Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | JOSEFA

“Ka Kōpo, Mamelang Toro Ena”

“Ka Kōpo, Mamelang Toro Ena”

JOSEFA o ne a shebile ka bochabela ka tlholohelo, eka a ka tloha sehlopheng sa bahoebi ’me a baleha. Moo a neng a le teng, e ne e se hōle le habo e leng Hebrone e ka nģa’ne ho maralla. Ntate oa hae e leng Jakobo, o ne a se a tla itokisetsa ho robala a sa tsebe se hlahetseng mora oa hae ea ratoang. Empa Josefa o ne a sa khone ho ea ho eena, o ne a tseba hore a ka ’na a se ke a hlola a bona ntate oa hae. Bahoebi ba ne ba ntse ba sheba Josefa eaba ba khanna likamele tsa bona ka matla ha li kena tseleng e lebang ka boroa. Joale ba ne ba se ba rekile Josefa ’me ba mo lisitse ka thata. Mohlankana enoa o ne a tšoana le thepa ea bohlokoa joaloka oli e nkhang hamonate, e ba fang chelete e ngata ha ba e rekisa linaheng tse ka ntle ho Egepeta.

E ka ’na eaba Josefa o ne lilemo li ka bang 17. U se u ka inahanela a sesefalitse mahlo a shebile Leoatleng le Leholo ha letsatsi le ea malikelong a ntse a ipotsa hore na ho tlile joang hore a iphumane a le maqakabetsing a makaalo. O ne a sa lumele hore baholoane ba hae ba batlile ba mo bolaea ’me ba mo rekisitse hore e be lekhoba. E tlameha ebe ho ne ho le thata hore Josefa a thibe meokho. O ne a sa tsebe hore na ha le chaba ho tla etsahala’ng ka eena.

Le hoja Josefa e ile ea e-ba lekhoba, ha aa ka a felloa ke tumelo

Ho tlile joang hore Josefa a be maqakabetsing a makaalo? Hona re ka ithuta’ng tumelong ea mohlankana eo ba lelapa labo ba ileng ba mo hlasela ’me ba mo khesa?

KHŌLISO E BOIMA

Josefa o hōletse lelapeng le leholo empa le ne le sa thaba le bile le sa utloane. Tlaleho ea Bibele e buang ka lelapa la Jakobo e totobatsa mathata a tlisoang ke lenyalo la sethepu, e leng tloaelo e neng e metse ka metso har’a batho ba Molimo ho fihlela ha Mora oa hae a e felisa. (Matheu 19:4-6) Jakobo o ne a e-na le bana ba ka bang 14 ka basali ba hae ba babeli e leng Lea le Ragele hammoho le makhabunyane a bona, Zilpa le Bilha. Qalong, mosali ea neng a le pelong ea Jakobo e ne e le Ragele e motle. O ne a sa rate Lea hakaalo, e leng ausi oa Ragele eo a ileng a qhekelloa hore a mo nyale. Basali bana ba babeli ba ne ba hloeane haholo hoo le bana ba bona ba ileng ba hloeana.—Genese 29:16-35; 30:1, 8, 19, 20; 37:35.

 Kaha Ragele o qetile nako e telele a se na bana, Jakobo o ile a tšoara Josefa ka tsela e khethehileng hobane e ne e le ngoana oa botsofaling ba hae. Ka mohlala, ha lelapa la Jakobo le il’o kopana le Esau oa ’molai, Jakobo o ile a etsa bonnete ba hore Ragele le Josefa baa sireletseha ka hore ba be ka morao-rao. E tlameha e be Josefa ha aa ka a lebala letsatsi leo le mahlonoko. U se u ka inahanela hore na o ne a maketse hakaakang ha a bona ntate oa hae ea seng a hōlile empa a ntse a le matla a hlotsa. E tlameha ebe o ile a makala ha a utloa hore ntate oa hae o ne a hlotsa hobane a ne a loanne le lengeloi le matla bosiung bo fetileng. Ke hobane’ng ha a ile a loana le lona? Hobane Jakobo o ne a batla hore Jehova a mo hlohonolofatse. Jakobo o ile a hlohonolofatsoa ka hore a rehoe Iseraele. Sechaba sohle se ne se tla bitsoa ka eena! (Genese 32:22-31) Ka mor’a nako e itseng, Josefa o ile a hlokomela hore bara ba Jakobo kapa Iseraele e ne e tla ba bona lihlooho tsa meloko ea sechaba seo!

