Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE: TSOHO EA JESU—SEO E SE BOLELANG HO UENA

Tsoho ea Jesu—Na Kannete e Etsahetse?

Tsoho ea Jesu—Na Kannete e Etsahetse?

RAHISTORI oa Mogerike, e leng Herodotus, ea phetseng lilemong tse 2 500 tse fetileng o ile a pheta pale ea Baegepeta ba mehleng ea hae. O ile a ngola a re: “Meketeng ea batho ba ruileng, ka mor’a hore batho ba je lijo tsa mantsiboea, ho ba le monna ea tsamaeang a tšoere setšoantšo sa setopo se ka har’a lekese se betliloeng ka lehong le ho pentoa, se bolelele ba setsoe kapa tse peli. O se bontša batho bohle ba teng moo, ebe o re, ‘Noang le thabe hobane ha le shoa le tla ba joaloka setšoantšo sena.’”

E ne e se Baegepeta feela ba neng ba ikutloa ka tsela e joalo ka bophelo le lefu. Polelo ena e reng, “E-jang, le noeng ’me le thabe,” e tloaelehile haholo kajeno. Haeba ka mor’a lefu ho felile ke phetho, ke hobane’ng ha re sa thabele bophelo kahohle kamoo re ka khonang? Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ka matla ho etsa se nepahetseng? Haeba ha motho a shoele ho felile ka eena, hoa utloahala hore re phelele kajeno feela. Moapostola Pauluse o ile a bua se tšoanang. Ha a bua ka tsela eo batho ba sa lumeleng tsohong ba ikutloang ka eona, o ile a re: “Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa, ‘a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.’”—1 Bakorinthe 15:32.

Ke ’nete hore Pauluse o ne a sa lumele hore bafu ba tla lebaloa ka ho sa feleng. O ne a kholisehile hore bafu ba tla phela hape, ba e-na le tšepo ea hore ba ke ke ba hlola ba e-shoa. Kholiseho eo e ne e thehiloe ketsahalong ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng ’nete e ke keng ea latoloa—tsoho * ea Kreste Jesu. Ha e le hantle, tsoho eo e ne e le ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa e ileng ea matlafatsa tumelo ea barutuoa ba pele.

Leha ho le joalo, tsoho ea Jesu e bolela’ng ho rōna? Hona re tseba joang hore kannete e etsahetse? A re  ke re hlahlobeng hore na Pauluse o ile a beha mabaka joang tabeng ena ha a ne a ngolla Bakreste ba neng ba lula Korinthe.

HO NE HO TLA ETSAHALA’NG HAEBA KRESTE HA AA KA A TSOSOA?

Bakreste ba bang ba Korinthe ea boholo-holo ba ne ba ferekantsoe ke taba ena, ha e le ba bang bona ba ne ba sa lumele hore bafu ba ka hla ba tsosoa. Lengolong la hae la pele le eang ho Bakreste bao, moapostola o ile a hlalosa hore haeba tsoho e ne e se ntho ea sebele, seo se ne se tla bolela’ng. O ile a re: “Ka sebele, haeba ha ho na tsoho ea bafu, le Kreste ha aa tsosoa. Empa haeba Kreste ha aa tsosoa, ka sebele boboleli ba rōna ke lefeela, le tumelo ea rōna ke lefeela. Ho feta moo, hape re fumanoa re le lipaki tsa bohata tsa Molimo . . . Tumelo ea lōna ha e na thuso; le sa ntse le le libeng tsa lōna. . . . Hape, ba ileng ba robala lefung bonngoeng le Kreste ba ile ba timela.”—1 Bakorinthe 15:13-18.

