hangata tlhapi ena e sesa e momme malinyane a eona. Leha ho le joalo, haeba e sa moma malinyane, e sesa e momme lejoana le chitja kapa chelete e benyang ea tšepe e oetseng tlaase bolibeng ba leoatle.—Matheu 17:27.
Lekholong la pele la lilemo, batšoasi ba litlhapi ba neng ba atleha ke ba neng ba e-na le mamello, ba sebetsa ka thata ba bile ba ikemiselitse ho tiisetsa mathata ba tseba hore qetellong ba tla fumana se molemo. Ba ileng ba lumela kōpo ea Jesu ea hore ba sebetse le eena mosebetsing oa ho etsa barutuoa, le bona ba ne ba lokela ho ba le litšobotsi tseo e le hore ba tle ba atlehe hore ebe “batšoasi ba batho.”—Matheu 28:19, 20.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
(Sheba sengoliloeng)