Hamorao Josefa e monyenyane o ile a tobana le tlokotsi ea ho shoeloa ke motho eo a mo ratang. ’Mè oa hae o ile a shoa ha a ne a beleha mor’abo, Benjamine. Ntate oa hae le eena o ile a utloa bohloko haholo. Ak’u nahane Jakobo ka qenehelo a hlakola meokho ea Josefa, a mo tšelisa ka tšepo e ileng ea tšelisa ntate-moholo oa hae e leng Abrahama. E tlameha ebe Josefa o ile a ameha maikutlo hakaakang ha a tseba hore ka letsatsi le leng Jehova o tla tsosa ’mè oa hae! E ka ’na eaba Josefa o ile a rata “Molimo oa ba phelang” le ho feta. (Luka 20:38; Baheberu 11:17-19) Ka mor’a lefu la Ragele, Jakobo o ’nile a rata bashanyana ba hae ba babeli bao a mo tsoaletseng bona.—Genese 35:18-20; 37:3; 44:27-29.

Bana ba bangata ba ne ba ka senngoa ke ho tšoaroa ka tsela e khethehileng joalo, empa Josefa o ile a ithuta litšobotsi tse ntle ho batsoali ba hae ’me a ba le tumelo e matla le tsebo ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ha a le lilemo li 17, e ne e le molisana, a thusa ba bang ba baholoane ba hae ’me a bona lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa. Na o ile a etsa taba eo pinyane moo a batlang hore ba mo rate? Ha ho joalo, kamehla o ne a etsa se nepahetseng. O ile a bolella ntate oa hae. (Genese 37:2) Mohlomong hore ebe Josefa o ile a ba le sebete sa ho etsa joalo, ho ile ha etsa hore Jakobo a hlomphe mora enoa oa hae ea ratoang. Oo ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa bacha ba Bakreste! Haeba u lekeha hore u pate sebe se tebileng, mohlomong sa ngoan’eno kapa motsoalle oa hao, e ka ba bohlale hore o etsise Josefa ’me u etse bonnete ba hore taba eo e tsejoa ke batho ba ka thusang mofosi.—Levitike 5:1.

Re ka boela ra ithuta ho hong bophelong ba lelapa labo Josefa. Le hoja kajeno Bakreste ba ’nete ba sa kene lenyalong la sethepu, har’a bona ho na le malapa a mangata a lenyalo la bobeli, ao ho ’ona batsoali ba tlang le bana bao ba bileng le bona lenyalong la pele. Lelapeng la Jakobo bohle ba ka ithuta hore leeme le khethollo li etsa hore lelapa le se ke la momahana. Batsoali ba bohlale ba malapa a lenyalo la bobeli ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho kholisa bana ba bona le bana ba motsoali e mong hore baa ratoa ebile ba na le makhabane a sa tšoaneng le hore e mong le e mong a ka tlatsetsa thabong ea lelapa.—Baroma 2:11.

MŌNA OA TŌTA

Jakobo o ne a rata Josefa hobane o ne a tšepahala a bile a lokile

Mohlomong kaha Josefa o ne a emela se nepahetseng ka sebete, Jakobo o ne a mo hlompha. O ile a mo etsetsa seaparo se khethehileng. (Genese 37:3) Ho ka etsahala hore ebe e ne e le seaparo se selelele, se mahalihali, seo ho ka etsahalang hore se ne se le matsoho a malelele ’me se koahela meomo. E ka ’na eaba e ne e le seaparo se neng se ka aparoa ke motho ea hlomphehang kapa khosana.

