Phetolelo ea Bibele ea Sesyria e re Thusa ho Tseba ho Eketsehileng ka Histori ea Phetolelo ea Bibele
Ka 1892, basali ba mafahla e leng Agnes Smith Lewis le Margaret Dunlop Gibson ba a ile ba nka leeto la matsatsi a robong ka kamele ba haola lehoatateng ba ea ntlong ea baitlami ea St. Catherine e mosikong oa Thaba ea Sinai. Ke hobane’ng ha basali baa ba lilemo li habileng 50 ba ile ba nka leeto leo nakong eo ho neng ho le kotsi hakaalo ho eta Linaheng tsa Bochabela? Karabo ea potso eo e ka etsa hore u be le tumelo e tiileng ea hore Bibele e nepahetse.
PELE Jesu a khutlela leholimong o ile a laela barutuoa ba hae hore e be lipaki tsa hae “Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ba ile ba etsa seo ka cheseho le sebete. Leha ho le joalo, tšebeletso ea bona e ile ea tsosa khanyetso e matla, e ileng ea fella ka hore Setefane a shoele tumelo. Barutuoa ba Jesu ba bangata ba ile ba balehela Antioke, Syria, e leng o mong oa metse ea ’Muso oa Roma e meholo ka ho fetisisa, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 550 ka leboea ho Jerusalema.—Liketso 11:19.
Ha barutuoa ba le Antioke, ba ile ba tsoela pele ho bolela “litaba tse molemo” tse mabapi le Jesu, ’me batho ba bangata bao e seng Bajuda e ile ea e-ba balumeli. (Liketso 11:20, 21) Le hoja batho ba bangata ba Antioke ba ne ba bua Segerike, ba lulang mathōkong a eona ba ne ba bua Sesyria.
LITABA TSE MOLEMO LI FETOLELOA KA SESYRIA
Ha palo ea Bakreste ba buang Sesyria e ntse eketseha lilemong tsa bo-100, ho ile ha hlokahala hore litaba tse molemo li fetoleloe ka puo ea bona. Kahoo, ho bonahala hore Sesyria, ke eona puo ea pele eo Mangolo a Segerike a Bakreste a ileng a fetoleloa ka eona eseng Selatine.
Hoo e ka bang ka 170 C.E., Mongoli oa Mosyria Tatian (ea phetseng hoo e ka bang ka 120-173 C.E.) o ile a kopanya Likosepele tse ’nè ka Segerike kapa Sesyria, a etsa buka eo ka tloaelo e bitsoang Diatessaron, e leng lentsoe la Segerike le bolelang “likosepeleng tse ’nè.” Hamorao, Ephraem oa Mosyria (ea phetseng ka 310-373 C.E.) o ile a ngola buka e hlalosang Diatessaron, ’me seo se tiisa hore e ne e sebelisoa ke Bakreste ba bangata ba Basyria.
Kajeno re rata ho tseba haholo ka Diatessaron. Hobane’ng? Lilemong tsa bo-1800, litsebi tse ling li ile tsa re Likosepele li ngotsoe hoo e ka bang ka 130 C.E. ho isa ho 170 C.E., ’me hase litlaleho tse ka tšeptjoang tsa bophelo ba Jesu. Leha ho le joalo, Diatessaron e ngotsoeng ka letsoho e fumanoeng ho tloha ka nako eo li bontšitse hore Kosepele ea Matheu, Mareka, Luka le Johanne li ne li se ntse li baloa lilemong tsa bo-150. Ka lebaka leo, e tlameha ebe li ngotsoe pejana. Ho phaella moo, kaha ha Tatian a ngola Diatessaron, ha aa ka a sebelisa seo ho thoe’ng ke likosepele tsa neano, ka tsela eo a entseng Likosepeleng tse ’nè, ho hlakile hore ho ne ho sa nkoe hore likosepele tsa neano lia tšepahala.
Qalong ea lilemo tsa bo-400, batho ba bangata ba Mesopotamia e ka leboea ba ne ba sebelisa Bibele ea Sesyria. Ho ka etsahala hore Bibele ena e ngotsoeng lilemong tsa bo-100 kapa bo-200 e ne e e-na le mangolo ’ohle ntle le Petrose oa Bobeli, Johanne oa Bobeli le oa Boraro, Juda le Tšenolo. E tsejoa e le Peshitta, e bolelang hore “e Bonolo” kapa “e Hlakile.” Peshitta ke e ’ngoe ea Libibele tsa khale le tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse pakang hore ke khale batho ba e-na le Bibele.
Hoa thahasellisa hore Bibeleng e ’ngoe ea Peshitta e ngotsoeng ka letsoho ho bontšitsoe hore e ngotsoe ka 459/460 C.E., ’me seo se etsa hore e be eona Bibele ea khale ka ho fetisisa e nang le letsatsi leo e ngotsoeng ka lona. Hoo e ka bang ka 508 C.E., Peshitta e ile ea nchafatsoa ’me ea akarelletsa libuka tse hlano tseo e neng e se na tsona. E ile ea tsejoa e le Philoxenian Version.