“A bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe . . . Ka mor’a moo a bonahala ho Jakobo, ea ntan’o ba ho baapostola bohle; empa qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na.”—1 Bakorinthe 15:6-8

Pauluse o ile a qala ka polelo e ke keng ea latoloa: Haeba ha ho na tsoho ea bafu, le Kreste ea ileng a shoa, a ka be a sa ka a tsosoa. Haeba Kreste ha aa ka a tsosoa, seo se ne se tla bolela’ng? Se ne se tla bolela hore ho ne ho se na thuso hore ho boleloe litaba tse molemo, kaha e ne e tla be e le leshano le letala. Leha ho le joalo, ho tsosoa ha Kreste e ne e le oona motheo oa tumelo ea Bakreste ’me ho ke ke ha arohanngoa le lithuto tse ling tsa bohlokoa ka ho fetisisa ka Bibeleng tse mabapi le bobusi ba Molimo, lebitso la hae, ’Muso oa hae le kamoo a tla re pholosa kateng. Haeba tsoho ha ea ka ea etsahala, seo se ne se tla bolela hore molaetsa oo Pauluse le baapostola ba bang ba neng ba o phatlalatsa e ne e le oa lefeela, o se nang thuso.

Seo se ne se tla bolela lintho tse ling hape. Haeba Kreste ha aa ka a tsosoa bafung, tumelo ea Bokreste e ne e tla be e le ea lefeela, e se nang thuso ebile e thehiloe leshanong. Ho feta moo, seo se ne se tla bolela hore Pauluse le ba bang ba buile leshano, eseng feela ka tsoho ea Jesu empa hape le ka Jehova Molimo eo ba reng o tsositse Jesu. Hape, taba ea hore Kreste o ile a “shoela libe tsa rōna” e ne e tla be e le leshano—hobane haeba Mopholosi ka boeena ha aa ka a pholosoa lefung, o ne a ke ke a pholosa batho ba bang. (1 Bakorinthe 15:3) Seo se ne se tla bolela hore Bakreste ba shoeleng, bao ba bang ba bona e neng e le bashoela-tumelo, ba shoele ba e-na le tšepo ea lefeela ea hore ba tla tsosoa.

Pauluse o ile a fihlela qeto ena: “Haeba re tšepile Kreste bophelong bona feela, re ba haulang ka ho fetisisa ho batho bohle.” (1 Bakorinthe 15:19) Pauluse, joaloka Bakreste ba bang, o ile a lahleheloa ke lintho tse itseng, a hlorisoa, a mamella mathata, a ba a batla a bolaoa ka lebaka la hore o ne a lumela hore tsoho e teng ’me o ne a lumela le sohle seo e neng e tla se finyella. Lintho tseo tsohle e ne e tla ba lefeela haeba tsoho e ne e le leshano!

LEBAKA LA HORE U LUMELE

Pauluse ha aa ka a lumela hore seo Bakreste bao ba neng ba se lumela ke ’nete. O ne a tseba hore Jesu o ile a tsosoa bafung ’me o ile a bolella Bakorinthe bopaki ka bokhutšoaane, a re: “Hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo; le hore o ile a bonahala ho Kefase, ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli.” * Eaba Pauluse o phaella ka ho re: “Ka mor’a moo a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe, bao boholo ba bona ba setseng ho fihlela joale, empa ba bang ba robetse lefung. Ka mor’a moo a bonahala ho Jakobo, ea ntan’o ba ho baapostola bohle; empa qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na.”—1 Bakorinthe 15:3-8.

 Pauluse o ile a qala ka polelo e neng e bontša hore o ne a kholisehile ha a ne a re Kreste o ile a shoela libe tsa rōna, a patoa ’me a tsosoa. Ke eng e neng e etsa hore Pauluse a kholisehe hakaalo? Lebaka le leng e ne e le bopaki ba batho ba bangata ba boneng ka mahlo. Jesu ea neng a tsositsoe o ile a hlaha ho batho ka bomong (ho akarelletsa le ho Pauluse ka boeena), ho lihlopha tse nyenyane, haesita le ho letšoele la batho ba 500, bao ho se nang pelaelo ea hore ba bangata ba bona ba ne ba belaela ha ba utloa litaba tsa hore Jesu o tsositsoe! (Luka 24:1-11) Ba bangata ba lipaki tse boneng ka mahlo ba ne ba ntse ba phela mehleng ea Pauluse ’me ba ne ba ka botsoa e le hore ba netefatse seo ba se boneng. (1 Bakorinthe 15:6) Bopaki ba motho a le mong kapa ba babeli bo ka ’na ba se ke ba lumeloa empa ha ho na motho ea ka hanyetsang bopaki ba batho ba fetang ba 500 ba boneng ka mahlo.