Ka sebele Jakobo o ne a e-na le maikutlo a matle, ’me e tlameha ebe Josefa o ile a thabela hore ebe ntate oa hae oa mo rata ebile oa mo hlompha. Empa seaparo seo se ne se tla mo bakela mathata a mangata. Ka mohlala, hopola hore moshanyana eo e ne e le molisana. Seo se ne se bolela hore o ne a sebetsa ka thata. Ak’u inahanele a se a apere seaparo sa borena a fohla joang bo bolelele, a hloa mafika, kapa a leka ho tšoasolla nku e lahlehileng e tšoasehileng meutloeng. Leha ho le joalo, ho hobe le ho feta ke hore na tsela eo Jakobo a ratang Josefa ka eona e ne e tla ama kamano ea Josefa le baholoane ba hae joang.

Bibele e re: “Ha barab’abo ba bona hore ntat’a bona o mo rata ho feta barab’abo bohle, ba qala ho mo hloea, ’me ba ne ba sa khone ho bua ka khotso le eena.” * (Genese 37:4) Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha ba ne ba le mōna, empa barab’abo Josefa ba ile ba hloka bohlale ka hore ebe ba ile ba inehela maikutlong ao a mabe. (Liproverbia 14:30; 27:4) Na u kile ua iphumana u jeoa ke mōna ha motho e mong a eloa hloko kapa a fuoa tlotla eo u e batlang? Hopola barab’abo Josefa. Mōna oa bona o ile oa ba susumelletsa ho etsa lintho tseo ba neng ba tla ikoahlaela tsona. Mohlala oa bona o hopotsa Bakreste hore ke bohlale ho ‘thaba le batho ba thabileng.’—Baroma 12:15.

Ka sebele Josefa o ile a lemoha hore barab’abo ba mo hloile. Kahoo na o ne a pata seaparo sa hae se mahalihali ha a e-na le barab’abo? E ka ’na eaba o ile a ba le maikutlo a joalo. Leha ho le joalo, hopola hore Jakobo o ne a batla hore seaparo sena e be pontšo ea hore o mo nka e le ea khethehileng ’me oa mo rata. Josefa o ne a batla ho phela ka tsela e tla etsa hore ntate oa hae a mo tšepe, kahoo o ne a lula a se apere. Mohlala oa hae ke oa bohlokoa ho rōna. Le hoja ho se mohla Ntate oa rōna ea leholimong a bang leeme, ka linako tse ling o bontša bahlanka  ba hae ba itseng mohau. Ho feta moo, o batla hore ba se ke ba tšoana le lefatše lena le bolileng. Feela joaloka seaparo sa Josefa se khethehileng, boitšoaro ba Bakreste ba ’nete bo ba khetholla bathong bao ba leng har’a bona. Ka linako tse ling boitšoaro bo joalo bo baka mōna le lehloeo. (1 Petrose 4:4) Na joale Mokreste o lokela ho pata hore ke mohlanka oa Molimo? Che, o lokela ho etsisa Josefa ea sa kang a pata seaparo sa hae.—Luka 11:33.

LITORO TSA JOSEFA

Ho e-s’o ee kae, Josefa o ile a lora litoro tse peli tse ikhethang. Torong ea pele, Josefa o ile a ipona a e-na le barab’abo, e mong le e mong a tlama ngata ea hae. Eaba mangata a barab’abo a pota-pota ngata ea hae e neng e eme tsoe! ’me a e inamela. Torong ea bobeli, letsatsi le khoeli le linaleli tse 11 li ne li inamela Josefa. (Genese 37:6, 7, 9) Josefa o ne a lokela ho etsa’ng ka litoro tsee tse makatsang le tse hlakileng?

