Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le Bolumeli Boo U ka bo Tšepang?

Na ho na le Bolumeli Boo U ka bo Tšepang?

Haeba u kile ua soetseha ka lebaka la bolumeli, ho ka ba thata ho tšepa bolumeli leha e le bofe. Empa kholiseha hore ho na le bolumeli boo u ka bo tšepang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bokella balateli ba tšepahalang ’me a ba ruta ho phela ka melao ea Molimo. Balateli ba ’nete ba Kreste—e leng batho ba elang hloko ho phela ka melao ea Bokreste—ba ntse ba le teng. U ka ba fumana hokae?

Estelle, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Qetellong ke ile ka ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha kea nka nako e telele hore ke utloisise Johanne 8:32, e reng: ‘Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.’”

Ray, eo le eena ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ha ke ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka ithuta hore hase Molimo ea bakelang batho mahlomola. Ke ile ka thaba haholo ha ke hlokomela hore le hoja Molimo a e-na le lebaka le utloahalang la hore a lumelle bokhopo hona joale, o tšepisa hore o tla bo felisa haufinyane.”

Ke ’nete hore ho thata ho etsa se nepahetseng lefatšeng lena le hlephileng boitšoarong. Empa hoa khoneha. Batho ba bangata ba lakatsa ho thusoa hore ba utloisise Bibele le ho phela ka melao ea eona. Ke kahoo Lipaki Tsa Jehova li ithutang Bibele mahala le batho ba limilione lefatšeng ka bophara. Beke le beke batho ba bangata ba ithuta seo ha e le hantle Bibele e se rutang ’me seo se etsa hore ba be le kamano e haufi le Mōpi oa bona le ho lula ba thabile. *

Ke’ng ha u sa botse Lipaki Tsa Jehova hore na ke hobane’ng ha li tšepa bolumeli ba tsona?

Lekhetlo le tlang ha u kopana le Lipaki Tsa Jehova, li botse hore na ke hobane’ng ha li tšepa bolumeli ba tsona. Hlahloba lithuto tsa tsona le hore na li phelela seo li se rutang ebe u iketsetsa qeto ea hore na ho na le bolumeli boo u ka bo tšepang.

^ ser. 5 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.