Hape, hlokomela hore Pauluse o ile a bolela habeli hore lefu, lepato le tsoho ea Jesu li ne li le “ho ea ka Mangolo.” Liketsahalo tseo li ne li tiisa hore boprofeta bo Mangolong a Seheberu bo buang ka Mesia bo ile ba phethahala, e leng se neng se paka hore ka sebele Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng.

Ho sa tsotellehe bopaki ba batho ba boneng ka mahlo le ba Mangolo, ho ne ho ntse ho e-na le batho ba belaelang hore Jesu o ile a tsosoa ’me le hona joale ba ntse ba le teng. Ba bang ba bolela hore barutuoa ba hae ba ile ba utsoa setopo sa hae ’me hamorao ba bolela hore ke lipaki tsa hore o tsositsoe. Empa barutuoa ba ne ba se na tšusumetso e joalo kapa ’ona matla a ho hlōla balebeli ba Baroma ba neng ba eme monyako oa lebitla. Ba bang ba bolela hore seo batho ba neng ba bona eka ke tsoho e ne e le moritaoke feela. Taba ea hore Jesu ea tsositsoeng o ile a bonoa ke batho ba bangata ka linako tse fapaneng, ha e lumellane le seo. Hape, ho bontša hore taba eo e ne e se moritaoke feela, ha barutuoa ba ne ba le Galilea, Jesu o ile a ba phehela tlhapi a ba a ba ngoathela.  (Johanne 21:9-14) Jesu o ile a boela a re ba mo ame e leng se bontšang hore seo e ne e se moritaoke.—Luka 24:36-39.

Ho ntse ho le joalo, ba bang ba lumela hore taba ea tsoho ke leshano le iqapetsoeng ke barutuoa. Empa ba ne ba tla rua molemo ofe ka ho etsa joalo? Ho paka hore Jesu o tsositsoe ho ile ha etsa hore barutuoa ba songoe, ba hlorisoe le ho bolaoa. Ke hobane’ng ha ba ne ba ka beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la leshano feela? Ho feta moo, ba ile ba qala ho fana ka bopaki ba bona Jerusalema, ka pel’a bahanyetsi ba bona, ba neng ba batla monyetla leha e le ofe oa ho ba ahlola.

Tsoho ke eona ntho e neng e fa barutuoa sebete sa ho paka ka Morena oa bona ho sa tsotellehe ho hlorisoa ka mabifi. Tsoho ea bafu e ne e le karolo ea bohlokoa haholo tumelong ea Mokreste. Bakreste ba pele ha baa ka ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore feela ba pake ka mosuoe ea bohlale ea ileng a bolaoa. Ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba phatlalatse tsoho ea Jesu hobane e ne e paka hore e ne e le Kreste, Mora oa Molimo, motho ea matla, ea neng a ba tšehetsa le ho ba tataisa. Tsoho ea hae e ne e bolela hore le bona ba ne ba tla tsosoa bafung. Ka sebele, haeba Jesu ha aa ka a tsosoa, ho ka be ho se na Bokreste. Haeba Jesu ha aa ka a tsosoa, mohlomong re ka be re sa ka ra utloa le ho utloa ka eena.

Leha ho le joalo, tsoho ea Kreste e bolela’ng ho rōna kajeno?

^ ser. 5 Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tsoho,” ka ho toba le bolela “ho ema hape.” Le bolela hore batho ba tla khutlisetsoa bophelong, ba ntse ba shebahala kamoo ba neng ba shebahala kateng pele, ba e-na le botho ba bona ebile ba ntse ba e-na le mehopolo ea bona.

^ ser. 13 Ho re “ba leshome le metso e ’meli” ke tsela e ’ngoe ea ho re “baapostola,” le hoja ka mor’a lefu la Judase Iskariota ba ne ba le 11 feela. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a hlaha ho ba leshome feela, kaha Thomase o ne a le sieo, kahoo ba ne ba emela ba 12.—Johanne 20:24.