Litoro tseo li ne li tsoa ho Jehova Molimo. E ne e le tsa boprofeta ’me Molimo o ne a batla hore Josefa a fetise molaetsa oa tsona. Ka mantsoe a mang, Josefa o ne a lokela ho etsa seo baprofeta bohle ba neng ba tla mo latela ba ileng ba se etsa ha ba bolella sechaba sa Molimo se khelohileng melaetsa le likahlolo tsa Hae.

Ka bohlale Josefa o ile a re ho barab’abo: “Ka kōpo, mamelang toro ena eo ke e lorileng.” Barab’abo ba ile ba utloisisa toro ea hae empa ha baa ka ba e rata. Ba ile ba re: “Na ka sebele u tla ba morena oa rōna? kapa, Na ka sebele u tla re laola?” Ha tlaleho ena e tsoela pele e re: “Kahoo ba fumana lebaka le lecha la ho mo hloea ka lebaka la litoro tsa hae le ka lebaka la mantsoe a hae.” Ha Josefa a phetela ntat’ae le barab’abo toro ea bobeli, ba ile ba etsa se tšoanang. Tlaleho e re: “Ntat’ae a qala ho mo khalemela ka matla a re ho eena: ‘Toro ena eo u e lorileng e bolela’ng? Na ’na le ’m’ao le barab’eno ka sebele re tla tla ’me re iname ka pel’a hao?’” Leha ho le joalo, Jakobo o ile a nahana ka taba eo ’me a ipotsa hore na ebe Jehova o bua le bona a sebelisa moshanyana eo.—Genese 37:6, 8, 10, 11.

Josefa hase eena feela mohlanka oa Jehova ea ileng a kōptjoa hore a fetise molaetsa oa boprofeta o sa tloaelehang le o etsang hore a hlorisoe. Jesu ke eena mophatlalatsi e moholo ka ho fetisisa oa melaetsa e joalo, ’me o ile a re ho balateli ba hae: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Johanne 15:20) Bakreste ba lilemo tsohle ba ka ithuta lintho tse ngata tseleng eo Josefa a neng a le sebete a bile a e-na le tumelo ka eona.

LEHLOEO LE JA SETSI

Nakoana ka mor’a moo, Jakobo o ile a roma Josefa. Bara ba hae ba baholo ba ne ba alositse mehlape nģ’a leboea pel’a Shikeme ’me ba ne ba sa tsoa senya maqhama le batho ba moo. Ho hlakile hore Jakobo o ne a amehile ka bona, kahoo a romela Josefa ho ea ba hloela. U se u ka inahanela hore na Josefa o ne a ikutloa joang. O ne a tseba hore barab’abo ha ba batle le ho mo bona! Ba ne ba tla ikutloa joang ha a fihla a ronngoe ke ntat’a bona? Leha ho le joalo, Josefa o ile a mamela ’me a ea.—Genese 34:25-30; 37:12-14.

Ho ne ho le hōle—e le leeto la matsatsi a mane kapa a mahlano ka maoto. Shikeme e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 80 ka leboea ho Hebrone. Empa ha Josefa a le Shikeme, o ile a utloa hore barab’abo ba se ba le Dothane, e bohōle ba lik’hilomithara tse 22 ka nģ’a leboea. Ha Josefa a atamela Dothane, barab’abo ba ile ba mo bona. Hang-hang lehloeo la bona la tōta. Bibele e re: “Ba buisana ba re: ‘Bonang! Molori eane ke eo a tla. Joale tloong re mo bolaeeng ’me re mo lahlele ho se seng sa likoti tsa metsi; re tla re sebata se bohale se mo harotse. Joale re bone hore na ho tla etsahala’ng ka litoro tsa hae.’” Leha ho le joalo, Rubene o ile a phehella barab’abo hore ba mo lahlele Josefa ka sekoting a ntse a phela, a tšepile hore hamorao o tla mo lopolla.—Genese 37:19-22.

