SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA BA MOTSOALLE OA MOLIMO
Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea Bophelo
U ka etsa’ng hore u be motsoalle oa Molimo? Re se re buile ka mehato e latelang eo u ka e nkang hore u be motsoalle oa hae:
-
Tseba lebitso la Molimo e leng Jehova, ’me u le sebelise.
-
Buisana le eena letsatsi le letsatsi ka thapelo le ka ho bala Lentsoe la hae Bibele.
-
Ikitlaelletse ho khahlisa Jehova.
Ha u nahana ka mehato ee, na u ka re u se u ntse u etsa lintho tse hlokahalang hore u be motsoalle oa Molimo? Na ho na le moo u bonang eka u ka ntlafatsa? Ho hlakile hore u lokela ho ikitlaetsa, empa meputso ea seo e mengata.
Jennifer, oa United States o re: “Hoa putsa ho ikitlaelletsa ho ba le kamano e ntle le Molimo. Ho ba le kamano le Molimo ho tlisa melemo e mengata e kang, ho mo tšepa haholoanyane, ho utloisisa botho ba hae ’me ka holimo ho tsohle, ho mo rata haholoanyane. Ke eona ntho e etsang hore ke thabele bophelo ka ho fetisisa!”
Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho ba le kamano e haufi le Molimo. Ba ka ithuta Bibele le uena ba sa u lefise. Hape u ka ea libokeng tsa bona tse sebakeng sa heno, moo u tla kopana le batho ba thabelang ho ba le kamano le Molimo. * Ha u etsa joalo, le uena u tla ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.”—Pesaleme ea 73:28.
^ ser. 9 Ho kōpa thuto ea Bibele kapa hore u tsebe hore na Lipaki tsa sebakeng sa heno li kenela hokae, re kōpa u botse motho ea u fileng makasine ena kapa u kene Websaeteng ea rōna e leng www.mt1130.com/st ’me u kene tlas’a karolo e reng IKOPANYE LE RŌNA ho elella botlaaseng ba leqephe.