HO FUMANOA LIBUKA TSE LING TSA SESYRIA
Mangolo a Segerike a Bakreste a neng a fumaneha lilemong tsa bo-1800 ke a ngotsoeng lilemong tsa bo-1400 kapa lilemo tse ngata ka mor’a moo. Ka lebaka leo, litsebi tsa Bibele li ne li thahasella ka tsela e khethehileng liphetolelo tse kang Vulgate ea Selatine le Peshitta ea Sesyria. Ka nako eo, ba bang ba ne ba lumela hore Peshitta e bile teng ha ho ne ho ntlafatsoa phetolelo ea Sesyria ea khale. Empa ha ho na motho ea neng a e tseba. Kaha Bibele ea Sesyria e ngotsoe lilemong tsa bo-100, e ne e tla thusa litsebi tsa Bibele ho utloisisa Bibele li sa tloha feela, ’me ka sebele li ne li tla e nka e le ea bohlokoa! Na ho kile ha e-ba le phetolelo ea khale ea Sesyria? Na ho na le moo e ka fumanoang teng?
Ka sebele ho joalo! Ha e le hantle, libuka tseo tsa bohlokoa tsa Sesyria tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa fumanoa. Ea pele ke ea lilemong tsa bo-400. E ne e le e ’ngoe ea libuka tse ngata tsa Sesyria tse bolokiloeng Musiamong oa Brithani ka 1842 tse tsoang ntlong ea baitlami e Lehoatateng la Nitria, Egepeta. E ne e bitsoa Curetonian ea Sesyria kaha e fumanoe ke William Cureton, e leng mothusi oa mohlokomeli oa libuka tse ngotsoeng ka letsoho musiamong oo. Buka ena ea bohlokoa e na le Likosepele tse ’nè ho qala ka Matheu, ho latele Mareka le Johanne ’me e qetella ka Luka.
Buka ea bobeli e ntseng e le teng ho tla fihlela kajeno ke Sinaitic ea Sesyria. Ho lumeloa hore e fumanoe ke mafahla a sebete ao ho buuoeng ka ’ona qalong ea sehlooho sena. Le hoja Agnes a ne a se na lengolo la univesithi, o ile a ithuta lipuo tse robeli tsa linaha tse ling ’me e ’ngoe ea tsona ke Sesyria. Ka 1892, Agnes o ile a fumana ntho e ’ngoe e hlollang ntlong ea baitlami ea St. Catherine e Egepeta.
Ha a le moo, o ile a fumana buka e ngotsoeng ka letsoho ea Sesyria ka otoropong. O re, “e ne e sa shebahale hantle, hobane e ne e le litšila, ’me boholo ba maqephe a eona a ne a khomarelane kaha [ho fetile lilemo tse makholo] a sa phetloe.” Litaba tse neng li ngotsoe bukeng eo li ile tsa hlakoloa ’me ha ngoloa litaba tsa baitlami ba basali ka Sesyria. Leha ho le joalo, Agnes o ile a khona ho bona mongolo o hlakotsoeng oa mantsoe “a Matheu, Mareka,” kapa “a Luka.” O ne a tšoere codex e feletseng ea Likosepele tse ’nè tsa Sesyria! Hona joale litsebi li lumela hore codex ena e ngotsoe ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-300.
Sinaitic ea Sesyria, le Codex Sinaiticus le Codex Vaticanus tsa Segerike li nkoa e le tse ling tsa libuka tsa Bibele tsa bohlokoa tse ngotsoeng ka letsoho tse ileng tsa fumanoa. Hona joale batho ba bangata ba lumela hore libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Curetonian le Sinaitic li tšoana hantle le Likosepele tsa boholo-holo tsa Sesyria tsa ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-100 kapa mathoasong a lilemo tsa bo-200.
“LENTSOE LA MOLIMO OA RŌNA LE TLA TŠOARELLA HO ISA NAKONG E SA LEKANYETSOANG”
Na kajeno liithuti tsa Bibele li ka rua molemo libukeng tsee tse ngotsoeng ka letsoho? Ka sebele ho joalo! Nka ka mohlala seo ho thoe’ng ke sephetho se selelele sa Kosepele ea Mareka, eo Libibeleng tse ling e tlang ka mor’a Mareka 16:8. E hlaha ho Codex Alexandrinus ea Segerike ea lilemong tsa bo-400, Vulgate ea Selatine le ho tse ling. Leha ho le joalo, Codex Sinaiticus le Codex Vaticanus tsa Segerike tse ngotsoeng lilemong tsa bo-300, ka bobeli li fella ho Mareka 16:8. Sinaitic ea Sesyria le eona ha e na sephetho sena se selelele, e leng ntlha e ’ngoe e bontšang hore sephetho se selelele se kenyelelitsoe hamorao ebile ha sea ka sa tloha e le karolo ea Kosepele ea Mareka.
Nahana ka mohlala o mong. Lilemong tsa bo-1800, hoo e ka bang Liphetolelo tsohle tsa Bibele li ne li e-na le mantsoe a ikenyelitsoeng ho 1 Johanne 5:7 a tšehetsang thuto ea Boraro-bo-bong. Leha ho le joalo, mantsoe ana ha a hlahe libukeng tsa khale tsa Segerike tse ngotsoeng ka letsoho. Ebile ha a hlahe ka har’a Peshitta, kahoo, sena se bontša hore mantsoe a ekelitsoeng ho 1 Johanne 5:7 ka sebele a silafatsa Bibele.
Ho hlakile hore Jehova Molimo o sirelelitse Lentsoe la Hae le Halalelang. Le re tiisetsa sena: “Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 40:8; 1 Petrose 1:25) Phetolelo ea Bibele ea Peshitta e phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea hore molaetsa oa Bibele o fetisoe ka ho nepahala.