Josefa o ile a tla ho bona a sa ba belaelle, a nahana hore ba tla mo thabela. Leha ho le joalo, barab’abo ba ile ba mo hlasela! Ka mabifi ba mo hlobolisa seaparo sa hae se khethehileng, ba mo hulanyetsa sekoting se ommeng ’me ba mo lihela ka har’a sona. Eaba Josefa o oela tlaase ka har’a sona! Ha a hlaphoheloa o ile a leka ho ema, empa o ne a ke ke a khona ho intša ka sekoting seo. O ne a bona leholimo feela ’me a utloela mantsoe a barab’abo tlaase. O ile a ba hoeletsa, a ba kōpa ka tieo, empa ba iphapanyetsa eena. Ka bokhopo ba ile ba jella haufi le moo. Ha Rubene a le sieo, ba ile ba boela ba nahana ho mo bolaea, empa Juda o ile a ba phehella hore ba mo rekisetse bahoebi ba fetang ka tsela. Dothane e ne e le haufi le tsela eo bahoebi ba eang Egepeta ba tsamaeang ka eona, ’me ho e-s’o ee kae, sehlopha sa bahoebi ba Baishmaele le Bamidiane se ile sa feta. Pele Rubene a khutla, ba ne ba se ba mo rekisitse. Ba ne ba mo rekisitse bokhobeng ka lishekele tse 20 feela. *Genese 37:23-28; 42:21.

Barab’abo Josefa ba ne ba mo hloile hobane o ne a rata se nepahetseng

Kahoo re khutlela ntlheng eo re qalileng ka eona. Ha Josefa a tsamaea a lebile nģ’a boroa Egepeta, ho ne ho bonahala eka bophelo ba hae bo felile. O ne a arohane le lelapa labo! O ne a tla nka lilemo a sa tsebe letho ka lelapa labo—a sa tsebe letho ka bohloko boo Rubene a neng a bo utloile ha a khutla a fumana a le sieo; a sa tsebe letho ka mesarelo ea Jakobo ha a thetsoa ’me a lumela hore mora oa hae ea ratoang Josefa o shoele; a sa tsebe letho ka ntat’ae moholo Isaka, ea neng a ntse a phela ka nako eo; a sa tsebe letho ka mor’abo Benjamine, eo a neng a tla mo hloloheloa haholo. Empa na Josefa o ne a hlile a lahlehetsoe ke sohle?—Genese 37:29-35.

Josefa o ne a ntse a e-na le tumelo e leng seo barab’abo ba neng ba ke ke ba mo amoha sona. Ho furalla lehae labo, mathata a ho ba botlamuoeng naheng e hōle ea Egepeta, esita le ho hobosoa ka ho rekisoa bokhobeng ho Moegepeta ea ruileng ea bitsoang Potifaro ho ne ho ke ke ha mo lebatsa lintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova Molimo. (Genese 37:36) Mathata ao a ile a matlafatsa tumelo le boikemisetso ba Josefa ba ho ba haufi le Molimo oa hae. Lihloohong tse latelang, re tla bona hore na ke joang tumelo e ileng ea etsa hore Josefa a sebelisoe ke Molimo oa hae Jehova, ’me a ruise lelapa labo le mahlomoleng molemo. Ka sebele ke bohlale ho etsisa tumelo ea Josefa.

^ ser. 15 Babatlisisi ba bang ba nahana hore barab’abo Josefa ba ne ba nka hore mpho eo ntate oa bona a mo fileng eona ke bopaki ba hore o batla ho mo fa tokelo ea ho ba letsibolo. Ba ne ba tseba hore Josefa ke letsibolo la mosali eo ntate oa bona a mo ratang—eo a neng a rerile ho mo nyala pele. Ho feta moo, mora oa Jakobo oa letsibolo e leng Rubene o ile a robala le serethe sa ntat’ae, a mo tlotlolla ’me kahoo a lahleheloa ke tokelo ea hae ea ho ba letsibolo.—Genese 35:22; 49:3, 4.

^ ser. 25 Bibele e tlaleha taba ena ka ho nepahala. Litokomane tsa nakong eo li bontša hore makhoba a ne a rekoa ka lishekele tse 20 Egepeta.