Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Atamela ho Molimo

“Jehova o Batla Eng ho Uena?”

“Jehova o Batla Eng ho Uena?”

JEHOVA o lebeletse eng ho batho ba batlang ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang? Na o batla hore re be batho ba phethahetseng, e leng se tla etsa hore re se ke ra khona ho mo khahlisa kaha ha rea phethahala? Kapa na o lebeletse feela hore re etse seo re ka se khonang? Ke habohlokoa hore re fumane likarabo tsa lipotso tseo haeba re batla ho sebeletsa Molimo re thabile. A re ke re hlahlobeng kamoo moprofeta Mikea a ileng a akaretsa lintho tseo Molimo a li lebeletseng ho rōna kateng.—Bala Mikea 6:8.

“O u boleletse se molemo.” Ha ho hlokahale hore re ipotse hore na Molimo o lebeletse’ng ho rōna. O re boleletse ka ho hlaka hore na o hloka’ng ho rōna ka Bibeleng. Seo Molimo a se hlokang ho rōna “se molemo.” O ne a ke ke a re batla ntho e neng e ke ke ea re tsoela molemo. “Molimo ke lerato,” kahoo o batla hore re thabe bophelong. (1 Johanne 4:8; 5:3) Haeba re mamela melao ea Molimo, ha re thabise eena feela, empa le rōna re tla rua molemo.—Deuteronoma 10:12, 13.

“Jehova o batla eng ho uena?” Na Molimo o na le tokelo ea ho batla ntho leha e le efe ho rōna? E, o na le eona! Re lokela ho mo mamela kaha ke eena Mohloli le ’Moloki oa bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Kahoo, o batla eng ho rōna? Mikea o akaretsa lintho tseo Molimo a li batlang ho rōna ka lipolelo tse tharo. Lipolelo tse peli tsa pele li bua haholo ka tsela eo re sebelisanang le batho ba bang ka eona ’me ea boraro e bua ka kamano ea rōna le Molimo.

“U sebelise toka.” Ho latela buka e ’ngoe, lentsoe la Seheberu le bolelang “toka,” “le akarelletsa ho sebelisana le batho ba bang ka tsela e lokileng le e hlokang leeme.” Molimo o batla hore re tšoare batho ba bang ka tsela e lokileng le e hlokang leeme ho latela se ka melaong ea hae. Re bontša toka ka hore re hloke leeme, re be ba lokileng ’me re tšepahale ha re sebelisana le batho ba bang. (Levitike 19:15; Esaia 1:17; Baheberu 13:18) Ha re tšoara batho ba bang ka toka, le bona ba ka ’na ba susumelletseha hore ba re tšoare ka toka.—Matheu 7:12.

“U rate mosa.” Molimo ha a batle hore re bontše mosa feela empa o batla hore re o rate. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mosa” (che′sedh) le ka boela la fetoleloa e le “mosa o lerato” kapa “ho bontša lerato ka botšepehi.” Setsebi se seng sa Bibele se re: “Lentsoe [che′sedh] le ke ke la fetoleloa e le feela lerato, mohau le mosa kaha mantsoe ana aa haella, empa le bolela litšobotsi tsena li kopane.” Haeba re rata mosa, ha re o bontše ka lekhonono ’me seo se etsa hore re thabele ho thusa batho ba hlokang. Kahoo, re fumana thabo e tlisoang ke ho fana.—Liketso 20:35.

“U inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao.” Ka Bibeleng, poleloana e reng, “ho tsamaea” e bolela “ho latela tsela e itseng.” Re tsamaea le Molimo ka hore re latele tsela ea bophelo eo a e boletseng ka Bibeleng. Re lokela ‘ho inyenyefatsa’ ha re ntse re latela tsela eo. Joang? Ha re inyenyefatsa ka pel’a Molimo re hlahloba boemo ba rōna ka pel’a hae ’me re amohela mefokolo ea rōna. Kahoo, ‘ho tsamaea le Molimo u inyenyefalitse’ ho bolela hore re utloisisa ka ho hlakileng hore na o hloka eng ho rōna le seo rōna re ka fanang ka sona.

Se thabisang ke hore ha ho mohla Jehova a batlang se fetang seo re ka fanang ka sona. Oa thaba ha re etsa sohle se matleng a rōna ho mo sebeletsa. (Bakolose 3:23) Jehova o utloisisa mefokolo ea rōna. (Pesaleme ea 103:14) Haeba ka boinyenyefatso re amohela mefokolo ea rōna, seo se tla etsa hore re thabele ho tsamaea le Molimo. Ke hobane’ng ha u sa ithute hore na u ka etsa’ng hore u tsamaee le Molimo? Seo se tla etsa hore a u hlohonolofatse haholo.—Liproverbia 10:22.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka November:

Joele 1-3Mikea 1-7