Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na hoa Khoneha ho Tšepahala Lefatšeng le Tletseng Bobolu?

Na hoa Khoneha ho Tšepahala Lefatšeng le Tletseng Bobolu?

“Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—BAHEBERU 13:18.

RE KA khona ho hlōla tšusumetso e matla ea sebe seo re se futsitseng, ea batho bao re phelang har’a bona le ea Diabolose, le hoja lintho tsena li re hatella! Re ka etsa seo joang? Ka hore re atamele haufi le Molimo le ho sebelisa melao-motheo e tsoang Lentsoeng la hae, Bibele, e ’nileng ea atleha ka lilemo tse makholo. Nahana ka mehlala ena e ’meli.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le se ke la itšoara joaloka batho ba lefatše lena.”—Baroma 12:2, New Jerusalem Bible.

“Bibele e nthusitse hore ke bone melemo ea ho tšepahala.”—GUILHERME

Pale ea sebele: Guilherme ke rakhoebo ea atlehileng oa Brazil. Oa lumela hore ha ho bonolo ho tšepahala. O re: “Ho ka ba bonolo hore motho a qale ho se tšepahale khoebong, mohlomong ka lebaka la khatello ea hore khoebo ea hae e mo kenyetse chelete e ngata kapa ka lebaka la ho batla ho itlhoma pele tlhōlisanong le lik’hamphani tse ling. Batho ba bangata ba nka ho  fana ka tjotjo le ho e amohela e le ntho e tloaelehileng. Haeba motho a qala khoebo e hlokang chelete e ngata, ho ka ba thata ho tšepahala.”

Ho ntse ho le joalo, Guilherme o khonne ho hlōla khatello ea ho se tšepahale. O re: “Le ha motho a ntse a phela har’a bo-rakhoebo ba sa tsotelleng ho tšepahala, hoa khoneha ho tšepahala. Ho hlokahala hore motho a khomarele melao ea se nepahetseng. Bibele e nthusitse hore ke bone melemo ea ho tšepahala. Motho ea tšepahalang o na le letsoalo le hloekileng, o phela bophelo bo nang le khutso ’me oa itlhompha. A ka ba le tšusumetso e ntle ho bao a phelang le bona.”

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ha e le ba ikemiselitseng ho rua, ba oela lerabeng la moleko, le litakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tšenyehong le timelong. Mohloli oa bokhopo bohle ke ho rata chelete.”—1 Timothea 6:9, 10, Bibele—Phetolelo e Ncha.

“Ke leboha hore ebe ho sebelisa melao-motheo e phahameng ea Bibele ho entse hore ke be le botumo botle.”—ANDRÉ

Pale ea sebele: André o na le k’hamphani e hokelang lialamo mehahong. Mosebetsi ona o o etsetsa le sehlopha se seng se seholo sa bolo. Ka lekhetlo le leng, ka mor’a papali e khōlō ea sehlopha sena, André o ile a ea liofising tsa tsamaiso ’me a fana ka rasiti ea mosebetsi oo a o entseng. Batho ba sebetsang lefapheng la tsa lichelete ba ne ba ntse ba bala chelete eo ba qetang ho e fumana ofising e rekisang litekete. Kaha nako e ne e se e ile, mookameli o ile a lefa bohle ba neng ba etsa mesebetsi e fapaneng ho akarelletsa le André.

André o re: “Ha ke le tseleng e eang lapeng, ke ile ka hlokomela hore mookameli o mphile chelete e ngata ho feta eo a neng a lokela ho mpha eona. Ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a hlokomela hore na ke mang ea fumaneng chelete e ngata. Empa ke ne ke boetse ke tseba hore chelete eo e haellang e ne e tla tlameha ho tsoa ho eena. Ke ile ka khutlela morao. Ke ile ka khona ho fohla har’a letšoele la batšehetsi e le hore ke khutlise chelete eo. Mookameli o ne a maketse haholo. Ha ho mohla motho a kileng a khutlisa chelete.”

André o tsoela pele ho re: “Mookameli eo o ile a ntlhompha ka lebaka la hore ke ile ka tšepahala. Ho se ho fetile lilemo tse ngata ’me har’a lik’hamphani tsa pele tse ileng tsa sebelisana le sehlopha seo sa bolo ke k’hamphani ea ka feela e ntseng e sebelisana le sona. Ke leboha hore ebe ho sebelisa melao-motheo e phahameng ea Bibele ho entse hore ke be le botumo botle.”

Hoa khothatsa ho tseba hore ka thuso ea Molimo, re ka khona ho qoba litšusumetso tse mpe. Leha ho le joalo, batho ka bobona ba ke ke ba khona ho felisa bobolu ka ho feletseng. Lintho tse bakang bobolu li tebile—li tebile hoo batho ba sa phethahalang ba ke keng ba li rarolla ka bobona. Joale na see se bolela hore bobolu bo ke ke ba fela? Sehlooho sa ho qetela lihloohong tsena se fana ka karabo e khothatsang e tsoang Bibeleng.